2019
Re ka Bopa Joang Moetlo oa Ho Kenyeletsa Bohle Kerekeng?
Phupu 2019


Setśoantśo
ministering

Metheo ea Bosebeletsi, Phupu 2019

Re ka Bopa Joang Moetlo oa Ho Kenyeletsa Bohle Kerekeng?

Ha re sheba ho potoloha le liphutheho le makala a rona, re bona batho bao e ka reng ba kenella hara ba bang ha bobebe. Seo re sa se hlokomeleng ke hore le hara bao e ka reng ba kenella hara ba bang ha bobebe, ho na le ba bangata ba ikutloang ba siuoe kantle. Boithuto bo bong, mohlala, haufinyane bo fumane hore karolo ea bobeli ea batho ba baholo United Sates ba tlaleha ba ikutloa ba le ‘nots’i, ba siuoe kantle, kapa ba arohane le ba bang.1

Ho bohlokoa ho ikutloa o kenyelelitsoe. Ke tlhoko ea mantlha ea botho, ‘me ha re ikutloa re sa kenyeletsoa, ho ba bohloko. Ho siuoa kantle ho ka hlahisa maikutlo a mahlomola kapa khalefo.2 Ha re sa ikutloe joalo ka ha eka re karolo, re sekamella ho batla sebaka seo re phuthulohang haholoanyane. Re hloka ho thusa bohle hore ba utloe hore le bona ke karolo kerekeng.

Ho kenyeletsa joalo ka Mpholosi

Mopholosi e ne e le mohlala o phethahetseng oa ho bona bohlokoa le ho kenyeletsa ba bang. Ha a ne a khetha ba- Apostola ba hae, Ha a ka a ela hloko maemo, moruo, kapa boemo bo phahameng ba mosebetsi. O ile a bona bohlokoa ba mosali oa mo-Samaria selibeng, a pakahatsa ho eena ka bo-Molimo ba Hae le ha ma-Juda a ne a shebela ba –Samaria tlaase (bona Johanne 4). O sheba se ka pelong ‘me ha a khetholle batho (bona 1 Samuele 16:7; Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 38:16, 26).

Mopholosi o itse:

Ke le nea molao o mocha, Ke hore le ratane, joalo ka ha ke le ratile, hore le lona hape le ratane.

“Seo bohle ba tla tseba hore le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana” (Johanne 13:34–35).

Re Ka Etsa Joang?

Ka nako e ‘ngoe ho thata ho bolela ha motho e mong a ikutloa e ka re o kantle. Boholo ba batho ha ba bolele - bonyane e seng ka ho hlaka. Empa ka pelo e lerato, tataiso ea Moea o Halalelang, le boiteko ba ho ela hloko, re ka elelloa ha motho e mong a ikutloa a sa kenyeletsoa likopanong le mabakeng a kereke.

Mats’oao a ka bang teng ho bonts’a hore motho e mong o ikutloa a sa kenyeletsoa:

  • Mats’oao a ho fetisa molaetsa ka ‘mele, joalo ka matsoho a phuthiloeng ka thata kapa mahlo a oetse fats’e.

  • Ho lula ka morao rao sebakeng kapa ho lula a le mong.

  • Ho se kene kereke kapa ho se kene kereke khafetsa.

  • Ho sia liphutheho kapa likopano e sa le qalong.

  • Ho se nke karolo lipuisanong kapa lithutong.

A na e ka nna eaba mats’oao a buikutlo bo bong hape, joalo ka litlhong, ho se tsitsi maikutlong, kapa ho hloka boiketlo. Litho li ka ikutloa “ka tsela e fapaneng” ha e le litho tse ncha tsa kereke, ba tsoa naheng e ‘ngoe kapa moetlo o mong, kapa ha ba fetile tlasa boemo bo sisimolosang ho fetola bophelo, joalo ka tlhalo, lefu la setho sa lelapa, kapa ho khutla borumuoeng ba boruti pele ho nako.

Ho sa tsotellehe lebaka, ha rea tlamea ho qeaqea ho nanabetsa letsoho ka lerato. Seo re se buang le seo re se etsang se ka bopa maikutlo a hore bohle ba amohelehile le hore bohle ba ea hlokeha.

