2020
Bosebeletsi ka Tlohong, le Ntatele
Loetse 2020


“Bosebetsi ka Tlohong, le NtateleLiahona, Loetse 2020

Setśoantśo
Bosebeletsi

Metheo ea Bosebeletsi, Loetse 2020

Bosebeletsi ka Tlohong, le Ntatele

Ke ha joang Tlohong, le Ntatele e ka u thusang ho etsa phethoho bophelong ba ba bang?

E ka ba ka lapeng, sekolong sa Sontaha u le tichere kapa u le moithuti, kapa u le sekolong, mosebetsing, kapa hohle, boithuto ba mangolo a halalelang ka “Tlohong, le Ntatele” bo fana ka menyetla e mengata ea ho ba bosebeletsing ba ba bang. Ho ruta “ho feta ho etella pele ho arolelana lentsoe ka Sontaha; ho kenyelletsa bosebeletsi ka lerato le ho hlohonolofatsa ba bang ka evangeli.” 1

Ho Hokahana le Baithuti

Ha Ofelia Trejo de Cárdenas a ne a bitsetsoa ho ruta bacha ba so kene lenyalong lekaleng la hae Mexico City, o ile a utloa hore ho ba le likamano tse ntle le moithuti ka mong ka sekolong sa Sontaha ho tla eketsa bokhoni ba ho ba ruta le ho ba ntlafatsa.

“Ha ke sa be le likamano tse ntle le baithuti baka ebile ba sa utloe ke ba rata, ba ka se kholoe seo ke ba rutang sona kapa bopaki baka.” O rialo. “Ba ka ikutloa feela eka ke tichere ea Sekolo sa Sontaha”

Empa ´M´e Cárdenas a ka theha joang likamano tse ntle empa a ruta ha ´ngoe libekeng tse peli? A fumana karabo ka marang-rang. Tśebeliso ea WhatsApp ka mohala oa letsoho, e ile ea thusa eena le baithuti ba hae ho hokahana kamehla ka melaetsa e ngotsoeng le e mameloang. Hona joale, pele ho thuto e latelang ea Sekolo sa Sontaha, moithaopi o romella baithuti ba bang temana ea lengolo le halalelang hotsoa thutong e tlo latela e ipapisitseng le seo a se utloisisang. Kamora ho bala temana le seo moithuto a se utloisisitseng, baithuti ba fana ka maikutlo a bona.

“Ha ba balile lengolo le halalelang, ba romela sets´oants´o sa sefahleho se thabileng e le sesupo sa hore ba balile ´me ba nahanne ka lengolo leo,” ho rialo ´M´e Cárdenas. Ha e le nako ea thuto ea Sontaha se hlahlamang , baithuti ba se ba itukiselitse ho nka karolo.

Ho hokahana hona ha kamehla, ho hlohonolofalitse e mong oa bacha eo batsoali ba hae ba sa tleng kerekeng kamehla.

“Ke rata ho mo bona atla kerekeng ka ho tseba hore ho fihla ha hae moo, o fetile liphephetsong tse kae,” ho rialo ´M´e Cárdenas. “Ke na le bonnete ba hore mangolo a halalelang le maikutlo a hae ka thuto eo a e arolelaneng le ba bang le eo ba bang ba e arolelaneng le ena, e mo matlafalitse haholo.”

´M´e Cárdenas o re bosebeletsi ka mangolo a halalelang ha bo emise ka thuto ea Sontaha le khokahano ea hae le bacha.

“Boitukiso baka bo kenyelletsa ho rapella baithuti baka.” o rialo. “Ke nahana ka bona letsatsi le letsatsi eseng feela ka Sontaha.” Emong le emong oa bona o na le litlhoko tse ikhethileng tse fapaneng. E mong le e mong ke ngoana oa Molimo, Ke nahana ka bona ha ke ntse ke itukisetsa thuto.”

Ha a ntse a ruta, o mamela baithuti ba hae le Moea o halalelang.

