2023
Matsatsi a Supileng a ho Arorelana
Phupu 2023


“Matsatsi a Supileng a Ho Arorelana,” Bakeng sa Matlafalo ea Bacha, Phupu 2023.

Molaetsa oa Khoeli Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha Molaetsa, Phupu 2023

Matsatsi a Supileng A ho Arorelana

U ka arolelana ka litsela tse tloaelehileng tsa tlhaho. Na u ka leka qholotso ee?

Ha re bua ka ho arolelana bopaki ba rona, ha ngata re nahana ka ho beha bopaki ba rona ka nako ea kopano ea selallo kapa boemong bo bong ba semmuso. Empa re khothalelitsoe ho “sheba menyetla ea ho bua ka tumelo ea rona ka litsela tsa tlholeho le tse tloaelehileng”1

Qholotsong ea matsatsi a supileng e ka tlase, u ka arolelana bopaki ba hau ka tsela e fapaneng letsatsi ka leng nakong ea beke. U ka etsa lintho tsena ka tatellano efe kapa efe, kapa u ka ba ua tla ka mehopolo ea hau e meng! Na u ka leka qholotso ee?

Setśoantśo
ntlo ea phutheho

Lits´oants´o ka Emily Davis

Letsatsi la 1: Kereke

Nahana ka ho fana ka bopaki kopanong ea boitimo le bopaki kerekeng haeba e le ntho eo u phuthulohang ho e etsa. Haeba ha ho joalo, u ka arolelana bopaki ba hau kerekeng ka ho nka karolo ka lihlopheng tsa Sontaha le ka seminari. Maikutlo ao u a hlahisang moo a ka phahamisa ba bang le ho tiisa bopaki ba bona hammoho le ba hau.

Setśoantśo
Metsoalle

Letsatsi la 2: Metsoalle

Ke eng eo u ithutileng eona kerekeng ka Sontaha? Na u ratile seo e mong a arolelaneng ka sona ha a fana ka puo ka nako ea kopano ea selallo kapa puisanong ea sehlopha sa hau? Mohlomong pina e bulang ke e ´ngoe ea tseo u li ratang. Bolella motsoalle ka eona! Ebe u botsa ka mafelo a beke a bona.

Setśoantśo
Mohala oa letsoho o nang le marangrang a sechaba

Letsatsi la 3: Marangrang a Sechaba

Marangrang a sechaba ke sebaka se setle sa ho arolelana lintho tsa semoea ka tloaelo le ka mokhoa oa tlholeho. Bakeng sa qholotso ea letsatsi lena, nahana ka ho arolelana poso ka:

  • E ´ngoe ea li temana tseo u li ratang tsa mangolo a halalelang.

  • Qotsulo e khothatsang ho tsoa sebokeng se akaretsang.

  • Mohopolo oa semoea kapa boiphihlelo.

  • Seo u se ratang ebile u se ananela ka Mopholosi.

  • Ka tsela eo a u thusitseng haufinyane kapa boleng beo u bo ratang ka Eena ´me hobaneng.

Setśoantśo
Mohala oa letsoho o nang le molumo o hatisitsoeng le mongolo.

Letsatsi la 4: Mongolo kapa Molumo o Hatisitsoeng.

Romella molaetsa o khothatsang ho motsoalle ka mongolo kapa molumo o hatisitsoeng. U ka arolelana puo ea seboka se akaretsang eo u nahanang ba ka e rata, u ba bolelle se seng seo u se thabelang ka bona, kapa u arolelane ka tumelo ea hau ho Jesu Kreste. Mohlala, ba ka hloka ho tseba ka lerato la Ntate ea Maholimong bakeng sa bona. U ka ba bolella ka mehla ka bo uena hape!

Setśoantśo
Moroetsana ka baluni e sebopeho sa pelo

Letsatsi la 5: Bosebeletsi

U ka ipotsa na ho sebeletsa ba bang e kaba tsela ea ho arolelana bopaki ba hau joang. Moapostola Pauluse o ile a bolella Timothea “Uena eba mohlala oa balumeli, oa lentsoe, oa lipolelo, oa lerato, oa moea, tumelong, bohloeking” (1 Timothea 4:12). Joale u ka bonts´a bolumeli ka mohlala ka ho sebeletsa ba bang joaloka ha Mopholosi a ne a ka ba sebeletsa.

Setśoantśo
lisebelisoa tsa botaki

Letsatsi la 6: Botaki

Ka nako e ´ngoe batho ba sebelisa botaki e le tsela e fapaneng ea ho arolelana menahano le maikutlo a bona. U ka sebelisa lits´oants´o, lits´oants´o tse betliloeng,´mino, kapa mofuta o mong feela oa botaki ho arolelana ka moo u ikutloang ka teng ka Jesu Kreste le evangeli ea hae.

Setśoantśo
bacha baa bua

Letsatsi la 7: Lipuisano Tse Iketlileng

Se ke oa ts´aba ho bolela bolumeli ba haumaemong a boiketlo, feela joalo ka ha u ne u ka arolelana menahano e meng eo u nang le eona ka sehloho se fanoeng.

Ehlile u ka bua ka liketsahalo tsa Kereke kapa lengolo leo u le balileng haufinyane, empa hape e ka ba puisano e iketlileng le ho feta moo. Mohlala:

  • Haeba u susumetsoa ke tlholeho,bonts´a kananelo ea hau ho popo ea Molimo ho motho e mong.

  • Mohlomong u bile le ketsahalo ea semoea haufinyane. Bolella motsoalle ka eona haeba ha e botho haholo.

  • Fumana lipapiso tsa evangeli ka bukeng kapa filimi eo u e ratang,´me u arolelane litaba tsa teng.

E Tloaelehileng ea Tlholeho

Ha u fumana litsela tseo u ka arolelanang bolumeli ba hau ka tsona, ho tla ba bobebe ho etsa joalo. E ka utloahala e sa tloaeleha pele, empa ho lokile! Hopola, bopaki ba hau ka bo bona e se e ntse e le tlholeho ho uena—ke karolo ea seo u leng sona. Ho arolelana ka bona ho ka fetoha tlholeho hape. Ho nka feela ho bo hlalosa hanyane letsatsi ka leng.

U tla arolelana bopaki ba hau joang kajeno?

Ntlha

  1. Dieter F. Uchtdorf, “´Mesa. 2019 seboka se akaretsang” (Ensign or Liahona, May 2019, 17).

Hatisa