2021
Ke Batla ho Latela Jesu
Tlhakubele 2021


“Ke Batla ho Latela Jesu,” Friend, March 2021

Lipale ka Jesu

Ke Batla ho Latela Jesu

Setśoantśo
Jesu Kreste o ruta a le sekepeng

Litśoantśo ka Apryl Stott

Ka letsatsi le leng Jesu a kena ka sekepeng. A laela batśoasi ba litlhapi ba kenye sekepe metsing. A ema ka hara sekepe `me a ruta matśoele a pela leoatle.

Setśoantśo
Ba-Apostola ba hula letlooa le tletseng litlhapi

Ea ba Jesu o bolella motśoasi e mong ea bitsoang Pitirose ho theolela letlooa lahae tlase kahara metsi. Pitirose a re ha a ea tśoasa letho letsatsi lohle, empa o tla leka hape. Khetlong lena, Pitirose a tśoasa litlhapi tse ngata ho llekana hore li ka tlala likepe tse peli

Setśoantśo
Jesu Kreste o ruta Ba-Apostola

Jesu Krest a laela batśoasi ba litlhapi hore ba siee likepe tsa bona ba Molatele. O ne a batla e be barutuoa ba hae.

Setśoantśo
Ba-Apostola ba Jesu ba beha matsoho hore ba folise

“Barutuoa ba Jesu ba mametse ha A ba ruta ka Ntate ea Maholimong. Ba ile ba shebella Jesu a folisa ba kulang hape a bontśa lerato ho babang. Ka mora lefu la Jesu, ba rutuoa ba entse seo ba boneng Jesu a se etsa. Baile ba ruta, ba folisa, hape ba rata.

Setśoantśo
Ngoanana o tśelisa ngoanana ea llang

Nka ruta babang ka seo ke se buoang le seo ke se etsang. Nka folisa batho maikutlo a utloisang bohloko ka hoba mosa. Nka thusa ho hlokomela batho ba kulang kapa ba hlokang. Ke tla bontśa lerato, joalo ka Jesu.

Leqephe la ho taka

Ho Latela Jesu ho ea Nthabisa

Setśoantśo
1 full-page b&w line art illustration based on theme "Following Jesus Makes Me Happy" A young boy shows his younger brother a picture of Jesus.

Hatisa