Nalane ea Kereke
Re Balumeli ba Mehla ea Kajeno Kaofela


“Re Balumeli ba Mehla ea Kajeno Kaofela,” Linalane tsa Lefats´e ka Bophara: Zimbabwe (2022)

“Re Balumeli ba Mehla ea Kajeno Kaofela,” Linalane tsa Lefats´e ka Bophara: Zimbabwe

Re Balumeli ba Mehla ea Kajeno Kaofela

Balumeli ba mehla ea kajeno ba pele Rhodesia e ka Boroa ( eo e ileng ea fetoha Zimbabwe ka 1980) e ne e le bajaki ba Europe. Barumuoa ba boruti lichabeng ba Borumuoa ba Africa Boroa ba sebelitse Rhodesia hakhuts´oane ka 1930 ´me ba khutlela ka tieo ka 1950. Hugh Hodgkiss o ile a kolobetsoa ka Hlakola 1950 ´me a fetoha moetapele oa lekalana la Salisbury ka 1959.

Nakong ea bo 1960, Balumeli ba Mehla ea Kajeno hangata ba ne ba tsamaea libaka tse telele ho ea bokana malapeng le liholong tse hiriloeng. Koana Bulawayo, litho tsa mokhatlo oa bo ´m´e ba ne ba rekisa likuku le mesebetsi ea matsoho khoeli le khoeli ka lilemo ho fumana chelete e neng e hlokeha ho patalla ntlo ea bona ea phutheho. Ho sa le joalo, bacha ba Salisbury ba ne ba ts´oara lipapali tsa sechaba tsa bosiu ho bokella lichelete bakeng sa khaho ea ntlo ea phutheho moo.

Setśoantśo
Ntlo ea pele ea phutheho Zimbabwe

Nlto ea Phutheho ea Bulawayo, Phuptjane 1963.

Ho aha sechaba sa kereke, Iris Nield le monna oa hae, Reg, ba ne ba ts´oara likopano tse peli tsa lelapa hae mantsiboea lapeng la bona Salisbury. Mantaha e ne e le bakeng sa lelapa la bona la barali ba bahlano. Ka Labone ba ne ba bulela lehae la bona ho barumuoa ba boruti le baithuti ba bona, ho bapala lipapali nako ea lihora-hora.

Ho tloha 1965 ho ea ho 1980, ntoa ea lehae e bohloko e ile ea qhoma lipakeng tsa ´muso o etelletsoeng ke ba batho ba basoeu ba banyane le lihlopha tsa likhukhuni tse loanelang puso ea bongata ea batho ba bats´o. Baahi ba ile ba ts´oaroa ke merusu, joaloka litichere tse kang Ernest le Priscilla Sibanda, ba ileng ba lahleheloa le lehae le likhomo ka ´Mesa 1976. Ernest le Priscilla ba ile ba baleha sebakeng sa ntoa ´me ba tsamaea lik´hilomithara tse 241 (limaele tse 150) ho ea Bulawayo.

Moo Bulawayo qetellong ea 1970, Ernest o ile a kopana le barumuoa ba boruti lichabeng ba babeli ba banyenyane. Kamora ho bala Buka ea Mormone, eena, Priscilla, le bana ba bona ba bararo ba ile ba kolobetsoa. “Ke ile ka utloa ke lokolohile,” Ernest oa hopola. “Ke ile ka utloa ke lokollotsoe bobeng bo bong le bo bong. Ke ile ka fumana hore ho ne ho na le lerato ka ho ´na bakeng sa lelapa la ka. Ke ile ka fumana hore ho ne ho na le lerato ka ho ´na bakeng sa Kereke.” Joaloka litho tsa pele tsa Batho ba bats´o ka har´e ho naha, ba ha Sibanda ba ile ba phehella ka tumelo e tletseng ho sa tsotellehe khethollo e teng. Ka nako engoe litho tse ling tsa batho ba basoeu li ile tsa phepetsa Ernest pele ho thuto eo a neng a tlo e ruta, ba re, “Na re rutoa ke motho e mots´o?” Ernest o ile a araba, “ Bana beso, haeba kaofela re Balumeli ba Mehla ea Kajeno, ´me ke romiloe ke Morena ho ruta, joale ke tlameha ho le ruta.”

Ka Mots´eoanong 1980, lekalana la pele la batho ba bats´o la Zimbabwe le ile la thehoa Highfield, motse-teropo o ka boroa ho Salisbury (hamorao Harare). Litho tsa nako e telele Iris le Reg ba ile ba amohela lipitso tsa ho sebeletsa e le mookameli oa Mokhatlo oa bo ´M´e le Mookameli oa lekalana. Ba ha Nields ba ile ba khelosoa ke ba bang ba litho tsa lekalana la bona la batho ba basoeu. Ntle le ho ts´osoa, Reg le Iris le barali ba bona ba ne ba sebelisa meqobelo ka ho ts´oara liketsahalo tsa MIA, sekolo sa mathomo sa Sontaha, le Mokhatlo oa bo ´M´e. Peter Chaya, mohlankana oa setho sa lekalana, o ne a sebelisa meqobelo thapama ho bapala bolo, ho ikoetlisetsa ho bina lifela, le ho ruta sehlopha sa paliso ea sekhooa. Ntate oa hae, Tanganyika Lazarus Chaya, o ne a sebeletsa e le moeletsi oa bobeli bookameling ba lekalana.

Lekalana le ne le kopanela sekolong se mahareng sa Highfield. Peter o ne a fihla hoseng pele ho nako ho hloekisa libotlolo le koae pele ho ts´ebeletso. “Re ne re ka kena, re fiele sebaka seo, re etse hore se shebehale joaloka ntlo ea thapelo, ´me re lule fats´e, re khathetse,” a pheta. Nakong ea likopano, Peter le bahlankana ba bang ba banyenyane ba ne ba toloka lipakeng tsa seShona le Sekhooa.

Ka 1981, Peter o ile a amohela pitso ea borumuoa ba boruti lichabeng Zimbabwe ´me a tsamaea ho ea borumuoeng ba boruti ka letsatsi le latelang. Ka 1983, beke pele a qeta pitso ea hae ea borumuoa ba borutil lichabeng, o ile a amohela pitso joaloka mookameli oa lekalana le Highfield.

Hatisa