2021
Ketla tseba joang hore ke utloa lentsoe la Morena bophelong baka?
Hlakola 2021


“Ketla tseba joang hore ke utloa lentsoe la Morena bophelong baka?” Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha, Hlakola 2021 29,

Molaetsa oa khoeli Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha Hlakola 2021

Ketla tseba joang hore ke utloa lentsoe la Morena bophelong baka?

Setśoantśo
Mohlankana o bala mangolo a halalelang

Mookameli Russell M. Nelson o re memile ho nahana ka botebo ’me hangata ka mokhoa oo re ka utloang Jesu Kreste le ho nka mehato ho mo utloa betere le ha ngata (“‘How Do You #HearHim?’ Memo e khethehileng ” Hlakola 26, 2020 blog.ChurchofJesusChrist.org).

Re ka mo utloa ka mangolo a halalelang le ka mantsoe a baporofeta. Empa taba ea bohlokoa ha se feela ho utloa le ho bala mantsoe ao. Ka Moporofeta Joseph Smith, Morena o hlalositse:

“Ke lentsoe la ka le buang [mantsoe ana] ho lona;hobane a fanoe ka Moea oaka ho lona°… ;

Ka baka leo, le ka pakahatsa hore le utloile lentsoe la ka” (Melao ea Thuto le Lilekane 18:35–36).

Ho feta moo, ho batla ho mo utloa hase ntho eo re e hoholang feela. Mookameli Nelson o boletse hore,“ Ho nka boiteko bo hlokolosi le ho se feto-fetohe” (“Hear Him,” ´Mesa. 2020 Seboka Se Akaretsang [Ensign kapa Liahona, Motśeanong 2020, 89]).

Ha u ithuta, u rapela, u rorisa, u sebeletsa, u hlompha litaelo tsa Morena, O tla u hlohonolofatsa ka Moea oa hae, ´me ka Topollo ea Jesu Kreste o tla u fetola. Joale O ka tseba hore u utloile lentsoe la Hae.

Hatisa