Mangolo a halalelang
Jakobo 7


Khaolo ea 7

Shereme o latola Kreste, o ngangisana le Jakobo, o batla lets’oao, ’me o otloa ke Molimo—Kaofela baporofeta ba buile ka Kreste le Topollo ea hae—Ba-Nefi ba phetse matsatsi a bona e le baleleri, ba tsoaletsoe tsietsing, ’me ba hlouoe ke Ba-Lamane. Ka bo 544–421 B.C.

1 ’Me joale ho ile ha etsahala kamora hore lilemo tse ling li fete, ho ile ha tla monna har’a batho ba Nefi, eo lebitso la hae e neng e le Shereme.

2 ’Me ho ile ha etsahala hore a qale ho ruta har’a batho, le ho phatlalatsa ho bona hore ho keke ha ba le Kreste. ’Me o ile a ruta lintho tse ngata tse neng li thetsa batho; ’me sena o se entse hore a tle a phethole thuto ea Kreste.

3 ’Me o ile a sebetsa ka mafolofolo hore a tle a khelose lipelo tsa batho, hoo a ileng a khelosa lipelo tse ngata; ’me eena ka ho tseba hore ’na, Jakobo, ke na le tumelo ho Kreste ea tla tla, o ile a batla menyetla e mengata ea hore a ka tla ho ’na.

4 ’Me o ne a rutehile, ka hore o ne a ena le tsebo e phethehileng ea puo ea batho bao, ka baka leo, o ne a ka sebelisa ho phoqa ho hongata, le matla a mangata a puo, ho latela matla a liabolosi.

5 ’Me o ne a ena le ts’epo ea ho ntsitsinya ho tsoa tumelong, ho sa natsehe lits’enolelo tse ngata le lintho tse ngata tseo ke li boneng malebana le lintho tsena; hobane ke bone mangeloi e le kannete, ’me a ile a nthlohonolofatsa. ’Me hape, ke utloile lentsoe la Morena le bua le ’na ka lentsoe le leng le leng, ho tloha nako le nako; ka baka leo, ke ne ke sitoa ho sisinyeha.

6 ’Me ho ile ha etsahala hore o ile a tla ho ’na, ’me ke ka tsela ena a ileng a bua le ’na, a re: Ngoaneso Jakobo, ke batlile menyetla e mengata hore nke ke bue le uena; hobane ke utloile ’me hape kea tseba hore uena u tsamea haholo, u ruta seo u se bitsang evangeli, kapa thuto ea Kreste.

7 ’Me o khelositse boholo ba batho ba na hoo ba silafalitseng tsela e nepahetseng ea Molimo, ’me ha ba boloke molao oa Moshe e leng tsela e nepahetseng; ’me ba fetoletse molao oa Moshe ho khumamela sebopuoa seo u reng o tla tla lilemo tse makholo a mangata ho tloha joale. ’Me joale bona, ’na, Shereme, ke phatlalatsa ho uena hore hona ke nyefolo; hobane ha hona motho ea tsebang ntho tse joalo, hobane a ka sitoa ho bolela ka lintho tse tlang. ’Me ke ka mokhoa ona oo Shereme a ileng a ngangisana khahlanong le ’na.

8 Empa bonang, Morena Molimo o ile a ts’ollela Moea oa hae moeeng oaka, hoo ke ileng ka mo hlola mantsoeng ohle a hae.

9 ’Me ke ile ka re ho eena: Na o latola Kreste ea tla tla? ’Me a re: Haeba ho tla ba le Kreste, nke ke ka mo latola, empa kea tseba hore ha hona Kreste, le haeka ba ho kile ha ba joalo, le hore ho ke ke ha hlola ho ba joalo.

10 ’Me ke ile ka re ho eena: Na o lumela mangolo a halalelang? ’Me o ile a re, Ee.

11 ’Me ka re ho eena: Haeba ho joalo ha u a utloisisi; hobane a pakahatsa ka Kreste e le kannete. Bona, ke re ho uena ha hona ea mong oa baporofeta ea ngotseng, kapa ho porofeta, ntle le hore ba buile malebana le Kreste.

12 ’Me sena ha se phetho—ke senoletsoe, hobane ke bone le ho utloa; ’me hape ke senoletsoe ka matla a Moea o Halalelang; ka baka leo, kea tseba hore ha ho keke ha eba le topollo e etsahalang batho bohle ba tlameha ho lahleha.

13 ’Me ho ile ha etsahala hore a re ho ’na: Mponts’e lets’oao ka matla ana a Moea o Halalelang, oo o tsebang ha kana ka ona.

14 ’Me ke ile ka re ho eena: ’Na ke mang hore ke leke Molimo ho u bonts’a lets’oao nthong eo u e tsebang hore ke ’nete? Le ha u tla hana, hobane u oa ldiabolosi. Le ha ho le joalo, thato ho se etsoe eaka; empa haeba Molimo o tla u otla, etsa hore hoo e tle e be lets’oao ho uena hore o na le matla, ka bobeli leholimong le lefats’eng; ’me hape, hore Kreste o tla tla. ’Me thato ea hau, Oho Morena e etsoe, ’me e seng eaka.

