2018
Ho Aha Likamano Tse Bohlokoa
Phato 2018


Setśoantśo
ministering

Lithuto-Metheo ea Bosebeletsi, Phato 2018

Ho Aha Likamano Tse Bohlokoa

Bokhoni ba rona ba ho khathalla ba bang, ho eketseha ha re eba le likamano tse bohlokoa le bona.

Memo ea bosebeletsi ho ba bang ke monyetla oa ho aha likamano le bona—mofuta oa likamano o tla etsa hore ba lokolohe ho etsa kopo, kapa ho amohela thuso ho rona. Ha re entse matsapa a ho aha mokhoa ono oa kamano, Molimo o ka tseba ho fetola maphelo mahlakoreng a mabeli a boamani.

“Bonnete ke lumela hore ha hona ba le phetoho e bonahalang, ntle le boamani bo ikhethileng”o rialo Sharon Eubank, Moeletsi oa Pele Bookameling ba Mokhahlong oa Thekolohelo oa Kakaretso. Hore liketso tsa ts’ebeletso earona li tlise liphetoho maphelong a ba bang, ore, li tlamehile hore “li melelle takatsong ea bonnete ho folisa le ho mamela, le ts’ebelisano le hlompho.”1

Likamano tse bohlokoa ha se maqiti. Li ahuoe holima kutloelano, matsapa a nnete, le “lerato la bonnete”DT&D 121:41).2

Litsela tsa Ho aha le Ho tiisa Likamano

“Re aha [likamano] motho a le mong ka nako.” Ho rialo Moholo Dieter F. Uchtdorf oa Balekhotla la Barumoa ba Leshome le Metso e Mmeli.3 Ha re leka ka thata ho aha likamano tse bohlokoa le bao re leng bosebeletsing ba bona, Moea o Halalelang o ka re supisa. Keletso tsena tse latelang li beuoe holima moralo oo Moholo Uchtdorf a nehelaneng ka ona.4

  • Ithute ka tsona.

    Mookameli Ezra Taft Benson (1899–1994) o rutile hore, “O keke oa sebeletsa hantle bao o sa ba tsebeng hantle.” O khothalelitse ho ka tseba mabitso a baleloko ka bong, le ho hlokomela liketsahalo tse bohlokoa tsa maphelo a bona joalo ka matsatsi a tsoalo, kolobetso/kinelo, le manyalo. Sena se fana ka monyetla oa ho ngola lengolo, ho letsa mohala ho lakaletsa oa lelapaka boiphihlelo kapa phihlellong e ikhethileng.5

  • Eba le nako mmoho le bona.

    Kamano e nka nako ho hola. Lekola menyetla ea ho lula o ikopanya le bona. Lithuto-patlisiso li bonts’a hore ho bonts’a batho hore oa ba khathalla ho bohlokoa likamanong tse ntle.6 Khafetsa etela bao o bitselitsoeng ts’ebeletsong ea bona. Bua le bona phuthehong Sebelisa mekhoa e meng e loketseng—joalo ka email kapa lengolo-la-marangrang, Facebook, Instagram, Twitter, Skype, tetso ea mohala, kapa ho romela karete. Moholo Richard G. Scott (1928–2015 oa Balekhotla la Barumuoa ba Leshome le Metso e Mmeli o buile ka matla a mekhoa e mecha e bonolo ho bonts’a lerato le ts’ehetso: “Ha ngata ke bula mangolo a halalelang, … ‘me ke fumane lengoloana le nang le lerato, le botsehetsi leo [mohatsaka] Jeanene a le kentseng pakeng tsa maqephe.Mangoloana ao a ikhethileng … a tsoela pele ho ba letlotlo le senang tekanyetso-theko la mats’iliso le ts’usumetso.”7

    Hape, hopola hore kamano e nka batho ba babeli. O ka fana ka lerato le setsoalle, empa kamano e keke ea hola ntle le ha phano eo e amohetsoe ebile e khutlisetsoa. Ha e mong a sa amohele likamano tseo, o se ke oa qobella kamano. Mo fe nako ho bona nnete ba matsapa a hau, ha ho le hlokahala eletsana le baetapele ba hau ho bona hore naa kamano e bohlokoa e sa tla ba teng.

  • Eba le puisano e nang le tsotello.

    Ho aha likamano tse bhlokoa ho hloka hore re tlohelle boikaketsi. Puo tsa boikaketsi li tletse ntho tse senag molemo le mabaka, ho qoqa ka bosa, le ntho tse nyenyane, empa ha li kenyeletse ho bua ka maikutlo, tumelo, nhla tsa bophelo, le mekhoa e ka etsang kamahano tse molemo. Ntata rona ea maholimong o ralile mokhoa oa puisana e bohlokoa ha a abela Mora oa hae maikutlo le meralo ea Hae ( bona Johanne 5:20) le rona ka baporofeta ba Hae (bona Amose 3:7). Ha re bonts’ana liketsahalo le liphephetso tsa mehla le matsatsi, ha re tataisoa ke Moea o Halalelang, mme re ka ba le ho khathallana ha re fumana hore re na le khahleho le phihlello tse ts’oanang.

    Ho mamela ke mokhoa o motle ho bonts’a hore o na le khathallo.8 Ha o mamela ka hloko, monyetla oa hau oa ho thusa babang ho tla ho Kreste oa oketseha ha o hola kuitlisisong le tsebo ea lihloko tsa bona ha ba hloka ho utloa ba ratoa, ba utluisisoa, mme ba bolokehile.

