2020
Bosebeletsi ka ts´ebeletso ea tempele
Tlhakubele 2020


Metheo ea Bosebeletsi, Tlhakubele 2020

BOSEBELETSI KA TS´EBELETSO EA TEMPELE

Ha re thusa ba bang ho natefeloa ke li tlhohonolofatso tsa tempele, rea sebeletsa.

Setśoantśo
ministering

Background from Getty Images; photograph of Tegucigalpa Honduras Temple

Ho ea tempeleng ke mohato oa bohlokoa. Mookameli Russell M. Nelson o rutile hore “tempele e bohlokoa haholo bakeng sa pholoho ea rona le ba malapa a rona.…

“…E mong le e mong oa rona o hloka ho matlafatsoa moeeng ho sa emiseng le ho laeloa ho khonehang feela ntlong ea Morena.”1

Ho ea tempeleng ho hloka ho etsa nako, ho ba le boikarabello, le li sebelisoa, le ho itukisa moeeng. Rea sebeletsa ha re hloaea lintho tse sitisang ba bang hore ba hloloe ho ea tempeleng ebile re ba thusa ho fumana tharollo.

Tempele ke tlhohonolofatso eo e mong le e mong a ka e thabelang

Ea sa tsoa khutla borumuoeng ba boruti lichabeng, Meg, o ne ntse a tsamaea hoea monyako oa tempele ea Kona Hawaii ha a hlokomela moroetsanaea lutseng a le mong setulong kantle. Meg o ile a ikutloa a tlameha ho bua le moroetsana eo le ha a ne a sa tsebe seo a lokelang ho se bua. O ile a mo botsa hore na moelelo oa motako o leotong la hae o bolela eng. Hoo ho ile hoa qala puisano e ileng ea lumella moroetsana, Lani, ho arolelana pale ea hae le eena.

Lani o ile a bolella Meg ka ho sokola hoa hae ho khutlela kerekeng, ka litho tsa kereke tse bileng mosa ho mo thusa, le ka ts´epo ea ho kopanngoa ha mmoho le morali oa hae ea seng a fetile.

Meg o ile a mema Lani ho ea lula ka ntlong ea ho ema ea tempeleng. Le ha ba ne ba keke ba kena ka hara tempele, empa ba ne ba se ba le monyako. Lani o ile a lumela, ʼme ba tsamaea ha mmoho hoea monyako o kantle. Mosebeletsi oa tempele o ile a ba bonts´a setulo se tlasa sets´oants´o sa Mopholosi.

Ha ba ntse ba lutse mmoho, Lani a seba a re “ruri ke ne ke batla hotla tempeleng kajeno, empa ke ne ke ts´ohile.” Ka ha Meg o ile a mamela moea o halalelang, o ile a thusa Lani ho fumana karabo ea thapelo ea hae

Mehopolo ea ho thusa ba se nang tumello ea ho kena tempeleng

Le basenang tumello ea ho kena tempeleng ba ka hlohonolofatsoa ke temepele

  • Arolelana maikutlo a hau mabapi le ka moo Morena a u hlohonolofalitseng ka ho etsa mosebetsi oa temepele

  • Mema e mong ho ba teng ha ho buloa tempele kapa sebaka sa baeti. Fumana liketsahalo tse tlang tsa ho buloa ha temepele ho temples.ChurchofJesusChrist.org.

  • Sheba li ts´oants´o o ithute haholo ka tempele ho temples.ChurchofJesusChrist.org

Etsa hore ho ea temepeleng ho be bobebe bakeng sa babang.

Le litho tse nang le tumello ea ho kena tempeleng, ho ea tempeleng e ka ba qholotso. Ba bang ba lokela ke ho nka leeto le le lelele. Babang ke ba nang le bana ba ba nyenyane kapa batho ba holileng ba hlokang tlhokomelo. Re ka sebetsa ha ʼmoho ho etsa hore ts´ebeletso ea tempele ebe e bonolo ho batho bohle.

Leola Chandler o ne a ikutloa a sithabetse ke ho hlokomela molekane oa hae ea kulang le bana ba bona ba bane. O ile a khetha ho behella ka thoko nako ea Labobeli le leng le le leng ho ea temepeleng e haufi. Hoo ebile mohloli oa khotso le matla bophelong ba hae.

Ka le leng a utloa hore ba bang ba bo ʻmʼe kerekeng ba lakatsa ho ea temepeleng, empa ba ne ba sena sepalangoang se ka ba isang. Leola o ile a kopa ho ba isa. Lilemo tse latelang tse 40, e ne ele ka ngope- sets´oa a ka eang tempeleng ale mong.2

Leola o ile a hlohonolofala, ʼme a hlohonolofatsa le ba bang ka ho ba thusa ho ba isa temepeleng.

