2018
Rerisanang ka litlhoko tsa bona
Loetse 2018


Setśoantśo
ministering

Metheo ea Kaloso, Loetse 2018

Rerisanang ka litlhoko tsa bona

Ha u tlamehe ho etsa sena u le mong Ho eletsana ka ho fana ka thuso eo u e hlokang ho thusa ba bang.

Molimo o u memetse ho alosa motho ka mong kapa lelapa ka hara lekala la hau ho ea ka litlhoko tsa bona. U ka fumana joang na litlhoko tseo ke life? Motheo oa therisano oo e saleng e le sepheo sa kereke ke sona senotlolo

Kamora ho buisana ka seo re ka se elang hloko le ho eletsana ka sona, re tla batlisisa.

  1. Boeletsi ho Ntata rona ea Maholimong.

  2. Boeletsi le motho kapa lelapa leo ole abetsoeng.

  3. Boeletsi le balekane ba rona

  4. Le boeletsi le babang ba abetsoeng motho kapa lelapa le ts’oanang.

Boeletsi ba baetapele ba rona le bona bo bohlokoa, mme ke ba sehlooho. Sehlooho se buang ka motheo oa boeletsi ka hara Liahona se tla manolla boeletsi ba baetapele ba rona, mmoho le sepheo sa lilpotso ka boeletsi.

Seo re eletsang ka sona

Kutluisiso ea litlhoko e bohlokoa haholo tabeng ea ho eletsana. Empa sebopeho se ka nkoang ke litlhoko, le hore na hona le litlhoko tse ling tseo re tlamehang ho li batlisisa?

Litlhoko li ka tla ka mekhoa e mengata. Bao re ba sebeletsang ba ka tobana le liqholotso tsa maikutlo, lichelete, bophelo, thuto le tse ling tse ngata. Litlhoko tse ling li nka maemo a pele ho tse ling. Ba bang ba rona ba ka ba le litsebo tsa ho thusa ha ba bang ba rona re ka hloka ho thusoa, ho thusa ba bang Litekong tsa rona tsa ho thusa ho fihlela litlhoko tsa nama, re se lebale hore pitso ea rona ea ho bolela lentsoe, ho kenyeletsa ho thusa babang ho tsoelapele tseleng ea boitlamo, ho lokisetsa le ho amohela litlotso tsa boprista tse hlokahalang haholo bakeng sa pholoho.

Ele tlatsetso ho boeletsi ka litlhoko tsa motho ka mong kapa tsa lelapa, re tlameha le ho leka ho ithuta ka matla a bona. Ke eng eo basa hlokeng thuso ho eona? Ba na le bokhoni le limpho life tse ka hlohonolofatsang ba bang? Ka bo mong ele batho ba ka thusa joang ho aha ‘muso oa Molimo? Matla a motho a ka ba bohlokoa ho utloisisa litlhoko tsa hae.

Boeletsi ho Ntate ea Maholimong

E meng ea metheo ea tumelo ea rona ere Ntate ea Maholimong o bua le bana ba hae (sheba Motheo oa Tumelo 1:9) Ha re fumana thomo e ncha ea ho ruta motho e mong, re batla boeletsi ho ntate ea Maholimong ka thapelo, re kope tataiso le kutloisiso ka litlhoko le matla a bona. Mokhoa oo oa puisano ka tsela ea thapelo o tlamea ho tsoelapele nakong eohle ea pitso ea rona ea ho ruta.

Boeletsi ho motho ka bomong le lelapa.

Mokhoa le nako eo re atamelang motho le lelapa leo re bilelitsoeng ho le sebeletsa, li ka fapana ho latela mabaka ao motho a phelang hara oona, empa boeletsi bo tobileng motho kapa lelapa bo ka sehloohong khahong ea likamano le kutluisiso ea litlhoko tsa bona, ho kenyelelitsoe le kamoo baka lakatsang ho thusoa. Lipitso tseling li tla tlameha ho ema ho fihlela re ahile kamano e utloahalang. Ha ho ntse ho sena tsela e nepahetseng ho etsa seo, nahana ka se latelang;

  • Batllisisa mokhoa le nako eo ba ka thabelang ho buisoa.

  • Ithute ka tseo ba li thahasellang le litaba tse ba amang.

  • Tloho ka mekhhoa eo u ka ba thusang ka eona, mme u batle le litlatsetso tsa bona.

Ha rentse re aha ts’epo, nahana ka ho buisana ka litlhoko tsa bona ka bo mong kapa ele lelapa. Botsa lipotso tse nyenyeletsoang ke moea o halalelang.1 mohlala

  • Liqholotso tse ba tobileng ke life?

