2019
Seo pale ea Keresemese e re rutang sona ka Bosebeletsi
T̛sitsoe 2019


Metheo ea Bosebeletsi, Ts’itoe 2019

Seo Pale ea Keresemese e re rutang sona ka Bosebeletsi

“Ena ke nako e ratehang ea selemo. Bina morethetho; Keresemese haufi e tla be e le mona. Bolela pale ea ho tsoaloa ha Jesu, ha e le lesea a tla lefats’eng” (“Pina ea Tsoalo,” Buka ea Lipina tsa Bana, 52).

Setśoantśo
ministering

Litaba tsa Bonang Konyana ea Molimo, ka Walter Rane.

Nako ea Keresemese ke nako e monate,haholo ha linku, balisa, lijelo le linaleli li se li nka moelelo o mo cha. Li ba molemo haholo haho phetoa tse ling tsa liketsahalo tsa bohlokoa nalaneng ea batho: tsoalo ea Jesu Kreste. Malapa a mangata a pepesa lits’oants’o tsa tsoalo malapeng a bona. Bang ba etsa bo ’nete ba hore ba bala pale ea tsoalo ea Hae kapa ba nka karolo lit’soants’isong. Joalo ka lipale tsohle tsa Kreste, pale ea tsoalo ea hae e tletse ka lithuto tseo re ka li fumanang ka bosebeletsi, ka ho arolelana khanya ea Hae ho khants’etsa lefats’e. “Pale ea Keresemese ke pale ea lerato”, ho bolela Mookameli Henry B. Eyring, Moeletsi oa bobeli Boetapeleng ba Pele.

“… Kahara lipale tsa tsoalo ea Kreste, re ka bona le ho utloa seo a neng a le sona le seo a leng sona. Seo se bebofatsa mojaro oa rona tseleng. ’Me e tla etsa hore re itebale re thuse ba bang ka mejaro ea bona.”1

“Ho ne ho se sebaka sa bona tlung ea baeti” (Luka 2:7)

Mohlokomeli oa ntlo a hana ho fana ka ntlo bakeng sa Mopholosi, empa ha rea tlameha ho etsa phoso eo! Re ka etsetsa Mopholosi sebaka lipelong tsa rona ka ho etsetsa bana ba bo rona sebaka litafoleng tsa rona, malapeng a rona, le meetlong ea rona. Meetlo ea malapa a mangata e ka ba mofuthu le ho ba le mehopolo e monate ha e kenyeletsa batho ba bang. Daiana le lelapa la hae ba na le tloaelo ea ho mema batho ba bang ho qeta nako ea Keresemese le bona. Kamehla ka khoeli ea Ts’itoe, ba buisana le ho rera na ke mang eo batla mo mema.2 Mohlomomg lelapa la hao leka qala tloaelo e ts’oanang. Mohlomomg motho eo u mo sebeletsang, a ka ba le khahleho ea ho kopana le lelapa la hau ho bina lipina tsa Keresemese le lona. U ka etsa lijo tsa mantsibuea tsa Keresemese bakeng sa motho e mong ea senang lelapa la hae haufi.

Ke efe tsela ea ho keteka Mopholosi kantle le ho latela mohlala oa hae oa ho kenyeletsa batho ba bang? Hopola hore O mema “bohle ho tla ho Eena ʻme ba latsoe ho loka ha hae; ha a thibele mang kapa mang ea tlang ho Eena, ea mots’o le ea mosoeu, ea litlamong le ea lokolohileng, e mots’eali le e motona; O hopola bahetene; ʻme bohle ba ea ts’oana ho Molimo, ba-Juda le ba-Lichaba” (2 Nefi 26:33). Etsa sebaka ʻme u thehe ho kenyelletsoa.

