2019
Na nka thusa emong hofetoha?
Phato 2019


Setśoantśo
ministering

Metheo ea Bosebeletsi, Phato 2019

Na nka thusa e mong hofetoha?

ee empa mosebetsi oa hau o ka fapana le ka moo u neng u hopotse ka teng.

Re bopiloe le bokhoni ba ho fetoha. Kholo e isang bokhoning ba bo-Molimo ke sepheo sa boiphihlelo ba bophelo ba rona ba nama. Engoe eo eleng sepheo sa mantlha ka bosebeletsi ke ho thusa babang hore ba tle ho Kreste ‘me ba etse liphetoho tse lokelang hore ba khutlele ho Eena. Empa ka lebaka la boikhethelo, karolo ea rona e ea fokola ho ba thusa hore ba tsʼoane le Kreste.

Lithuto tse supileng tse matla tse tsoang ho Mopholosi hore na re ka thusa babang ho ba joalo ka ena joang ke tsena.

  1. Se Tʼsabe ho Mema Phetoho

    Mopholosi ha ka a tsʼaba ho mema babang hore ba lese mekhoa ea bona ea khale ebe ba amohela lithuto tsa Hae. O ile a mema Petrose le Jakobo hore ba sie mesebetsi ea bona e be “batʼsoasi ba batho”. (Mareka 1:17) A mema mosali ea ts’oeroeng a feba hore “tsamaea u se hlole u etsa sebe hape” (bona Johanne 8:2 – 11). O ile a mema mohlanka oa morui ho lesa ho khoramela maruo a lefatʼse ‘me a mo latele. (bona Mareka 10:17-22). Le rona re ka ba sebete le ka lerato ra mema babang ho etsa liphetoho le ho latela Mopholosi.

  2. Hopola hore ke Boikhethelo ba Bona Hofetoha

    Tsela eo Mopholosi a memang ho fetoha e keke ea qobelloa. Mopholosi o rutile a nto mema, empa ha a ka a qobella. Mohlanka oa morui “o ile tsamaea ka mahlomola” (Mattheu 19:22) Ha a le Capernaum, ba bangata ba barutuoa ba hae ba ile ba khetha ho “khutlela morao,” eaba O botsa ba leshome le metso e ʼmeli hore na le bona batla tsamaea (bona Johanne 6:66-67). Ba bang ba balateli ba Johanne Mokolobetsi ba ile ba khetha ho latela Mopholosi, ba bang ha ba ea etsa joalo.(bona Johanne 1:35-37; 10:40-42). Re ka mema babang hoba joalo ka Ena, empa re keke ra etsa qeto ea ho fetoha molemong oa bona. ʼMe haeba ba eso etse khetho ea ho fetoha, ha rea lokela ho inehela kapa hona ho ikutloa eka re hlotsoe.

  3. Rapella babang hore ba be le Bokhoni ba ho Fetoha

    Ka nako ea Hae ea thapelo ea ho kopa, Jesu o kopile Molimo ho ntsʼa barutuoa ba Hae bobeng, hore ba tle ba be joalo ka Ena le Ntate, le hore ba tlale ka lerato la Molimo (Johanne 17:11, 21-23, 26). ʼMe ka ha o ne a tseba hore Petrose o tla hloka matla litekong tsa hae tsa hore a hole a tle a nke karolo ea hae,Mopholosi o ile a mo rapella (bona Luke 22:32). Lithapelo tsa rona bakeng sa ba bang li ka etsa phapang (Jakobo 5:16).

  4. Ba rute hore ba Itsʼetlehe ka Matla a Hae

    Ke ka Mopholosi feela re ka fetohang ka ‘nete ra ba ra hola ho fihlela bokhoni ba bo-Molimo boo bohle re bang le bona. Ke Eena “tsela, ‘nete le bophelo: ha ho ea ka tlang ho Ntate, empa ke ka [Ena]” Johanne 14:6). Ke matla a Hae a ka “etsang tse fokolang li matlafale” (Ether 12:27) Ke ka tumelo ea matla a Hae a topollo a entseng hore Alma ea monyane a fetohe (bona Alma 36:16-23). Re ka ruta ba bang ho itsʼetleha ka Mopholosi hore le bona batle ba be le matla a Hae a hloekisisang bophelong ba bona.

  5. U ba Tsʼoare ka Moo ba Kabang ka Teng

    Lerato le kamohelo e ka ba metheo e matla ea phetoho. Mosali ea neng a le selibeng o ne a phela le monna eo e neng e se oa hae. Barutuoa ba Jesu ba ile ba “makalla hore O buoa le mosali eo(Johanne 4:27”), empa Jesu a tsotella haholo seo mosali eo a ka bang sona. A mo ruta, a mo fa monyetla oa ho fetoha, e leng seo mosali eo a se entseng. (Bona Johanne 4:4-42).

