“Ke Batla ho Latela Jesu,” Friend, March 2021
Lipale ka Jesu
Ke Batla ho Latela Jesu
Litśoantśo ka Apryl Stott
Ka letsatsi le leng Jesu a kena ka sekepeng. A laela batśoasi ba litlhapi ba kenye sekepe metsing. A ema ka hara sekepe `me a ruta matśoele a pela leoatle.
Ea ba Jesu o bolella motśoasi e mong ea bitsoang Pitirose ho theolela letlooa lahae tlase kahara metsi. Pitirose a re ha a ea tśoasa letho letsatsi lohle, empa o tla leka hape. Khetlong lena, Pitirose a tśoasa litlhapi tse ngata ho llekana hore li ka tlala likepe tse peli
Jesu Krest a laela batśoasi ba litlhapi hore ba siee likepe tsa bona ba Molatele. O ne a batla e be barutuoa ba hae.
“Barutuoa ba Jesu ba mametse ha A ba ruta ka Ntate ea Maholimong. Ba ile ba shebella Jesu a folisa ba kulang hape a bontśa lerato ho babang. Ka mora lefu la Jesu, ba rutuoa ba entse seo ba boneng Jesu a se etsa. Baile ba ruta, ba folisa, hape ba rata.
Nka ruta babang ka seo ke se buoang le seo ke se etsang. Nka folisa batho maikutlo a utloisang bohloko ka hoba mosa. Nka thusa ho hlokomela batho ba kulang kapa ba hlokang. Ke tla bontśa lerato, joalo ka Jesu.
Leqephe la ho taka
Ho Latela Jesu ho ea Nthabisa
© 2020 by Intellectual Reserve, Inc. All rights reserved. Printed in USA. Tumello ea Sekhooa: 6/19. Tumello ea phetolelo: 6/19. Phetholelo ea Monthly Friend Message, March 2021. Sotho. 17463 739