“Ho ne ho na le balisa naheng eo ba le meraka, ba lisitse mehlape ea bona bosiu”(Luka 2:8)

Ho shebahala holokela hore balisa ba ka ba hara ba bang ba pele ba ho lumelisa lesea Mopholosi. Baporofeta ba khale ba ne ba bitsa Jesu Kreste “Molisa oa Israele” (Lipesaleme 80:1)le “Molisa oa lefats̛e lohle” 1 Nefi 13:41). Le Kreste ka bo eena o itse,“Ke molisa ea lokileng, ʻme ke tseba linku tsaka” (Johanne 10:14) Ho tseba linku tsa rona le ho lula re li hlokometse ke taba ea bohlokoa ea bolisa le ho sebeletsa joalo ka ha Mopholosi a etsa.

Ka mekhabiso e bohehang e benyang, hona le lintho tse ngata tse ka shejoang ka nako ea Keresemese. Empa mohlomong botle bo fetisisang ba nako eo e ka ba ha re hopola ho tsepamisa menahano ea rona ho bao re ba sebeletsang ʻme re lule re hlokometse mohlape oa rona. Ho lula re hlokometse e kaba ho bona se khahlang motho e mong kapa ho mo botsa ka meralo ea hae ka nako ea phomolo. Re lula re hlokometse ha re bona le ho khahlametsa litlhoko tsa ba bang- tse bonahalang le tse sa bonahaleng.

Ha Cheryl a lahleheloa ke molekane oa hae Mick ka ts’oanyetso, o ile a sareloa haholo. Ha Keresemese ea hae ea pele kantle ho molekane e fihla, o ile a ikutloa a le mong. Ka lehlohonolo, mosebeletsi oa hae ʻm̛e Shauna o ile a ba teng. Shauna le molekane oa hae Jim, ba ile ba mema Cheryl ka linako tsa ho ints’a ka nako ea phomolo. Ba ile ba hlokomela hore seaparo sa Cheryl se tabohile ʻme ba rera ho etsa hohong ka taba eo. Matsatsinyana feela pele ho Keresemese, Shauna le Jim ba tlisetsa Cheryl mpho ea Keresemese; seaparo se secha se setle. Ba ne ba etse hloko litlhoko tsa Cheryl tsa ʻme ba hlokometse hore o hloka seaparo se mofuthu empa ba hlokometse hape le litlhoko tsa hae tsa moea eleng ho ts’elisoa le bo teng ba batho. Ba ile ba koala sekheo sa litlhoko tseo ka mekhoa eo ba ka e khonang ʻme ea e ba mehlala hore na re ka hlokomela mohlape oa rona joang.3

“Balisa bare ho ba bang, ha re eeng Bethlehema”(Luka 2:15)

“Ha re eeng hona joale” ke memo e thabisang haholo! Balisa ha ba ka ba nahana hore metsoalle ea bona e ka khathala haholo ho nka leeto. Ha ba ka ba leba Bethlehema ka bo bona. Ba ile ba re ho ba bang ka thabo, “Ha re eeng hona joale!”

Le ha re ke ke ra tseba ho mema ba bang ho tla ho lesea Jesu, reka ba mema ho utloa moea oa Keresemese (kapa moea oa Kreste) ka ho sebeletsa le rona. “Tsela ea ho phahamisa moea oa Keresemese ke ka ho khahlametsa ba haufi le rona ʻme re ba fe bo-rona,” ho boletse ʻm’e Bonnie L. Oscarson, eo eneng ele Mookameli ea akaretsang oa mehleng oa baroetsana.4 Ipone o se u ts’oere kerese. Babang ba bona ka tieo ʻme ba fumana molemo ho khanya ea kerese ea hau, empa nahana mofuthu oo ba ka o utloang haeba o sebelisa kerese ea hau ho khant’sa kerese tsa bona hore le bona ba be le khanya ea bona.

Kreste ka bo eena o ile a ruta hore ba mo latelang ba tla ba le khanya ea hae (bona Johanne 8:12). Ho sebeletsa joaloka eena ke tsela eo reka mo latelang ʻme ra natefeloa ke khanya eo re e ts’episitsoeng. Ka hona, arolelana le ba bang khanya ka ho ba mema ho sebeletsa le uena! Uena le bao u ba sebeletsang le ka sebetsa ʻmoho joang? ʻMoho leka pheha lijo tseo le li ratang kapa la makatsa e mong ka mphonyana kapa molaetsa. ʻMoho leka utloa khanya e tlisoang ke ho latela mehlala ea Kreste ea bosebeletsi.

