2020
Bosebeletsi ka Likopano tsa Kereke.
Phupu 2020


“Bosebeletsi ka likopano tsa kereke,” Liahona, Phupu 2020

Setśoantśo
Bosebeletsi

Setsʼoantsʼo sa bahlankana ba hlomang tente ka Bu Corkin; setsʼoantsʼo sa moroetsana ea tekang tafole ka Sherie Price McFarland; ponahalo hotsoa Litśoantśong tsa Getty

Metheo ea Bosebeletsi, Phupu 2020

Bosebeletsi ka likopano tsa Kereke.

Molaetsa oa Mohlophisi: Litaba tsena li ngotsoe pele ho seoa sa COVID-19 Litlhahiso tse ling tse ka tlase li ke ke tsa sebetsa nakong ea lipehelo tsena tsa COVID-19 empa li tla sebetsa hang ha likopano tsa Kereke le litśebeletso li qala. Ha ho hlokahala, ka kopo ikamahanye le litlhahiso tsena ho latela tataiso ea hona joale ea Kereke le `muso.

Engoe ea mekhoa eo re ka sebeletsang ka eona litho tsa lekala, baahisane, le metsoalle ke liketsahalo tsa Kereke. Ebang u ka rala kopano u ipapisitse le litlhoko kapa litabatabelo tsa tsa emong eo u mosebeletsang kapa u ba mema ho nka karolo likopanong tsa lekala, kapa monyetla oa tśebeletso ho babang, likopano lekaleng, seterekeng kapa moo ho kopaneng litereke li ka fana ka moelelo le ho thabisa ՚me tsa akofisa bonngoe le homatlafatsa litho.

Likopano tsa kereke hape lika bula mamati ho menyetla e mengata ea bosebeletsi. Mohlala, Likopano tsa kereke li ka fana ka menyetla ea ho nka karolo ho merero ea tśebeletso e hlohonolofatsang ba bang le ho aha likamano tse ntle kahare ho sechaba. Likopano tsa kereke hape ekaba monyetla oa ho fihlela litho tsa kereke tse seng li nyahame le metsoalle hotsoa litumelong tse ling kapa metsoalle e sa ikamahanyeng le litaba tsa tumelo.

Ho kenyelletsa batho ba bangata likopanong tsa kereke ho fana ka monyetla hore Morena a hlohonolofatse ՚me a matlafatse makala a rona, bahaisane le lichaba tsa habo rona.

Ho Aha Likamano Tse Bohlokoa

Mariha a ne a atamela ՚me David Dickson o ne a sena maikutlo a hore na o tla boloka lelapa la hae le futhumetse joang.

David, Mosali oa hae, le barali bahae ba babeli ba ne ba satsoa fallela motsaneng oa Fredonia, Arizona, USA, eleng lehoatata le leholo le potiloeng ke lilomo tse ntle tse khubelu le botala ba linako tsohle.

Ntlo eo ba ha Dickson baneng ba e hirile e ne e itśetlehile ka setofo sa patsi e le eona mohloli oa mantlha oa mocheso/mollo. Ka pele-pele David a ela hloko hore ho bohlokoa ho ithuta ho roalla patsi hoba mariha a Fredonia a ba le lehloa le qhoqhoane

“Ke ne ke sena patsi kapa sakha kapa eona tsebo ea ho e sebelisa!” Ho bolela David “Ke ne ke sa tsebe seo ke neng ke lokela ho se etsa.”

Bang ba litho tsa lekala baile ba botsa David hore na lelapa lahae le na le patsi e lekaneng bakeng sa mariha ohle. “Ha ho ea ba nka nako e telele hore ba hlokomele hore ke ne ke e hloka,” ho boletse David “Lekhotla la baholo ba kereke kapele la ithaopa ho nthusa ho bokella patsi. Ke tletse teboho, ka amohela boithaopo ba bona”.

Kapele David o ile a fumana hore leeto lena la ho bokella patsi e ne e le tloaelo ea mesebetsi e mengata e hlophisitsoeng hantle, e hlophisehileng hantle ebile e tsamaeang hantle. Hoseng ho hong ka Moqebelo, David, lekhotla la baholo ba kereke, le litho tse ling tsa lekala ba ile ba ea lithabeng ba palame likarafene tsa literaka le literekere.

“Thapameng e le ՚ngoe, ka lebaka la lisebelisoa le tsebo ea bona, litho tsa lekala li ile tsa fa lelapa la ka setha sa patsi ee ileng ea lekana nako ea mariha ha beli,” ho bolela David. “Ka hofitisisa, ke ile ka ithuta tsohle tse ke neng ke lihloka ho li tseba ho bokella patsi ka bo´na. Ka nako eo keneng ke tloha Fredonia, ke ne ke tseba ho tśoara sakha, `me ke ile ka thusa likopanong tse ngata tsa ho roalla patsi kahare ho lekala.”

