2020
Bosebeletsi ka Seboka se Akaretsang
´Mesa 2020


“Bosebeletsi ka Seboka se Akaretsang,” Liahona, ´Mesa 2020

Setśoantśo
bosebeletsi

Metheo ea Bosebeletsi, ´Mesa 2020

Bosebeletsi ka Seboka se Akaretsang

Ka liqotsulo tsohle tse phahamisang moeeng, litloaelo tsa malapa, le lithuto ka basebeletsi ba Morena, seboka se akaretsang se re fa litsela tse ngata tsa ho sebeletsa—pele, ka nako eo, le kamora seboka se akaretsang!

Joalo ka litichere tsa sehlopha sa ba itukisetsang ho ea borumuoeng ba boruti lichabeng, Susie le Tom Mullen ba khothalletsa hangata hore litho tsa sehlopha sa bona li meme babang ho shebella seboka se akaretsang.

“Ho mema e mong ho etsa se seng ke ntho ea bohlokoahali ea mosebetsi oa borumuoa ba boruti lichabeng ´me e sebetsa hape le bosebeletsing,” o rialo. “Baithuti ba rona hangata ba tlaleha ka moo ho bileng le katleho ho bona le batho ba ileng ba amohela memo.”

Mona ke litsela tse nyenyane tseo baithuti ba bona ba li tlalehileng ho nanabetsa letsoho:

  • “Re sebeletsa motsoalle ea nang le mathata a mokhathatsang. Re ile ra mo mema ho mamela seboka se akaretsang bakeng sa ho fumana likarabo. Ha re bua le eena ka mora seboka se akaretsang, o ile a re bolella hore o utloile mehopolo e mengata e ka mo thusang.”

  • “Re ile ra ba le moketjana oa seboka se akaretsang moo e mong le e mong a ileng a tla le se seng seo a arolelanang ka sona. Ho ile hoa eba monate haholo ´me ra etsa qeto ea ho ba ´moho hape.”

  • “Ke ile ka mema motsoalle e mong ho shebella seboka se akaretsang le nna. Ha rentse re bua ka sona, ra lumellana hore re ee kerekeng ele ho bona hore re ka se shebella teng. Re ile ra etsa joalo ´me e ile ea ba boiphihlelo bo monate haholo ho ba moo!”

Joalokaha ba ha Mullen le baithuti ba bona ba ithutile, hona le litsela tse ngata tsa ho sebeletsa ka Seboka se akaretsang. Ke tsela e ntle haholo ea ho arolelana liqotsulo tse phahamisang moeeng, litloaelo tsa malapa, lipuisano tsa boleng le lithuto tsa basebeletsi ba Morena!

Mema ba bang hore ba etele lelapa la hau

“Mopholosi o laetse balateli ba hae ho “rata ba bang; joaloka ha ke le ratile” (Johanne 13:34). Joale re sheba ka moo a re ratileng. … Ha re mo etsa mohlala oa rona, re lokela kamehla ho leka ho nanabetsa letsoho ho kenyeletsa bohle.” —Moetapele Dallin H. Oaks1

Lilemong tsa ho feta, moalosi oa rona Mike a hlokomela hore nna le bana baka ba bararo rena le komporo e nyenyane eo re shebellang seboka se akaretsang ho eona. Hang a re mema ho ea ntlong ea hae ho shebella mmoho le mofumahali oa hae, Jackie, ba hatella hore ba hloka batho baka shebellang le bona. Bana baka ba ile ba thaba haholo ho shebella seboka se akaretsang sea-le-moea ponong sa nnete; ke ile ka leboha haholo ho ba le bots´ehetsi; kaofela re ile ra rata nako ea rona mmoho.

Ka morao ho moo, ho shebella seboka se akaretsang mmoho e ile ea eba tloaelo. Le ha re se re na le sea-le-moea pono seo eleng sa rona, re ne rentse re shebella seboka se akaretsang ha Mike le Jackie renka mesangoana ea rona le lijo le libuka.. Houtloa mantsoe a baprofeta ha mmoho ho ne ho etsa hore se khetholohe. Re ile ra ba joaloka lelapa. Mike le Jackie ba fetoha ba bang ba metsoalle ea rona e meholo le ho ba baholo-holo ba bobeli ho bana baka. Lerato le setsoalle tsa bona e bile lehlohonolo le leholo lelapeng laka. Ke leboha haholo ka boikemisetso ba bona ba bula lipelo tsa bonaho rona.

