Bakeng sa Matlafalo ea Bacha
Kamano e Matla
Phato 2024


Molaetsa oa Khoeli Bakeng sa Matlafalo ea Bacha Phato 2024

Kamano e Matla

Selekane ha se konteraka feela; ke kamano.

Setśoantśo
litulo tse tala

Ke ntse ke e-na le sets′oants′o sa litulo tse tala tseo Moholo Pistone le Moholo Morasco ba neng ba lutse ho tsona ha ba ntse ba ruta lelapa leso lehaeng la rona le Argentina. Ba ne ba ruta ka matla a moea hoo ′na le ngoan′eso ea lilemo li 10 le ′na (ea lilemo li 9) re neng re mathela ho ea ts′oara litulo ka mor′a hore ba tsamaee, re ts′epile hore matla a tla re aparela.

Kapele ke ile ka ithuta hore matla a ne a sa tsoe litulong empa a ne a tsoa ho ho ba le kamano ea selekane le Molimo le Jesu Kreste.

Phihlelo Eaka ea Kolobetso

Ke ile ka etsa selekane saka sa pele ka la 13 Pulungoana, 1977. Ha ke hopole hakaalo ka kolobetso eaka, empa ke hopola Moholo Pistone a nthusa ho kena ka metsing ′me Moholo Morasco a mpha ts´ebeletso ea ho tiisoa ha moriri oaka o ntse o le metsi. Ke hopola hape thabo eo ke ileng ka e utloa ha metsoalle e mecha ea lekala e fana ka likako le ho metoa ka tsela ea Argentina le takatso e matla eo ke ileng ka e utloa ea ho ba morali ea ts′epahalang oa Ntate ea Maholimong.

Setśoantśo
lelapa kolobetsong

′M′e Spannaus ha a ne a le monyenyane (bohareng) le batsoali ba hae (ka ho le lets′ehali), ngoan′abo Silvina (qetellong ka ho le letona), le Moholo Morasco.

Hamorao ke ile ka elelloa hore thabo eo ke e utloileng e tsoa ho mpho ea Moea o Halalelang. Ke ile ka ithuta hore ha ke ntse ke boloka lilekane tsaka le Molimo ka bots′epehi, Moea o tla ba le ′na. Moea o Halalelang ke e ′ngoe ea lihlohonolofatso tse matla tse tsoang kamanong ea selekane le Molimo le Jesu Kreste.

Hona joale, esita le ha maikemisetso aka, menahano le liketso tsaka li fokola, ke na le ts′epo ea ho tsoela-pele ho leka. Hobaneng? Hobane ho ja selallo ho etsa hore ke khone ho nchafatsa lilekane tsaka le ho etsa lilekane tse ncha beke le beke. Ke leboha hlohonolofatso eo haholo.

Kamano e Mofuthu, ea Selekane

Hangata re utloa hore lilekane ke lits´episo tse peli lipakeng tsa rona le Molimo. Le ha seo e le ′nete, sena ha se sohle seo e leng tsona. Ha e le hantle, “ho boloka lilekane ha se taba ea khoebo e sa tsotelloeng empa ke kamano e mofuthu.”

Joale u theha likamano tsa selekane joang le Ntate ea Maholimong le Mopholosi? Ba se ba ntse ba u rata ka ho phethahetseng ′me ba batla ho u hlohonolofatsa (bona 3 Nefi 14:11). Empa kamano leha e le efe kapa efe ea litsela tse peli e nka nako le lerato ho hlaha mahlakoreng ka bobeli.

Na u batla ho qeta nako e ngata le Bona? Ha u etsa lintho tseo Ba neng ba tla li etsa, u tsamaea le Bona! Hoo ho ka ba bonolo joaloka ho mamela motsoalle ha ho le thata, ho ipha nako ea ho bapala le ngoan′eno, kapa ho kenyelletsa motho ea ikutloang e le mokhelo. Haufinyane tjena, ke ile ka qeta nako ke tsamaea le Molimo ka ho hatisa melaetsa ea lentsoe le ho romela melaetsa ho motsoalle ea Argentina ea neng a jeoa ke bolutu. Ke boetse ke nkile qeto ea ho lula ke boloka tumello eaka ea tempele e sebetsa hore ke tle ke qete nako le Morena ka tlung ea Hae e halalelang. U ka rapella mehopolo e tla u thusa ho qeta nako le Ntate ea Maholimong le Mopholosi oa hau.

Na u batla ho Ba bonts′a hore ua tsotella? Ts′oara melao eo u entseng selekane sa ho e boloka e le mokhoa oa ho bonts′a lerato la hau, e seng e le lethathamo la melao. Mohlala, ho phela Lentsoe la Bohlale, ke ile ka ithuta ho pheha lijo tsa bophelo bo botle. Hona joale ke ruta barali baka ho etsa se ts′oanang. Ha u ithaopela ho boloka melao ea Molimo, lerato la hau ho Eena le Mopholosi le tla hola.

Likamano tsa rona tsa selekane le Ntate ea Maholimong le Jesu Kreste li tla re thusa ho Ba tseba ha molemo le ho ba le katleho e fetang ea matla a Bona bophelong a rona—ho feta eng kapa eng eo sete ea litulo tse tala e ka fanang ka eona. ′Me matla ao a re fetola ka ho sa feleng!

Ntlha

  1. Ann M. Madsen, in Truman G. Madsen, Tempele: Moo Leholimo le Kopanang le Lefats′e (2008), 69.

Hatisa