Likopano tse joalo tsa lekala ha li ahe feela likamano tse ntle kahara litho empa li aha likamano tse mofuthu le ho emong le emong kahara sechaba.

“ke hopola mosali emong, eo eneng e se setho sa Kereke ea neng a le mocha kahare ho sebaka,” ho bolela David. “O ne a theohetse boemong ba ho futhumatsa ntlo ea hae ka mollo oa patsi. Hang hore re hlokomele tsietsi ea hae, re ile ra etsa bonnete ba hore o na le patsi e lekaneng mariha ohle. O ile a leboha haholo hoo a neng a hloloa le ke ho buoa.”

Boiteko ba bosebeletsi ba Fredonia bo ile ba etsa hore emong le emong a sale a bolokehile a bile a futhumetse mariha ohle.

Hofihlela ho Ba bang

Ha a ntse a le bosebeletsing ba burumuoa lichabbeng Romania, Meg Yost le molekane le ena kamehla bane ba chakela lelapa le neng le qetetse khale ho kena kereke “Ba ha Stanicas ba ne ba le hara litho tsa pele tsa kereke Romania, ho bolela Meg “`me re ne re ba rata.”

Ha nako ea ho hlophisa kopano ea kereke lekaleng e fihla, baetapele ba ile ba etsa qeto ea hore lekala le tla ba le “Bosiu ba Bo-pula-maliboho.” Sena e tlaba shoalane ea ho keteka bo-pula-maliboho ba sebete ba ileng ba tsamaea hara Linaha tse Kopaneng tsa Ameria hoea fihla phuleng ea Salt Lake. E ne e tla ba monyetla hape oa ho hlompha bo-pula-maliboho ba kereke Ramania.

“Re ile ra hopola hore tsela e ntle haholo ho babang ba litho ho fana ka bopaki ba kamoo ba ileng ba sokoloha le kamoo ba boneng kereke e hola naheng ea Romania,” ho bolela Meg. “Hang-hang re ile ra nahana ho mema lelapa la Stanica. “Re ile ra ba mema ho nka karolo, `me ba ne ba thabile!”

Ka bosiu ba kopano, ba ha Stanica bane ba so fihli ka nako ea ho qala.

“Re ne re tśoenyehile ka khopolo ea hore ha ba na ho tla,” Meg o oa hopola. “Empa ka nako, ba kena monyako. Ba ha Stanica ba fana ka bopaki bo botle ba evangeli le Kereke. `Me ba thabelana le ba bang ba litho bao eseng el e nako e telele ba sa bonane.”

Litho tsa lekala tsa amohela ba ha Stanica ka liatla tse mofuthu Sontaha se hlahlamang, Meg o ne a maketse ka nyakallo ha a bona `M՚e Stanica kerekeng.

“Ha ke chakela lekala leo likhoelinyana tse `maloa ha morao, o ne antse a tla!” Ho bolela Meg. “Ke nahana hore monyetla oa ho fana ka bopaki le ho ikutloa a ameha a bile a hlokoa ka hara lekala, li ile tsa mo thusa haholo.”

Mehopolo e 4 ea ho sebeletsa ka likopano tsa kereke

  • Hlophisa likopano tse fihlelang litlhoko: Likopano ke mokhoa o motle oa ho fihlela litlhoko tse fapaneng. Li ka hlophisoa ho fihlela lithloko tse ikhethang tsa motho ka mong kapa sehlopha sa batho. Li tlameha ho fihlela litlhoko tsa ba nkileng karolo, ebang tlhoko ke ho tsebana, hoithuta `moho ka evangeli kapa ho utloa moea o halalelang.

  • Mema bohle Ha u hlophisa likopano, nka khato e matla ho mema ba tla una molemo ka ho nka karolo. Ela hloko litho tse ncha, litho tse nyahameng, bacha, batho ba baholo ba hlokang balekane, batho ba nang le bokooa, le batho ba litumelo tse ling. Etsa memo hoea ka lithahasello tsa bona tse ntle, `me u hlalose kamoo u ka thabelang ha batla.

  • Khothalletsa ho nka karolo: Bao u ba memang ba fumana tse ngata likopanong ha ba thola monyetla oa ho nka karolo. Engoe ea mekhoa ea ho khothaletsa ho nka karolo ke hore motho ka mong a fane ka limpho, litsebo le litalenta nakong ea kopano.

  • Amohela bohle: Ha eba metsoalle ea hau e tlile kopanong, etsa sohle se matleng a hau hore ba ikutloe ba amohelehile. Ka mokhoa o tśoanang ha u bona batho bao u sa ba tsebeng, e ba mosa u ba amohele hape!

Hatisa