  • Ananela liphapapano le moo liphapapano lileng seio.

    “Ba bang … ba lumela hore Kereke kapa Phutheho e batla hore litho tsohle li ts’oane—hore bohle ba shebahale, ba utloahale, ba nahane, e bile ba its’oare ka ho ts’oana,” horialo Moholo Uchtdorf. Sena se ka ea khahlanong le bohlale ba Molimo, eo a hlolileng monna ka mong a sa ts’oane le moholoane oa hae. …

    “Kereke kapa Phutheho e hola ha re nka menyetla ka liphapang tsena mme re khothaletsa motho ka mong ho tsoetsa pele lineo tsa hae ho phahamisa le ho matlafatsa balateli mmoho le rona.9

    Ho rata ba bang ka moo Molimo a re ratang ka teng ho hloka hore re shebe ba bang ka mokhoa oo Molimo a re shebang. Mookameli Thomas S. Monson (1927–2018) o rutile hore, “Re tlameha ho nts’etsa pele bokhoni ba ho sheba[ba bang] eseng kamoo ba shebahalang ka sena sebaka, empa ka moo batla shebahalang ka moso.”10 Re ka rapella thuso ho sheba ba bang ka moo Molimo a ba shebang Ha re ts’oara ba bang hoea ka moo ba ka holang ka teng, ha ngata ba ba le thahasello ea ho hola.11

  • Ba sebeletse.

    Bonts’a kutluelo ho bao o leng ts’ebeletsong ea bona, mme o be le boikemisetso ho fana ka nako ea hau le lineo tsa hau ka moo bahlokang kateng kapa hoba fela o ea ba khathalla. O ka ba moo ho fana ka mats’eliso, ts’ehetso, le thuso e hokahalang ha ho na le ts’ohanyetso, bohloko kapa lebaka le potlakileng. Empa likamanong tse ngata ha ngata re tsitsinyeha ha morao. Molimo o refile boikhethelo, hore re be le mtla a bolokolohi ho nka qeto ho etsa hona le hore ketso e etsoe ho rona (sheba 2 Nefi 2:14). Joalo ka Morumuoa Johanne a rutile hore re rata Molimo hoba A re ratille pele (sheba 1 Johanne 4:19), ha babang ba utloa lerato la nnete ho rona liketsong tsa rona tsa ts’ebeletso, sena se ka nolofatsa lipelo sa eketsa lerato le bots’epehi.12 Sena se se etsa pokellano ea liketso tsa mosa tse ka ahang likamano.

Bosebeletsi joalo ka ha Mopholosi a Entse

Jesu Kreste o ahile likamano tse bohlokoa le balateli ba Hae (sheba Johanne 11:5). O ne a batseba (sheba Johanne 1:47–48). O lutse sebaka le bona (sheba Luka 24:13–31). Puo ea Hae ene e sena boikaketsi (sheba Johanne 15:15). O ne a tsotella ho sa ts’oaneg ha bona (sheba Matheu 9:10) mme a bona bokhini boo ba ka bang le bona (sheba Johanne 17:23). O sebelelitse bohle, empa E le Morena ho bohle, are Ha a tlela ho sebeletsoa empa ho sebeletsa (sheba Mareka 10:42–45).

Ke eng seo o tlileng ho se etsa ho aha likamano tse matla le bao o bitselitsoeng ho ba sebeletsa?

Dingoloa

  1. Sharon Eubank, ho “Humanitarian Acts Must Be Rooted in Relationship, Sharon Eubank O re,” mormonnewsroom.org.

  2. Sheba “Ministering Principles: Reach Out in Compassion,” Liahona, Phupu 2018, 6–9.

  3. Dieter F. Uchtdorf, “Of Things That Matter Most,” Liahona, Pulugnoane. 2010,22.

  4. Sheba Dieter F. Uchtdorf, “Of Things That Matter Most,” 22.

  5. Sheba Ezra Taft Benson, “To the Home Teachers of the Church,” Ensign, Mots’eanong 1987,50.

  6. Sheba Charles A. Wilkinson and Lauren H. Grill, “Expressing Affection: A Vocabulary of Loving Messages,” ho Making Connections: Readings in Relational Communication, ed. Kathleen M. Galvin, 5th ed. (2011), 164–73

  7. Richard G. Scott, “The Eternal Blessings of Marriage,” Liahona, Mots’eanong 2011, 96.

  8. Sheba “Ministering Principles: Five Things Good Listeners Do,” Liahona, Phuptjane 2018, 6–9.

  9. Dieter F. Uchtdorf, “Four Titles,” Liahona, Mots’eanong 2013, 59.

  10. Thomas S. Monson, “See Others as They May Become,” Liahona, Pulungoana. 2012, 69.

  11. Sheba Terence R. Mitchell and Denise Daniels, “Motivation,” ho Handbook of Psychology, Moqollo 12, ed. Walter C. Borman and others (2003), 229.

  12. Sheba Edward J. Lawler, Rebecca Ford, and Michael D. Large, “Unilateral Initiatives as a Conflict Resolution Strategy,” Social Psychology Quarterly, Vol. 62, no. 3 (Loetse. 1999), 240–56.

Hatisa