15 ’Me ho ile ha etsahala hore ha ’na, Jakobo, ke se ke buile mantsoe ana, matla a Morena a ile a tla holima hae, hoo a ileng a oela fats’e. ’Me ho ile ha etsahala hore o ile a matlafatsoa sebakeng sa matsatsi a mangata.

16 ’Me ho ile ha etsahala hore a re ho batho: Bokellehang ’moho ka hosane, hobane ke tla shoa; ka baka leo, ke lakatsa ho bua le batho pele ke tla shoa.

17 ’Me ho ile ha etsahala hore ka hosane bongata bo ne ho bokane ’moho; ’me o ile a bua ka ho hlaka ho bona ’me a latolo lintho tseo a ba rutileng tsona, ’me a pakahatsa ka Kreste, le matla a Moea o Halalelang, le bosebeletsi ba mangeloi.

18 ’Me o ile a bua ka ho hlaka ho bona, hore o ne a thetsitsoe ke matla a diabolosi. ’Me o ile a bua ka lihele, le ka bosafeleng, le ka kotlo ea bosafeleng.

19 ’Me a re: Ke ts’aba hore e se re ke entse sebe se sa ts’oareloeng, hobane ke thetsitse Molimo; hobane ke latotse Kreste, ’me ka re ke lumela mangolo a halalelang; ’me a pakahatsa e le ka ’nete ka eena. ’Me hobane ke joana ke thetsitseng Molimo ke ts’aba hore e se re boemo ba ka bo tla ba bohloko; empa ke pakahatsa ho Molimo.

20 ’Me ho ile ha etsahala hore ha a se a buile mantsoe ana o ne a keke a khona ho bua ho feta, ’me o ile a nehela moea.

21 ’Me ha bongata bo se bo bone hore o buile lintho tsena ha a se a le haufi le ho nehela moea, ba ne ba maketse ka ho fetisisa; hoo matla a Molimo a ileng a theohela ho bona, ’me ba ile ba hloloa hoo ba ileng ba oela fats’e.

22 Joale, ntho ena e ne e thabisa ho ’na, Jakobo, hobane ke ne ke e kopile ho Ntate oaka ea Leholimong, hobane o utloile sello sa ka ’me a araba thapelo eaka.

23 ’Me ho ile ha etsahala hore khotso le lerato la Molimo li ile tsa tsosolosoa hape har’a batho, ’me ba ile ba hlahloba mangolo a halalelang, ’me ba se ke ba hlola ba mamela mantsoe a monna enoa ea khopo.

24 ’Me ho ile ha etsahala hore mekhoa e mengata e ile ea reroa ho khutlisa le ho tsosolosetsa Ba-Lamane tsebong ea ’nete; empa sohle e ne ele bakeng sa lefeela, hobane ba ne ba thabela ts’ollo ea mali, ’me ba ne ba na le lehloeo la bosafeleng khahlanong le rona, bana ba bo bona. ’Me ba ne ba batla ka matla a libetsa tsa bona ho tsoelapele ho re timetsa.

25 Ka baka leo, batho ba Nefi ba ile ba imatlafatsa khahlanong le bona ka libetsa tsa bona, ’me le ka matla ohle a bona, ba ts’epile Molimo le lefika la pholoho ea bona; ka baka leo, ba ile ba tsoelapele ho fetoha, bahloli ba lira tsa bona.

26 ’Me ho ile ha etsahala hore ’na, Jakobo, ke qale ho tsofala; ’me lingoliloeng tsa batho ba na li bolokiloe matlapeng a mang a Nefi, ka baka leo, ke phethela lingoliloeng tsena, ke phatlalatsa hore ke ngotse ho latela tsebo eaka ka ho fetisa, ka hore nako e fetile le rona, ’me hape maphelo a rona a fetile joaloka ha eka e ne e le toro ho rona, rona re le batho ba bolutu ba tebileng, baleleri, ba lahletsoeng kantle ho Jerusalema, ba tlokotsing, lefelleng, ’me re hlouoe ke bana ba bo rona, ba bakileng lintoa le likhang; ka baka leo, re hlomohile matsitsi ohle a rona.

27 ’Me ’na, Jakobo, ke bone hore haufi ke tlameha ho ea tlaase lebitleng la ka; ka baka leo, ke ile ka re ho mor’a ka Enose: Nka matlapa ana. ’Me ke ile ka mo bolella lintho tseo moholoane oaka Nefi a ntaetseng tsona, ’me o ile a ts’episa ho mamela litaelo tsa ka. ’Me ke etsa pheletso ea ho ngola ha ka holima matlapa ana, ho ngola hoo ho bileng ho nyenyane; ’me ho ’mali kea fonanisa, ke ts’epile hore bana beso ba ka bala mantsoe a ka. Bana beso, salang hantle.