2023
Jesu O Tsosa Lazaru Bafung
´Mesa 2023


“Jesu O Tsosa Lazaru Bafung” Motsoalle, ´Mesa. 2023, 46–47.

Molaetsa oa Khoeli le Khoeli oa Motsoalle ´Mesa 2023

Jesu O Tsosa Lazaru Bafung

Setśoantśo
Jesu o lutse le Maria, Maretha, le Lazaru

Lits´oants´o ka Apryl Stott

Maria le Maretha ba ne ba na le khaitseli ea bitsoang Lazaru. E ne ele metsoalle ea Jesu Kreste.

Setśoantśo
Jesu o aka Maria Le Maretha

Lazaru o ile a kula haholo. Kapele a shoa. Maria Le Maretha ba ile ba sareloa. Ha Jesu a fihla, O ile a lla le bona.

Setśoantśo
Jesu o eme lebitleng la Lazaru.

Eaba Jesu o ea le bona lebitleng la Lazaru. A re, “Lazaru, tsoha.”

Setśoantśo
Jesu o ile a thusa Lazaru ho tsoa kahar´a lebitla.

Lazaru a ema a tsoa kahar´a lebitla. O ne a phela hape! Ka lebaka la Morena Jesu, bohle re tla phela hape!

Leqephe La Ho Taka

Jesu Kreste Oa Phela

Setśoantśo
Leqephe la ho taka la ngoana ea monyenyane ea ts´oereng sets´oants´o sa Morena Jesu

Setśoantśo ka Apryl Stott

U hopola Morena Jesu joang ka nako ea Paseka?

Hatisa