    Ha re tsʼoara babang ka tsela eo ba bileng sona eseng ka moo ba kabang ka teng, u ka ba sitisa. Empa re ka ba tsʼoarela ʼme ra ba leballa liphoso tse fetileng. Re ka lumela hore babang ba ka fetoha. Re ka iphapanyetsa bofokoli empa ra totobatsa botle boo baneng ba keke ba ipona bona.Re na le boikarabello ba ho bona batho eseng ka moo baleng ka teng empa ka moo ba kabang ka teng.1

  6. Ba Lese ba Tsamae ka Sefutho sa Bona

    Phetoho e ka nka nako. Kaofela re lokela ho “tsoela pele hoba le mamello hofihlela [re] hloekisoa” (Melao ea Thuto le Lilekane 67:13). Jesu o ne a ena le mamello ho babang ʼme o tsoetse pele ho ruta le baneng ba Mo hanyetsa, A paka mosebetsi oo a o filoeng ke Ntata’e ha a araba lipotso tsa bona (bona Matteu 12:1-13; Johanne 7:28-29). Re ka ba le mamello ho ba bang ʼme re ba khothalletse ho ba le mamello ho bona.

  7. Se ke oa Inehela Ha ba Khutlela Litseleng tsa Bona tsa Khale

    Ka mora lefu la Kreste, le Petrose le ba bang ba Ba-Apostola ba ile ba khutlela ho tseo ba neng ba li tlohetse (bona Johanne 21:3). Kreste a hopotsa Petrose hore o lokela ho “fepa linku tsa [Hae]” (bona Johanne 21:15-17)ʼme Petrose o ile a khutlela tsʼebeletsong. E ka ba ha bobebe ho khutlela tselleng tsa khale. Re ka tsoela-pele ho fana ka tsʼehetso e khothatsang le ho mema tsʼusumetso e bobebe ho tsoela-pele ho latela Mopholosi ʼme re hahamalle ho ba joalo ka Eena.

Re lumelle babang ho hola.

Moholo Jeffrey R Holland oa Lekhotla la Ba-Apostola ba leshome le metso e ʼmeli, o re bolella pale ea hae ea ho lumella ba bang ho hola: “Ke ile ka bolelloa ka mohlankana eo ka lilemo tse ngata e neng e le eena setsʼeisa sekolong sa habo. O ne a ena le liqholotso ʼme ho ne ho le bobebe ho metsoalle ea hae ho mo hobosa. khabareng o ile a tsamaea a siea motse oa habo. Qetellong o ile a kena koetlisong ea sesole ʼme a ba le katleho e itseng, a fumana thuto a siea tse fetileng ka holima tsohle, joalo kaha ba bang sesoleng ba etsa, o ile a fumana botle le botlotlehi ba Kereke ea ba o ba sehlahlo a bile a e thabetse.

ʼMe ka mora lilemo tse ngata, o ile a khutlela motseng oa bocha ba hae. Bongata ba thaka tsa hae li ne li tsoetse-pele empa eseng bohle. Ho hlakile hore; ha a se a khutla a atlehile ʼme a tsoetsepele hape, boinahano ba khale bo ts’oanang bo ne bo ntse bo le teng bo mo emetse hore a khutle. Ho sechaba sa motse oa habo, o ne a holile mona le mane,

“Hanyane ka hanyane monna enoa oa Pouline one a leka hore a siee tsa khale a itsʼoarelle ka tlokola eo Molimo a mo fileng eona hofihlela a ka shoa bophelong boo a bo phetseng bocheng ba hae. Ka bomalimabe, ka ho sareloa o ne a tlile ho patoa ke baneng ba nahana hore tse fetileng tsa hae li khahla ho feta bokamoso ba hae. Ba ile ba atleha ho mo hlobolisa kutloisiso eo Kreste a neng a mo neile eona. ʼMe o ile a shoa a saretsoe, le ha ene ele ka phoso ea hae e fokolang. …

Lesa batho ba bake Lesa batho ba hole Lumela hore batho ba ka fetoha ʼme ba ntlafala2

Lintlha

  1. Thomas S. Monson, “Bona Babang ka Moo ba Kabang ka Teng ,” Liahona, Pulungoana 2012, 70.

  2. Jeffrey R Holland, “Se Molemo se Ntse Setla,” Liahona, Pherekhong. 2010, 19, 20.

Hatisa