“Moea o halalelang ke oona tichere” eo a o utloang mantsoeng a baithuti ba hae. “Ke lokela ho mamela ka hloko hobane seo ba se buang ke ts´enolelo eo Moea o Halalelang o ba fang eona”

Sehlopha sa rona “Ekare Thuto ea Lapeng ea Mantsiboea”

Carla Gutiérrez Ortega Córdoba o ikutloa a hlohonolofetse haholo ho ba karolo ea sehlopha se rutoang ke ´M´e Cárdenas sa Sekolo sa Sontaha ka lebaka la tlhokomelo le ho ba sebakeng sa bosebeletsi. Carla o hlahisa hore sebopeho sa boemo ba sebaka seo ke ka mabaka a fapaneng a kenyelletsang:

  • Boitukiso: Ho arolelana ka mangolo a halalelang le mehopolo ho thusa baithuti ho lokisetsa sehlopha se latelang. “Ho bala mangaolo a halalelang kamehla ho a re matlafatsa ebile ho chorisa tsebo ea rona,” o rialo

  • Ho nka karolo: “Kaofela rea bua. Hona ho nthusa ho tseba baithuti ´moho le nna ka botebo, e le metsoalle ebile e le bana beso.”

  • Lerato: “´M`e Cárdenas ou ts´oara ka letsoho Sehlopha sa rona ekare ke boithuto ba lapeng ba mantsiboea le bana ba bo rona ba bangata. E khethehile haholo”

  • Moea o Halalelang: “Re na le moea o thabisang oa bonngoe ka hara sehlopha sa rona hobane Moea o Halalelang o ba teng.”

  • Bopaki: “Tlohong, Le Ntatele e nthusitse ho lula kel e malala a laotsoe ho arolelana ka bopaki baka. Ke na le tsebo e tebileng ka Buka ea Mormone le Bibele. Hoo ho ntumella ho arolelana ka seo ke ithutang sona le baithuti ha ´moho le ´na sekolong le basebetsi ´moho.”

Bosebeletsi ba Litlhoko tsa Semoea.

Ha Greg le Nicky Christensen, ba Kentucky, USA, ba ne ba bala ka likano tsa Abrahama ka hare ho mangolo a halalelang le bara ba bona ba bararo, ba ile ba fumana ho le thata to ba hlalosetsa tsona. Ba etsa qeto e le lelapa hore emong le emong oa bona o tla ithuta ka likano tsa Abrahama bo mong ba bona ´me ba tle ba arolelane seo ba ithutileng sona.

“Re fumane litaba tse khahlang” ho rialo Greg. “Mora oa rona ea lilemo li robeli o ithutile hore lebitso la Abrahama e ne e le Abram pele. Lebitso la hae le ile la fetohela ho Abrahama hobane a ile a etsa ts´episo ho Morena hore otla baka libeng tsa hae a phele ka bohloeki. Ke ile ka makoatsoa ke hore o atlehile ho fumana seo.”

Kaofela ba ile ba ithuta se seng se secha ba ba ba ba le puisano e monate ka hore na likano tsa Abrahama ke eng ´me li bolela eng ho Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno mehleng ena.

“Re ne tloaetse ho tsamaea ka tlung re bala litemana ka nako ea boithuto ba rona ba mangolo a halalelang,” ho rialo Nicky. “Tlohong, Le Ntatele e tsepame haholo ho ruta ka Moea o Halalelang. Hona joale hare ithuta ha ´moho, ke utloa ts´uts´umetso ea Moea o Halaleng hore ke etse hore puisano ea rona e itśetlehe haholo litlhokong tsa lelapa la rona.”

Ho sebelisa Tlohong, le Ntatele ha ho a thusa feela lelapa la bona ho ba le thahasello ho boithuto ba evangeli, empa ho thusitse Greg le Nicky ho sebeletsa litlhoko tsa bana ba bona.

Tlohong, Le Ntatele e nthusitse ho ruta bana baka,” ho rialo Nicky. “E nthusitse ho sebetsana le liphephetso tse fapaneng tseo ke kopanang le tsona ka bana baka. Ke ikutloa ke na le Moea o Halalelang, ke mamela ka hloko, hape ke fumane ts´uts´umetso ea hore na ke thusa bana baka joang.”

Greg o natefeloa ke li puisano tse telele tseo evangeli ea Tlohong, le Ntatele e thusang ho li etsa ka lapeng. “Bara ba rona kaofela ba fapane ka tsebo ea bona ea evangeli,” o rialo “CTlohong le Ntatele e fana ka mokhoa oa ho thusa e mong le emong oa bona ho ithuta ho latela litlhoko tsa bona. Ho bona lerato la bona la evangeli le hola le ho ba shebella ha ba fumana mekhoa eo ba ka sebelisang evangeli bophelong ba bona ke tlhohonolofatso e kholo.

Ntlha

  1. Tlolohong, Le Ntatele Bakeng sa Sekolo sa Sntaha: Buka ea Mormone 2020(2019), 19.

Hatisa