Nalane ea Kereke
Ho sebeletsa ba bang joaloka ha Kreste a ile a Etsa


“Ho sebeletsa ba bang joaloka ha Kreste a ile a Etsa,” Linalane tsa Lefats´e ka Bophara: Zimbabwe (2022)

“Ho sebeletsa ba bang joaloka ha Kreste a ile a Etsa,” Linalane tsa Lefats´e ka Bophara: Zimbabwe

Ho sebeletsa ba bang joaloka ha Kreste a ile a Etsa

Sabbath Sibanda Maturure o ne a hlahile ka 1952 Shurugwi ka bokuli ba fokolisang bo ileng ba etsa hore a sitoe ho tsamaea. Khaitseli tsa hae tse tharo li ile tsa ja lefa boemo bo ts´oanang. ´M´e oa bona, ea neng a na le bana ba 11, o ne jara Sabbath le likhaitseli tsa hae ka mokokotlong ka bongoe ho ea lirapeng tse tala hore ba ke ba be karolo ea liketsahalo tsa lelapa.

Ha a ne a le lilemo li robeli, Sabbath o ne a ile a nkeloa setsing sa bolulo Bulawayo, se bitsoang Jairoa Jiri, se neng se fana ka thuto le mosebetsi bakeng sa batho ba nang le bokooa. O ile a sibolla litalenta tsa hae tsa botaki. Setsi se ne se rekisa mesebetsi ea botaki le ea matsoho e neng e hlahisoa ke bajaki likhoebong le lebenkeleng.

Joaloka mocha, o ile a kopana le morumuoa oa boruti lichabeng ea monyane ea bitsoang Wendy ho engoe ea likhoebo tse joalo. Wendy o ile a mo bolella, “Molimo o oa u rata.” O ile a supa hore lintho joalo li ne li le bobebe ho eena ho li bolela: “Sheba, u motle, u apere hantle. U khona ho tsamaea.” Ho sena o ile a araba, “Empa, Sabbath, u khona ho taka. Ha ke khone.”

Kamorao ho moo Sabbath o ile a fuputsa Bokreste. Kerekeng o ile a utloa moruti a bua ka Kreste, Molisa ea Molemo. Sabbath o ile a ipotsa hore na e le hore, le eena, e ne le e mong oa mohlape oa Kreste. “Karabo e ile ea tla ho ´na hore ke emong oa linku tsa Morena, ´me ke tlameha ho utloa lentsoe la hae.”

Qetellong Sabbath o ile a kopana le motsoalle oa khaitseli ea hae, Susan Ndaizivei Mubvumbi, mojaki mmoho setsing. Ba ile ba etsa qeto ea ho nyalana ka 1975. Ho patalla lenyalo, Sabbath o ile a rekisa lits´oants´o tsa hae tse ngata. Likhaitseli tsa hae le tsona li ile tsa loha le ho roka ho thusa ho nyolla mokotla.

Ka 1986, Susan o ne a sebetsa lebenkeleng la Jairos Jiri e teropong, moo a ileng a bua le moholo Boyd Lakke, morumuoa oa boruti lichabeng oa Molumeli oa mehla ea kajeno. O ile a mo mema eena le ´m´e Helen Lake ho ruta lelapa la hae. Haufi Susan le Sabbath ba ile ba etsa qeto ea ho kolobetsoa. Ba ile ba fetoha lits´iea tsa lekalana la Nguboyenja le thehiloeng ka 1988.

Lekalana le ne le kopana ka holong e kholo moo Jairos Jiri. Boholo ba litho e ne e le bajaki ba setsi. Ho tloha ka 1989 ho fihlela lefu la hae ka 1998, Sabbath o ile a sebeletsa e le mookameli oa lekalana. Litho tse ngata tsa lekelana tse sa utloeng li ne li beha bopaki ba tsona ka puo ea mats´oao, ba etsa liphetolelo tse saenneng tse hlakileng tsa lifela tse joaloka “Ke ngoana oa Molimo,” ´me ba etsa lits´oants´iso tse ts´oants´isang Tsoalo le pale ea Joseph Smith. Ho ts´ehetsa ka lichelete liketsahalo tsa lekalana, lesebelisoa tsa seminary, le maeto, litho tse hoebang li ne li rekisa lilamune le “likhaolo”(lilapa tsa masela a tsoang lifemeng).

“Ha ke sheba bophelo ba ka,” Sabbath o hetla morao, “Kea elelloa hore ntho e bohloko ka ho fetisisa eo motho a ka kopanang le eona ke ho nahana hore a ka etsa lintho tsohle ka bo eena. Empa ke se ke nehetse sohle ho Kreste. Haeba ke na le mathata, ke a fa eena feela

Sabbath, Susan, le barali ba bona ba bararo—Blessings, Sukoluhle, le Helen—ba ile ba tiisoa tempeleng ea Johannesburg Afrika Boroa ka 1992. Qetellong ea letsatsi le leng le le leng, Susana le Sabbath ba ne ba bokella lelapa la bona bakeng sa thapelo ho fana ka liteboho le ho kopa tataiso. “Haeba re na le bokhoni bo fe kapa bo fe, ´me ha ho tsotellehe hore na bo ka bonahala bo le bokae, ho Molimo bo bohlokoa, ho bolela Sabbath. “ Mo fe bona ka ho bo sebelisa ho sebeletsa ba bang, joaloka ha Kreste a ile a etsa.

Hatisa