Tse ling tsa litsela tsa ho ba ba kenyeletsang le ho ba ba amohelang:

  • Kamehla se ke oa lula le batho ba ts’oanang ka kerekeng.

  • Sheba ho feta ka moo batho ba shebahalang ho bona motho oa ‘nete. (Bakeng sa haholoanyane ka taba e, bona “Bosebeletsi ke ho bona ba babng joaloka ha Mopholosi a ba le bona,” Liahona, Phuptjane 2019,8 – 11.)

  • Kenyeletsa ba bang meqoqong.

  • Mema ba bang hore e be karolo ea bophelo ba hau. U ka ba kenyeletsa mabakeng ao u so ntso u a rera.

  • Fumana ‘me u hahe holima lithaasello tse ts’oanang.

  • Se ke oa hanela setsoalle hobane feela motho e mong a sa fihlele litabatabelo tsa hau.

  • Ha u bona ntho e khethehileng ka motho, e ba le thaasello ho seno ho nna le ho e fetisa mahlo kapa ho e qoba.

  • Bonts’a lerato ‘me u fane ka lithoholetso tsa ‘nete.

  • Nka nako ho nahana ka hore na bonnete ho bolelang ha re re Kereke kea bohle, ho sa tsotelehe liphapano tsa bona. Re ka etsa hore se e be ‘nete joang?

Ha se kamehla ho leng bobebe ho ikutloa re phuthulohile ha’ra batho ba fapaneng le rona. Empa ka ho ikoetlisa, re ka thuseha ho fumana boleng liphapanong ‘me re ananele litlatsetso tse khethehileng tse tlisoang ke motho e mong le e mong. Joalo ka ha Moholo Dieter F. Uchtdorf oa mokhatllo oa ba-Apostola Ba Leshome le Metso e ‘Meli a rutile, liphapano tsa rona li ka thusa ho re etsa batho ba khethehileng, ba thabileng: “Tloho, re thuse hore re ahe le ho matlafatsa moetlo oa pholiso, mosa, le mohau o lebileng ho bohle bana ba Molimo.”3

Ho hlohonolofatsoa ka ho kenyeletsoa

Christl Fechter o ile a fallela naheng e ‘ngoe kamora hore ntoa e ranthanye ha habo. O ne a sa bue puo hantle ‘me a sa tsebe mang kapa mang motseng oa hae o mocha, hoo qalong a neng a ikutloa a arohane le ba bang a le ‘nots’i.

Joalo ka setho sa kereke, o ile a ba sebete ‘me a qalella ho kena phutheho ea hae e ncha. O ne a ts’oenyehile hore mokhoa oa hae oa ho bua o tlo etsa hore batho ba se ke ba batla ho bua le eena kapa hore u tla khetholloa ka lebaka la ho hloka molekane.

Empa o ile a kopana le ba bang ba ileng ba sheba kaholimo ho liphapano tsa hae ‘me ba mo amohela sehlopheng sa bona sa metsoalle. Ba ile ba nanabetsa letsoho ka lerato, ‘me kapele a iphumana a phathahane a thusa ho ruta sehlopha sa bana ba banyane. Bana e ne le mehlala e nepahetseng ea ho amohela, ‘me maikutlo a ho ratoa le ho hlokoa a matlafatsa tumelo ea hae ‘me ha thusa ho kenya cheseho ea (hae ea) bophelo bo sa feleng ho Morena.

Lintlha

  1. Bona Alexa Lardieri, “Study: Many Americans Report Feeling Lonely, Younger Generations More So,” U.S. News, May 1, 2018, usnews.com.

  2. See Carly K. Peterson, Laura C. Gravens, and Eddie Harmon-Jones, “Asymmetric Frontal Cortical Activity and Negative Affective Responses to Ostracism,” Social Cognitive and Affective Neuroscience, vol. 6, no. 3 (June 2011), 277–85.

  3. Dieter F. Uchtdorf, “Believe, Love, Do,” Liahona, Nov. 2018, 48.

Hatisa