2019
Bosebeletsi Ke Ho Bona Ba Bang Joalo Ka Ha Mopholosi a ba Bona
Phuptjane 2019


Setśoantśo
ministering

Metheo ea Bosebeletsi, Phuptjane 2019

Bosebeletsi Ke Ho Bona Ba Bang Joalo Ka Ha Mopholosi a ba Bona

Jesu o ne a qeta boholo ba nako ea hae le bao ba neng ba bonoa ba fapane; O ne a bona monyetla oa boiphihlelo bo hlohonolofetseng ba bona.

Matleng a rona a ho sebeletsa joalo ka Mopholosi, re ka rongoa ho sebeletsa motho ea fapaneng le rona. Hona ho tlisa monyetla oa rona oa ho ithuta le ho hola.

Setso, borutehi, borabe, moruo, ngoaha, boitsóaro ba khale kapa ba ha joale, kapa liphapano tse itseng li ka etsa ho be bobebe ho ahlola ba bang esita le pele re ba tseba. Ho ahlola pele hona ho khubung ea tsékamelo e itseng, ‘me Mopholosi o re hlokomelisitse khahlanong le hona (bona 1 Samuele 16:7; Johanne 7:24).

Na re ka sheba ka ngáne ho liphapano ‘me ra bona ba bang joale ka ha Mopholosi a ba bona? Re ka ithuta joang ho rata ba bang ba le seo ba leng sona le seo ba ka bang sona?

Ho Bona le Ho Rata

Bibele e re bolella ka pale e tloaelehileng ea mohlankana oa morui a ileng a botsa kamoo a ka fumanang bophelo ba bosafeleng: “ Eaba Jesu ha a ‘mona a mo rata, ‘me a re ho eena, O hloka ntho e le ngóe: tsamaea, u rekise tsohle tseo u nang le tsona,u li fe bafumanehi, ‘me u tla ba le letlotlo leholimong: ‘me u ntano tla, ‘me u ntatele u ipelesitse sefapano” (Mareka 10:21).

Ha Moholo S. Mark Palmer oa Ba Mashome a Supileng a ne a ithuta lengolo lena le halalelang lilemo tse ‘maloa tse fetileng, karolo e ncha ea pale ena hang-hang e ile ea hlahella ho eena.

‘Eaba Jesu ha a ‘mona a mo rata’

“Ha ke utloa mantsoe ana, setsóantsó se hlakileng sa Morena oa rona ha a ema le ho bona mohlankana enoa se ile sa tlala kelello ea ka. Ho bona—e leng ho sheba ka botebo le ka ho kenella hare moeeng oa hae, re elelloa botle le hape monyetla oa boiphihlelo ba hae, hape le ho lemoha tlhoko ea hae e kholo.

“Eaba mantsoe a bonolo—Jesu a mo rata. O ile a utloa lerato le khaphatsehang le khauhelo bakeng sa mohlankana enoa ea lokileng, ‘me ka baka la lerato lena le ka lerato lena, esita Jesu o ile a batla se fetang ho eena. Ke ile ka tsóantsá seo mohlankana enoa a neng a tsóanela ho se utloa ke ho apareloa ke lerato le joalo esita le ha a bolelloa ho etsa ntho e thata haholo joalo ka ho rekisa tsohle tseo a neng a ena le tsona ‘me a li fe bafutsana. …

“[Ke ile ka ipotsa] ‘Nka tlala ka lerato la Kreste joang hore [ba bang] ba ka utloa lerato la Molimo ho tsoa ho ‘na ‘me ba lakatsa ho fetoha?’ Nka bona [batho ba bang ba mpotapotileng] joang ka tsela e tsóanang le eo Morena a ileng a bona mohlankana oa morui ka eona, ke ba bona e le seo ba leng sona le seo ba ka bang sona, ho ena le feela seo ba se etsang kapa seo ba sa se etseng? Nka ba joalo ka Mopholosi ka ho fetisa joang?”1

Ho Ithuta ho Bona Ba Bang

Ho ithuta ho bona ba bang joalo ka ha Mopholosi a ba bona ho tlisa meputso e enneng. Tsena ke likeletso tse ling tse ka re thusang ha re sebeletsa ho fihlela morero ona.

  • Fihlela Ho Ba Tseba
    Etsa ka matla ho fihlela ho tseba batho ho feta taba tse nyenyane tseo e seng tsa bohlokoa. Tseba hore ho aha likamano ho nka nako le matla a ‘nete. (Bona taba ea Metheo ea Bosebeletsi ea Phato 2018 “Ho Aha Likamano Tse Bohlokoa” ho u thusa.)

