Motsoalle
Bahlabani ba Bacha
Phato 2024


“Bahlabani ba Bacha,” Motsoalle, Phato 2024, 26–27.

Molaetsa oa Khoeli Motsoalle Phato 2024

Bahlabani ba Bacha

Setśoantśo
Batho ba epela libetsa tsa bona ka mokoting

Lits´oants´o ka Andrew Bosley

Batho bao Ammone le baena ba hae ba neng ba ba ruta ba ne ba batla ho latela Jesu Kreste. Ba ile ba epela libetsa tsa bona ′me ba ts′episa Molimo hore ba ke ke ba hlotse ba loana.

Setśoantśo
Sehlopha sa bahlankana se atamela ntlo eo ho eona batho ba baholo ba ntseng ba qoqa.

Empa kapele ba ne ba lokela ho sireletsa malapa a bona. Bo-ntate ba neng ba epetse libetsa tsa bona ba ne ba sa batle ho roba ts′episo ea bona le Molimo. Kahoo bara ba bona ba ile ba itokisetsa ho loana sebakeng sa bona. Ba ne ba bitsoa bahlabani ba bacha ba likete tse peli. Mocha ho bolela “e monyenyane.”

Setśoantśo
Mohlankana o rapela le ′m′e oa hae ha bahlankana ba bang ba phuthehile ka libetsa

Bahlabani ba bacha ba ne ba e-s′o ka ba loana ntoeng pele. Empa bo-mme ba bona ba ile ba ba thusa ho ba lokisetsa ′me ba ba ruta ho ts′epa Molimo.

Setśoantśo
Helamene a eteletse pele bacha ba bahlabani mohoantong; mohlankana o thusa mohlankana e mong ea lemetseng ho tsamaea.

Ba khethile Helamene ho ba moetapele oa bona. Ba ne ba le sebete, ′me Molimo o ile a ba thusa. Kaofela ba ne ba utloile bohloko, empa ba thusana. Molimo o ile a hlompha tumelo ea bona, ′me kaofela ba ile ba phela!

Leqephe la ho Taka

Mangolo a Halalelang a ka Nthusa Letsatsi le Letsatsi.

Setśoantśo
Leqephe la ho taka la lits´oant´so tsa Buka ea Mormone tse tsoang maqepheng a buka e butsoeng

Lits´oants´o ka Adam Koford

U rata pale efe ea mangolo a halalelang?

Hatisa