2020
Ho bokella Israele ka Bosebeletsi
Pherekhong 2020


Setśoantśo
ministering

Metheo ea Bosebeletsi, Pherekhong 2020

Ho bokella Israele ka Bosebeletsi

Bosebeletsi ke monyetla oa ho latela boeletsi ba moporofeta ba ho bokella Israele

Mookameli Russell M. Nelson o re memetse ho thusa ho bokella Israele—“ntho ea bohlokoa ka ho fetisa e nkang sebaka lefats´eng kajeno.”1

Bakeng sa ba batlang ho ba karolo ea mosebetsi ona oa ho bokella Israele, bosebeletsi e ka ba monyetla o motle. Ke tsela e khothatsang ea ho fetola maphelo a batho. Hore na re sebeletsa litho tsa kereke tse khathetseng kapa re ba memela ho re thusa ha re sebeletsa ba ka ntle ho tumelo ea rona, ho sebeletsa ho fana ke menyetla ea ho bokella Israele.

Ho Pholosa Litho tse Khutlang

“Ha lerato e le lona lebaka, mehlolo e tla etsahala, ´me re tla fumana litsela tsa ho khutlisetsa bana ba bo rona ba “lahlehileng” ka hare ho evangeli e kenyelletsang bohle ea Jesu Kreste.” —Jean B. Bingham2

“Ke ne ke le setho sa kereke se khathetseng bakeng sa bonyane lilemo tse ts´eletseng ha molekane oa ka le ´na re fallela motseng o mo cha. Mookameli oa ka e mocha oa mokhatlo oa bo ´m´e a nketela, a mpotsa hore na a ka romela ´m´e e mong ho nchakela. Ka ho ba le letsoalonyana, ka lumela. ´M´e enoa o ile a nchakela khoeli e ngoe le e ngoe, a sa natse boemo ba hae ba ho hloloa ke lintja—´me ke na le ntja e lerato haholo! Bosebeletsi ba hae bo ile ba tsoela-pele nako ea lilemo tse peli, ´me bo ile ba ba le ts´ usumetso e kholo ho ´na.

Le ha ho chaka ha hae e ne le feela ha setsoalle, ka nako e ngoe o ne a mpotse lipotso tse neng li re isa lipuisanong tsa litaba tsa se moea. “Tsena li ne li ntlhokisa botsitso hanyane, empa li ile tsa susumetsa hore ke nke qeto hore na kea pele ka hara evangeli kapa ke sala moo ke neng ke le teng. Qeto ena e ne e le boima ho ´na, empa ke ile ka khetha ho kopana le bo ´m´e ba barumuoa ba boruti lichabeng.

“Ka letsatsi leo ke ileng ka kena kopano ea selallo lekhetlo la pele lilemong tse ts´eletseng, ke ne ke ts´aba ho kena ka hare. Ha ke kena ka hara kereke, ´M´e ea sebeletsang bakeng sa ka o ne a nkemetse, ´me o ile a tsamaea le ´na ho ea kena ka hara ntlo ea thapelo. Kamorao, o ile a mphelehetsa ho ea koloing ea ka, a ntse a mpotsa hore na a ka etsang ho nthusa haholo ha ntse ke atamela ho Mopholosi.

“Nako ea ´m´e ea sebeletsang bakeng sa ka le lerato la hae li thusitse ho ntataisetsa morao ho ba setho se kenang kereke ka mehla, ´me ke nkile matla a hae e le engoe ea limpho tse kholohali tseo nkileng ka li fuoa. Ke leboha haholo hore o ne a le teng lehlakoreng la ka leetong la ka la ho khutlela kerekeng ea Mopholosi.”

Lebitso ha lea boleloa, British Columbia, Canada

Metheo ea ho eloa hloko

“Nchakela khoeli e ngoe le e ngoe”

U ka bonts´a joang hore u tsotella bao u ba sebeletsang ho feta lintho tse ling? (bona Melao ea Thuto le Lilekane 121:44).

“Lipotso”

Ho botsa lipotso tse nepahetseng ho ka thusa ho qholotsa boitlhatlhobo. Hopola hore bosebeletsi ba rona bo na le sepheo se ka holimo ho feta setsoalle.3

“Ho nkemela”

E mong le e mong o tlameha ho ikutloa a amohelehile (bona 3 Nefi 18:32).

“Moo lehlakoreng la ka leetong la ka la ho khutlela morao”

Ts´ehetso ea rona e ka etsa phapang e kholo ho ba khibetseng ho khutlela ho Mopholosi ´me ba folisoe (bona Baheberu 12:12 - 13).

Bosebeletsi le Pokello

“Ka tsela e feng kapa e feng e bonahalang e le tlholeho kapa e tloaelehile ho uena, arolelana le batho hore na hobaneng Jesu Kreste le Kereke ea hae e le bohlokoa ho uena. …

“… Karolo ea hau ke ho arolelana se ka pelong ea hau me u phele ho ea ka tseo u li lumelang.” —Moholo Dieter F. Uchtdorf4

Ho sebeletsa le ho arolelana evangeli li tsamaea ´moho. Tsena ke litsela tseo re ka bokellang metsoalle ea rona le bahaisane ha re ntse re sebeletsa— kapa ra sebeletsa ha re ntse re bokella metsoalle ea rona le bahaisane:

  • Sebeletsang ´Moho. Sheba menyetla ea ho mema metsoalle kapa bahaisane ho kopana le uena bosebeletsing ba litlhoko tsa e mong. Ba kope ho u thusa ho lokisa lijo bakeng sa motsoetse ea mocha, le etele mohaisane ea tsofetseng, kapa ho hloekisa lehae la e mong ea kulang.

  • Rutang ´Moho. Ela hloko ho mema motsoalle kapa mohaisane ea sa keneng kereke kamehla ho ts´oarela thuto ea borumuoa ba boruti lelapeng la bona bakeng sa motho e mong a kopanang le barumuoa ba boruti lichabeng. Kapa motsoalle oa hau a ka u ts´ehetsa ho ts´oarela thuto ka lapemg la hau kapa ho tsamea le oena ho ea thutong lelapeng la motho e mong.

  • Nanabetsa letsoho ho ba bang ha u bona tlhoko. Thusa ka mokhoa oa ho tsamaea ho ea kerekeng. Mema bana ho ea liketsahalong tsa bacha kapa tsa bana. Ke litsela li feng tse ling tseo u ka sebeletsang le ho bokella?

  • Sebelisa mekhoa le lisebelisoa tseo kereke e li lokisitseng Kereke e fana ka lisebelisoa tse ngata ho litho tsa kereke ho ba thusa ka ho arolelana evangeli. U ka batlisisa ka hara karolo ea “borumuoa lichabeng” ka hara sesebelisoa sa Pokello ea Evangeli ´me oa etela ComeUntoChrist.org bakeng sa mehopolo ea ho bokella Israele metseng ea rona.

Lintlha

  1. Russell M. Nelson, “Hope of Israel” (Tsoseletso ea bacha lefatseng ka kakaretso, Phuptjane 3, 2018), HopeOfIsrael.ChurchofJesusChrist.org.

  2. Jean B. Bingham, “Ministering as the Savior Does,” Liahona, Mots´eanong 2018, 106.

  3. Bona “Metheho ea Bosebeletsi: Morero O Tla Fetola Bosebeletsi Ba Rona,” Pherekhong 2019.

  4. Dieter F. Uchtdorf, “Missionary Work: Sharing What Is in Your Heart,” Liahona, Mots´eanong 2019,17.

Hatisa