2021
Jesu o ile a Kolobetsoa
Hlakola 2021


“Jesu o ile Kolobetsoa ,” Motsoalle, Hlakola 2021

Molaetsa oa khoeli Motsoalle Hlakola 2021

Jesu o ile a Kolobetsoa

Setśoantśo
Johanne Mokolobetsi o oa ruta

Litśoantśo ka Apryl Stott

Johanne Mokolobetsi e ne e le Moporofeta O ile a ruta batho ho baka le ho ba kolobetsa.

Setśoantśo
Johanne Mokolobetsi o oa Kolobetsa

Ka letsatsi le leng Johanne o ile a kolobetsa batho nokeng ea Jordane. Jesu o ile a kopa Johanne ho mo kolobetsa. Johanne o ne a tseba hore Jesu ha ana libe. Joale hobaneng Jesu a ne a batla ho kolobetsoa?

Setśoantśo
Jesu Kreste

Jesu o itse o hloka ho mamela litaelo tsohle. Ho kolobetsoa ke taelo.

Setśoantśo
Johanne Mokolobetsi o Kolobetsa Jesu

Kamora hore Jesu a kolobetsoe, leeba le ile la fihla ho bontśa hore Moea o Halalelang o teng moo. Lentsoe la Ntate ea Maholimong le ile la hlaha leholimong la re “Enoa ke Mora oaka ea ratoang eo ke khahlisoang ke eena”,(Matheu 3:17).

Setśoantśo
ntate le morali likolobetsong

Re ka hlompha litaelo ra ba ra khetha ho kolobetsoa joaloka Jesu. Joale reka tiisoa ra fuoa le moea o halalelang hape.

Leqephe la ho taka

Ke Leboha ka `mele oaka.

Setśoantśo
leqephe la ho taka

Hatisa