  • Merero le litabatabelo tsa bona ka bo mong le tsa lelapa ke life? Mohlala, na ba batla ho ntlafatsa tsela eo ba tsoarang letsatsi la lelapa, kapa ba batla ho ntlafatsa boipheliso?

  • Re ka ba thusa joang ka lintho tseo ba li thahasellang le liqholotso tsa bona?

  • Ke li fe lihlohonolofatso tsa evangeli tse ba tlelang maphelong a bona? Re ka ba thusa joang ho itokisa?

Hopola ho ithaopela thuso e itseng, e kang “re ka le tlisetsa lijo tsa mantsibuea letsatsing lefe?” Thuso e sa tsebisahaleng e kang “re tsebise ha eba u hloka thuso” ha e thuse haholo

Boeletsi le balekane ba rona

Kaha uena le molekane oa hau e se ha ngata le leng ‘moho ha le buisana le motho kapa lelapa, ho bohlokoa ho hokahanya, ho eletsana le ho kopa tataiso le le ‘moho. Tse ling tsa lipotso tseo le ka li elang hloko ke tsena,

  • Ke hakae le joang le buisanang ‘moho le le balekane?

  • Le ka sebelisa joang matla a lona ka bomong ho ruta lelapa le motho ka mong?

  • Ke lintho li fe tseo u ithutileng tsona, ke lintho li fe tse u etsahalletseng, hape ke ts’usumetso li fe tseo u li fumaneng esale u qetela ho buoa ka motho kapa lelapa leo?

Boeletsi le babang bao u ba filoeng

Ho ka ba molemo hore nako le nako u buisane le babang ba abetsoeng ts’ebetso ea ho ruta motho kapa lelapa leo le uena u le abetsoeng.

Buisanang ho rarolla mathata

Elder Chi Hong(Sam)oa ba Mashome a Supileng o buoa ka lietsahala tse hlahang ho Mareka ho tla nakong ea rona ho hlalosa ka moo boeletsi ‘moho bo ileng ba etsa bobebe hore batho ba bane ba shebisane na ba ka thusa joang monna ea nang le lepera a fihle pela Jesu.

“e ka etsahala tjena” ho rialo Elder Wong. Batho ba bane ba phethahatsa taelo ea Mobishopo oa bona ho chakela monna ea nang le lefu la lepera lapeng ha hae. … tulong ea haufi ea lekhotlana la lekala, ka mor’a ho eletsana ka litlhoko tse teng ka har’a lekala, Mobishopo o ne a fane ka ts’ebetso ea “pholoso” Banna ba na ba bane ba ne ba laetsoe ho thusa monna enoa. …

Ha ba fihla moahong oo Jesu a neng a le ka ho oona, ntlo e ne e tletse haholo. Ba ne ba sitoa ho kena monyako. Kea ts’epa ba ne ba lekile sohle seo ba ileng ba se nahana, empa ba ne sitoa ho feta. … Ba ile ba eletsana ‘moho ka seo ba ka se etsang, ka moo ba ka tlisang monna ho Jesu Kreste ho mo folisa. … Ba tla ka leano le seng bonolo haholo, empa ba le etsa.

“ …Ba rulolla ntlo moo a neng a le teng, ‘me ha ba e choatlile, ba theolela moalo o robetseng mokoli oa lepera’ (Mareka 2:4) …

“ … ‘Jesu ha a bona tumelo ea bona, a re ho ea ts’oeroeng ke lepera mora libe tsa hau li ts’oaretsoe’ (Mareka 2:5)”2

Memo ea ho etsa/ phethahatsa

Moholo Dieter .F.Uchtdorf oa Lekhotla la Baapostola ba Leshome le Metso e ’Meli, o khothalelitse hore “eletsanang ‘moho, sebelisang lithuso tsohle tse fumanehang, batlang nyenyeletso ea Moea o Halalelang, kopang Molimo tiiso ea hae, ‘me le le ee tsebetsong”

“ke le fa ts’episo, ha le latela moralo ona, le tla fumana tataiso e hlakileng ho hore na mang, eng, neng le hokae litabeng tsa ho fana ka tsela ea Morena.3

Lingoloa

  1. Sheba Ruta Evangeli ea ka: Tataiso ea bosebeletsi ba Boruti (2004), 183.

  2. Chi Hong (Sam) Wong, Pholoso ka kopanelo. Liahona, Pulungoana 2014, 14, 15

  3. Dieter F. Uchtdorf, “ho thusana ka mokhoa oa Molimo,” Liahona Pulungoana, 2011,55

Hatisa