2022
Tśotleho ea Mopholosi
´Mesa 2022


“Tśotleho ea Mopholosi,” Bakeng sa Matlafatso ea Bacha, ´Mesa. 2022.

Khoeli le khoeli Bakeng sa Matlafatso ea Bacha Molaetsa, ´Mesa 2022

Tśotleho ea Mopholosi

Makholokholo a lilemo pele Jesu Kreste a tla, Esaia o ile e bontśoa Tśotleho ea Hae ka lebaka la libe tsa rona.

o nyatsitsoe le ho furalloa

Setśoantśo
Matsoho a Jesu Kreste a tlanngoe

Ha Jesu Kreste a tla lefatśeng batho ba bang ba ile ba Mo kholoa, empa bongata ba bona ha ba ka ba mo kholoa. Ba bang ebile ba ile ba Mo khella lefatśe, ´me ba bangata ba Mo hloea. Qetellong, batho ba khethile ho Mo hlokofatsa le ho mo bolaea. (Bona 1 Nefi 19:9.)

O ipelesitse mahloko a rona

Setśoantśo
Jesu Kreste o khumama Gethesemane

Jesu Kreste O nka boitlamo ba ho jara bohloko bohle ba rona, bokuli, le ho fokola. O entse sena hore A be le mohau holim´a rona le ho tseba hore a re thuse joang. (Bona Alma 7:11–13.)

O ile a hlokofatsoa ka lebaka la litlolo tsa rona

Setśoantśo
Jesu Kreste sefapanong

Jesu Kreste o sotliloe ka lebaka la libe tsa rona. O entse sena hore re tsebe ho tśoareloa ha re sokoloha. (Bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 18:11; 19:15–19.)

ka metopa ea hae rea folisoa

Setśoantśo
batho ba utloa letsoho la Jesu Kreste ea tsohileng bafung

“Metopa ea Hae” ke maqeba a Hae. Sena se emetse tśotlo eohle eo A e fuoeng bakeng sa rona, ho kenyeletsa ho tśolloa ha mali a Hae le Lefu la hae. Hobane Jesu Kreste o sotlehile bakeng sa rona, re ka phethahatsoa hape. Sehlabelo sa hae se etsa hore libe tsa rona li tśoareloe. Ha re sokoloha le ho leka ho boloka lilekane tsa rona, O oa re folisa le ho re fetola. (See Mosiaea 3:7–11; Lintlha tsa Tumelo 1:3.)

Hatisa