2018
Dintho tse Hlano Tseo Bamamedi ba Hlwahlwa Ba Di Etsang
Phuptjane 2018


Setśoantśo
Ministering

Metheo ya Bosebeletsi, Phuptjane 2018

Dintho tse Hlano Tseo Bamamedi ba Hlwahlwa Ba Di Etsang

Mamelo ya kannete e tla o thusa ho tseba na o ka thusa ho fihlella ditlhoko tsa ba bang tsa moea le tsa nama jwang jwale ka ha Mopholosi a ne a tla etsa.

Moholo Jeffrey R. Holland wa Mokhatlo wa ba Leshome Le Metso e Mmedi o itse: “Mohlomong se bohlokwa ka ho fetisisa ho feta ho bua ke mamelo. … Ha re mamela ka lerato, ha re na ho hloka ho nahana seo re ka se buang. Re tla se fuwa ke Moya.”1

Mamelo ke bohlale boo re ka ithutang. Mamelo e bontsha lerato la rona ho ba bang, e re thusa ho aha likamano tse matla, ‘me e mema Moya ho re hlohonolofatsa ka mpho ya temoho ho re thusa ho utlwisisa ditlhoko tsa ba bang.2 Mekhwa e mehlano eo re ka ntlafatsang ka moo re mamelang ke ena.

1.Ba Fe Nako

Batho ba bangata ba hloka nako ho bokella menahano ya bona pele ba bua. Ba fe nako ho nahana pele le kamora ho bua ho hong (bona Jakobo 1:19). Ka hobane ba qetile ho bua ha ho hlalose hore ba buile tsohle tseo ba ne ba hloka ho di bua. O se ke wa tshaba khutso (bona Jobo 2: 11; 3:1 le Alma 18 14 - 16).

2.Hlokomela

Re nahana ka pele ho feta ka moo ba bang ba buang. Hanela teko ea ho potlakela ho nka diqeto kapa ho nahanela pele ho seo o tla se bua ha ba qetile (bona Diproverbia 18:13). Ho feta moo, mamela ka maikemisetso a ho utlwisisa. Karabo ya hao e tla ba molemo hobane e tla be e tsebisitsoe ka kutlwisiso e kgolwanyana.

3.Hlakisa

O se ke wa tshaba ho botsa dipotso tse hlakisang ntho eo o sa e utlwisisang (bona Mareka 9:32). Tlhakiso e fokotsa ho se utlwisise ‘me e bontsha thahasello ya hao ho se buuwang.

4.Thuisa

Hlalosa seo o se utlwileng le ka moo o utlwisisang ho boikutlo ba e mong. Sena se ba thusa ho tseba haeba ba utlwisisitswe ‘me se ba neha monyetla wa ho hlakisa.

5.Fumana Moo Le Utlwisisanang

O ka nna wa se dumellane le tsohle tse builweng, empa dumellana le seo o ka se khonang ntle le ho se bee maikutlo a hao ka nepo. Ho dumellana ho ka thusa ho felisa pelaelo le boisireletsi (bona Matheu 5:25).

Moetapele Russell M. Nelson o rutile hore re ka “ithuta ho mamela, ‘me re mamelle ho ithuta ho tswa ho e mong ho ya ho e mong.”3 Ha o mamela ka maikemisetso a ho ithuta ka ba bang, o tla ba sebakeng se lokileng ho utlwisisa ditlhoko tsa bona ‘me o utlwe dinyenyeletso ka hore na o ka hlokomela ba o potapotileng jwang jwale ka ha Mopholosi a ne a tla etsa.

Mamelo Ke Ho Ba Lerato

Pale ho tswa ho Moholo Holland e tshwantsha matla a mamelo:

Motswalle wa ka Troy Russell o ile a ntsha koloi ya hae ya terakanyana butle ka karacheng ya hae. … O ile a utlwa lebidi le morao le tsamaea holima tututswana. … O ile a tswa ho fumana mora wa hae ya dilemo di robong wa bohlokwa, Austen, a rapaletse ka sefahleho fatshe majweng a katileng. … Austen o ne a ile.

“O ne a sitwa ho robala, a sitoa ho fumana kgotso, Troy o ne a sa tshedisehe. … Empa ka hare ho sekheo seo sa mahlomola ho ile ha tla … John Manning. …

“Kannete ke ne ke sa tsebe ke ka lenaneo lefe John le molekane oa hae e monyane ba ileng ba etela lehae la Russell. … Seo ke se tsebang ke hore nako e fetileng ya selemo Ntate Manning o ile a nanabetsa letsoho la hae ‘me a phahamisa Troy Russell tlase ketsahalong e sehloho ya lebaleng ha hae jwale ka ha eka o ile a phahamisa Austen ya monyane ka bo yena. Jwale ka … ngwanabo evangeding ka ha a ne a tshwanetse ho ba eena, John o ile a nka ka bobebe tlhokomelo ya boporista le polokeho ya Troy Russell. O ile a qala ka ho re, ‘Troy, Austen o hloka o eme hape ka maoto a hao, ho kenyeletsa lebaleng la papadi ya basketball, jwale ke tla ba mona hoseng ho hong le ho hong ka 5:15. O itokise. …’

“ ‘Ke ne ke sa batle ho ya,’ Troy o ile a mpolella hamorao, ‘hobane kamehla ke ne ke tsamaea le Austen. … Empa John o ile a pheella, mme ke ile ka ya. Ho tloha tsatsing leo la pele, re ile ra bua, kapa e re ke re ke ile ka bua mme John a mamela. … Qalong ho ne ho le boima, empa ha nako e ntse e eya ke ile ka elellwa hore ke fumane matla a ka ka sebopeho sa [John Manning], ya neng a nthata mme a mmamela ho fihlela letsatsi le boela le chabela bophelong ba ka.’”4

Dingoloa

  1. Jeffrey R. Holland, “Witnesses unto Me,” Liahona, Phupu 2001, 16.

  2. Bona David A. Bednar, ho “Panel Discussion” (kopano ya Kwetliso ya boetapele ya lefatse ka bophara, Pudungwana 2010), Broadcasts.lds.org.

  3. Russell M. Nelson, “Listen to Learn,” Ensign, Motsheanong 1991, 23.

  4. Jeffrey R. Holland, Ëmissaries to the Church,” Liahona, Pudungwana 2016, 62, 67.

Hatisa