  • Itlhahlobe
    Ela hloko ho likahlolo tseo u ka li etsang ka maikemisetso kapa ntle le maikemisetso. Ela hloko litekanyo tseo u li etsang ka ba bang ‘me o leke ho utloisisa hore hobaneng u ikutloa ka tsela eo u ikutloang ka eona ka bona.

  • Boloka Kahlolo
    Hlokomela hore maemo ha a hlalose boleng ba motho e mong. Kena lieteng tsa bona ‘me o nahane kamoo u neng u ka batla e mong ho u bona kateng haeba u ne u le maemong a tsóanang. Ho arohanya likhetho le boitsóaro ba e mong ho boleng ba bona ba mantlha le monyetla oa boiphihlelo bo halalelang ho ka re thusa ho ba bona joalo ka ha Mopholosi a ka ba bonang kateng.

  • Rapella ho Ba Rata
    Ba rapelle khafetsa ka mabitso a bona le ka mamello ea ho holisa kamano ea ‘nete. Talima ka chebo e nang le borapeli bosebeletsing ba hau. Na ho na le sekheo pakeng tsa seo o se etsang le seo ba se hlokang e le ka ‘nete?

Jesu o qetile nako ea hae le batho ba tsoang libakeng tse fapakaneng tsa bophelo: bafutsana, babusi, le batho bohle. Hangata e ne e eba lehlatsipa la kahlolo ke ba bang ha ba ne ba Mo sheba le bofutsana ba hae kapa maemo a hae a neng a sa re letho a neng a bonahala. “Etlare ha re ‘mona, ha ho botle ka eena boo re tlang ho bo lakatsa.… O ne a hloiloe, ‘me ha re a ka ra mo hlompha” (Esaia 53:2–3).

Pono e Bokreste

‘Mé e mong o ile a arolelana ka pale ena ka ho ithuta ho bona mohaisane ka mahlo a Bokreste:

“Julia (lebitso le fetotsoe) o ne a lula mabapa le ‘na ‘me o ne a bonahala a se na metsoalle. Ka nako tsohle o ne a shebahala a koatile ‘me a halefile. Ntle le moo, ke ile ka rera ho ba motsoalle oa hae. E se motsoalle feela ea fetang, empa motsoalle oa sebele. Ke ne ke bua ho eena neng le neng ha ke ‘mona ‘me ke bontsá khahleho ho eng kapa eng eo a neng a e etsa. Butle-butle, ke ile ka bopa tlama ea setsoalle le eena, se tlisitseng monyaka pelong ea ka.

“Ka tsatsi le leng, ke ile ka rera ho etela Julia ‘me ke ‘motse ka qeto ea hae ea ho se kene kereke.

“Ke ile ka ithuta hore ha a na ba lelapa kapa ba leloko haufinyana. Ngoana oabo a le mong, oa moshemane ea neng a lula hole, o ne a bua le eena ka mohala hang ka selemo. Ha ke mo mametse ha a tsólla pabo, khalefo, le khathatseho tsa hae ka lelapa labo le ka kereke, maikutlo a khauhelo le lerato a sa latoleheng ho ‘m’e enoa a ile a nkaparela ka matla. Ke ile ka utloa bohloko le khathatseho ea hae. Ke ile ka elelloa kamoo bophelo ba hae bo neng bo le bolutu kateng. E ile ea ka ke utloa polelo e khutsitseng kamorao ho ‘na: ‘Kea mo rata le eena. Mo rate le ho mo hlompha.’

“Ke ile ka lula ka mo mamela ho fihlela a se a sena seo a ka se buang. Ke ile ka ikutloa lerato le khauhelo ho eena. Enoa ke ‘m’e ea neng a sa ka a tseba hore ho joang ho ratoa. Hang ke ile ka mo utloisisa ka botebo. Ke ile ka mo leboha ka ho ntumella ho mo etela, ‘me ke ile ka mo siea ka ho mo aka le ka lerato le hlompho ea ka ho eena. A ke ke a hlola a tseba hore o ile a nthetsa ha kae ka ketelo eo. Ntate ea Maholimong o ile a mpula mahlo hore ke be le tekanyo ea ho rata ka khauhelo e fetisang. Ke na le morero o tiileng morerong oa ka ho se be feela motsoalle ho eena empa hape ho ba oa lelapa ho eena.”

Ke ntho e halalelang ho mengoa ka har’a bophelo ba motho e mong. Ka thapelo, mamello, le thuso ho tsoa ho Moea, re ka ithuta ho etsa joalo ka pono ea Bokreste bo fetisang.

Ntlha

  1. S. Mark Palmer, “Then Jesus Beholding Him Loved Him,” Liahona,Motséanong 2017, 115.

Hatisa