Nalane ea Kereke
Malapa a Machaba


“Malapa a Machaba,” Linalane tsa Lefats´e ka Bophara: Zimbabwe (2022)

“Malapa a Machaba,” Linalane tsa Lefats´e ka Bophara: Zimbabwe

Malapa a Machaba

Setśoantśo
Buka ea Mormone ea Shona

Buka ea Mormone ka Shona

Ka 1996, Dorothy le Abisha Peter Tembo ba ile ba isa lelapa la bona Afrika Boroa, qalong ba ne ba rerile ho lula lilemo tse tharo ha Peter a ntse a ithuta thekenoloji e ncha ea masela. “Re ile ra etsa metsoalle kerekeng, ´me ho ne ho le monate hoo; thuso engoe le engoe eo re neng re e hloka re ne re e fumana ka kerekeng,” Dorothy oa hopola. “Ho ile ha re thusa ho fumana botsitso ha bobebe.” Ha khoebo ea Peter e qetella e fallela Botswana, lelapa le ile la nka qeto ea ho sala Afrika Boroa. Qetellong ba babeli ba barali ba ha Tembo ba ile ba ithuta BYU–Provo le BYU–Hawaii ´me joale ba phela Germany le Ireland.

Qalong Dorothy, ea ileng a sebetsa e le tichere ea sekolo, o ne a sitoa ho fumana mosebetsi o tsitsitseng. O ile a sebelisa nako e ngata a khannela litho tsa lelapa ho ea mosebetsing le sekolong. Hamorao o ile a qala ho sebetsa e le mofetoleli bakeng sa kereke, seo ileng ea fetoha ,mosebetsi oa hae oa ka linako tsohle.

Khiro ea lelapa machabeng e ba thusitse ho tsehetsa lelapa le Zimbabwe. “Re bile hlohonolofatso ka ho ba kantle ho naha, hobane re romela chelete hae,” ho bolela Dorothy. “Ke seo MaZimbabwe a magata a mose ho maoatle a se etsang.”

Joalo ka mofetoleli oa kereke, Dorothy o sebelitse sehlopheng se hlahisitseng likhatiso tsa Buka ea Mormone ea Shona, Lithuto tsa Tumelo le Lilekane, le Lehakoe la e kholo ka 2007. Ka 2020, eena le Nolleen Chidzawo, ´m´e e mong oa MoZimbabwe ea Afrika Boroa, ba sebelitse ho lekola phetolelo eena ba sebelisa scripture translation lexicon. “Haeba re sena mantsoe [ka Shona] a ts´oanang le a sekhooa, re tlameha ho fumana a haufi,” o ile a hlalosa. “Joale ka lebaka la lisebelisoa tseo re nang le tsona re atleha ho e lokisa le ho e etsa hore e be betere.”

Hatisa