“Baile ba phatlalatsa litaba tse molemo tsa lesea” (Luka 2:17)

Ho bonolo ho nahana ka thabo eo balisa ba bileng le eona ha ba bolela litaba tse tsotehang tsa tsoalo ea Kreste ho batho ba bangata ka mokhoa oo ba neng ba ka khona. A eteletsoe pele ke manyeloi, Messia ea boletsoeng ke ba porofeta o tlile! O ne a le teng!. Hantle ho bolela litaba tse molemo tsa Mopholosi ke tema e kholo ea pale ea tsoalo. Manyeloi a bina. Naleli ea supa tsela. Balisa ba phatlalatsa hohle.

Reka kenyelletsa mantsoe a rona ho pale ea Keresemese ka ho bolela litaba tse molemo ’me ra netefatsa ka Mopholosi. “Joaloka ha u na le monyetla oa ho ema bakeng sa Kreste boitekong ba hau ba ho sebeletsa, ipotse, ‘Nka arolelana joang khanya ea evangeli le motho eo kapa le lelapa la hae?’” ho rutile Mookameli ʻM’e Jean B. Bingham, Oa Mokhatlo oa Bo ʻM’e. “Ke eng seo Moea o susumetsang hore ke se etse?”5

Tsena ke likhothaletso bakeng sa ho tseba hore na u ka arorelana le ba bang joang bopaki ba hau ka Mopholosi le evangeli ea hae.

  • Fumana lengolo le hapang maikutlo a hau ka Mopholosi kapa le bolelang na hobaneng u Mo leboha. Arorelana le bao u ba sebeletsang.

  • Romella molaetsa o mokhuts’oane oa fono kapa molaetsa oa Keresemese ka marangrang. Hona le tse tsotehang ho ChurchofJesusChrist.org!

  • Bolella motsoalle ka mohopolo kapa tloaelo e ikhethileng e u hopotsang Kreste.

E ba le tumelo hore Moea o Halalelang o tla tiisa ʻnete ea bopaki ba hau, joalo ka ha a tekile bopaki ho Simione le Anna hore lesea Jesu ke eena Mopholosi (bona Luka 2:26, 38).

“ E le ho hlompha ka ʻnete ho tla ha [Jesu Kreste] lefats’eng, re tlameha ho nanabetsa letsoho ka kutloelo bohloko ho bana ba bo rona .” ho boletse Moholo Dieter F. Uchtdorf oa Lekhotla la ba Ba -Apostola ba Leshome le Metso e ´Meli . “Sena re ka se etsa kamehla, ka lipuo le ka liketso. Sena eke ebe tloaelo ea rona ea Keresemese, ho sa tsotellehe hore na re hokae- hoba le mosa, ho t´soarela, ho se ahlole ba bang, ho ba le teboho le ho arolelana le ba hlokang.”6

Lintlha

  1. Henry B. Eyring, “Christmas Stories” (Molaetsa oa Keresemeseoa Boetapele ba Pele, Dec. 6, 2009). broadcasts ChurchofJesusChrist.org.

  2. bona Daiana Melina Albornoz Díaz, ,“Sharing Christmas” Liahona, T’sitsoe 2007, 17.

  3. Sheba Cheryl Boyle,TG T’sitsoe 2001, 57.

  4. Bonnie L. Oscarson, “Christmas Is Christlike Love”(Molaetsa oa Keresemeseoa Boetapele ba Pele, T’sitsoe. 7, 2014), broadcasts.ChurchofJesusChrist.org.

  5. Jean B. Bingham, TG Liahona, Mot’seanong 2018, 104.

  6. Dieter F. Uchtdorf, “Scatter Your Crumbs”(Molaetsa oa Keresemeseoa Boetapele ba Pele, T’sitoe 3, 2017), broadcats ChurchofJesusChrist.org.

Hatisa