Mehopolo ea ho thusa ba bang ho kena temepeleng

Re ka thusa ba bang joang ho ea temepeleng hangata? U ka fumana hore mehopolo e meng eka u thusa le uena.

  • E eang ´Moho. Thusa ho fana kapa ho hlophisa sepalangoang bakeng sa motho e mong. Ho ka nna ha thusa ho khothalletsa e mong ho ea tempeleng.

  • Botsa litho tsa lelapa la hau kapa ba kerekeng ho u thusa ho sebeletsa baholo-holo ba hau, haholo hau na le mabitso a mangata a seng a lokela ho fumana lits´ebeletso.

  • Fana ka thuso ea ho sala le bana hore batosali ba kene ka tempeleng. Kapa o hlophise ho fetolana le e mong ka ho hlokomela bana ba lona.

Ha tempele e le hole

Chandradas “Roshan” le Sheron Antony ba Colombo, Sri Lanka, ba ile ba nka qeto ea ho tlamahanngoa ha mmoho ka hosafeleng tempeleng. Metsoalle ea bona Ann le Anton Kumarasamy ba ile ba ba thabela haholo. Empa ba ne ba tseba hore ho fihla tempeleng ea Manila Philippines ho ne hose bonolo ho bile ho le litjeho li boima.

Roshan le Sheron ba ne ba bolokile chelete ʼme ba behelelitse sefofane likhoeli pele hore ba fumane sefofane sa theko eo ba ka e khonang. Qetellong, letsatsi la fihla. Le ha ho le joalo , ha ba se ba le Malaysia, ba hlokomela hore ho tsoelapele ka naheng ea Philippines, ba hloka tumello ea ho kena naheng e ngoe kapa ho palama sefofane se seng. Ho ne hose bonolo ho fumana tumello ea ho kena naheng e nngoe, ba ne ba hloka chelete ea ho reka tekete ea sefofane se seng. Empa ba ne ba ke ke ba khutlela hae basa tlamahanngoa hammoho ka hosafeleng.

Ke ho tsieloa, Roshan a letsetsa Anton. Anton le Ann ba ne ba lakatsa ho thusa. E ne ele ba bang ba banyalani ba Sri Lanka ba tlamahantsoeng ha mmoho ka hosafeleng tempeleng, ´me ba ne ba tseba hore ke lehlohonolo le joang. Empa ba ne ba sa tsoa sebelisa chelete eo ba neng ba e bolokile ho thusa e mong oa lelapa, ka hoo ba ne ba sena chelete e lekaneng ho thusa Roshan le Sheron ho reka li tekete tsa sefofane.

Sri Lanka ke moetlo hore monyaluoa a rekele monyali sefaha sa molaleng sa khauta hore a tle a be le chelete ha monna oa hae a shoa. Ann o ile a rekisa sefaha sa hae sa molaleng ho thusa ho reka litekete. Mpho ena ea hae e ile ea etsa hore Roshan le Sharon ba be le monyetla oa ho fihla ka nako tempeleng Manila.

“Ke tseba bohlokoa ba tempele,” ho rialo Ann. “Ke ne ke tseba hore Sheron le Roshan e tla ba litho tse matla lekaleng. Ke ne ke sa batle hore ba fetoe ke monyetla ona.”3

Mehopolo ea ho thusa ba sa khoneng ho kena tempeleng

U ka bitsetsoa ho sebeletsa ba se nang monyetla oa ho ea tempeleng hangata kapa ba sa khoneng hohang ka lebaka la bo hole kapa litjeo. Empa u ka fumana litsela tsa hoba thusa ho ananela li tlhohonolofatso tsa tempele.

  • Ruta kapa o nke karolo ha mmoho ka boitukisetso ba tempele kapa ba nalane ea lelapa.

  • Ba fe sets´oants´o sa tempele ba se behe leboteng malapeng a bona.

  • Ha eba u kile oa ea tempeleng, arolelana le bona maikutlo a hau ka li ketsahalo le bopaki ka li ts´ebeletso tsa tempele.

  • Ba thuse ho ithuta haholo ka likano tseo ba li entseng le hore na ba li boloke joang. Sebelisa “Understanding Our Covenants with God: An Overview of Our Most Important Promises,” Phuptjane 2012 Liahona.

Lintlha

  1. Russell M. Nelson,“Becoming Exemplary Latter-day Saints,” Liahona, Pulungoana 2018, 114.

  2. Bona LaRene Gaunt, “Finding Joy in Temple Service,” Ensign, Loetse. 1994, 8.

  3. Ann le Anton ba ile ba fumana sefaha sa bona sa molaleng kamora ho khutlisetsoa chelete ea bona ke Church’s General Temple Patron Assistance Fund, e fanang ka thuso ea lichelete ho litho tse neng li keke tsa ba le monyetla oa ho ea tempeleng.

Hatisa