Suzanne Erd, California, USA

Metheo ea ho eloa hloko

“Tlhokomelo”

Mopholosi ka lerato la hae o ile a nka nako ea hae ho bona litlhoko tsa ba bang ´me a ba thusa (bona Matteu 9:35-36; Johanne 6:5; 19:26­27). Re ka etsa se ts´oanang.

“Hang a mema”

Ka mora hore re hlokomele litlhoko tsa bao re ba sebeletsang, mohato o latelang ke ho nka khato.“Ho utloa mantsoe a baporofeta”

Re lokela ho “kopana ha mmoho ha ngata” (Moroni 6:5) ho ithuta ha mmoho le ho bua ka litaba tsa semoea tseo eleng tsa bohlokoa meeng ea rona.

“Tlohong le mamele lentsoe la moporofeta,´me le utloe lentsoe la Molimo”2 e kaba e nngoe ea li memo tsa bohlokoa tseo reka li etsetsang bao re ba sebeletsang.

“Lerato le setsoalle”

Ho thusa ka nnete le ho susumetsa ba bang, re lokela ho aha likamano ka qenehelo le ka “lerato la nnete” (sheba Melao ea thuto le Lilekane 121:41).

Arolelana ho marang-rang

“Likanale tsa marang-rang a setsoalle ke sebaka se ka bang le tsutsumetso e ntle ho motho ka mong le ho ba lelapa. Ke lumela nako e fihlile bakeng sa rona re le balateli ba Kreste ho sebelisa lisebelisoa tsena tse khothalelitsoeng ka mokhoa o nepahetseng ka botlalo ho pakahatsa ka Molimo Ntate oa bosafeleng, morero oa hae oa thabo bakeng sa bana ba hae, le Mora oa hae Jesu Kreste e leng Mopholosi oa lefats´e.”—Moholo David A. Bednar3

Marang-rang a re lumella ho arolelana evangeli le lefats´e lohle. Ke rata taba eo! Ke arolelana le bona liketsahalo tse nyenyane tsa seboka se akaretsang, empa haholo ke leka ho thusa ba bang ho theha lipuisano hotsoa lipuong tsa seboka se akaretsang. Ho bona lipotso tsa ba bang ho ka thusa hore motho a utloisise litaba ka tsela e fapaneng eaba ea thusa hore mong a fumane tsela kapa ts´usumetso ea ho hong.

Ke fumane hore ha u sebelisa lipotso ho bua ka seboka se akaretsang le malapa ao o a sebeletsang, ho thusa ho bona bokhoni le litlhoko tsa bona. E nngoe ea lipotso tseo ke ratang ho li botsa ke, o utloa eka molaetsa oa phutheho ea haufinyane ea seboka se akaretsang e ne ele o feng?

Hangata kamehla karabo e u lumella ho bona hore na ho etsahala eng bophelong ba bona le seo e leng sa bohlokoa haholo ho bona. E u lumella hore o be mosebeletsi ea hloahloa hobane o khona ho ba bona hantle.

Camille Gillham, Colorado, USA

Metheo ea ho eloa hloko

“Arolelana ka evangeli”

Re ile ra etsa selekane ho “ema re le lipaki tsa Molimo ka linako tsohle le linthong tsohle, le libakeng tsohle”.(Mosaia 18:9

“Theha lipuisano”

Melaetsa ea seboka se akaretsang e ka khothaletsa lipuisano, tse makatsang, tse loketseng ´me li eteletsoe pele ke moea. Lipuisano tsa mokhoa ona li ntlafatsa likamano, li thusa tumelo ho hola, li be li tlise thabo! (bona Melao ea Thuto le Lilekane 50:22).

“Sebelisa lipotso”

“Lipotso tse ntle li tla thusa hore u utloisise lithahasello, li qholotso, kapa lipotso tseo ba bang ba kabang le tsona. Li ka matlafatsa ho ruta ha hau, tsa mema Moea o halalelang, le ho thusa batho ho ithuta.”4

Lintlha

  1. Dallin H. Oaks, Love and the Law”(video), mormonandgay.ChurchofJesusChrist.org.

  2. “Come, Listen to a Prophet’s Voice,” Hymns nomoro ea 21.

  3. David A. Bednar, “Flood the Earth through Social Media,” Liahona, Phato. 2015, 50.

  4. Preach My Gospel: A Guide to Missionary Service (2004), 185.

Hatisa