2021
Pale ea Paseka
ʹMesa 2021


“Pale ea Paseka,” Motsoalle, ʹMesa 2021

Molaetsa oa Khoeli le Khoeli oa Motsoalle, ʹMesa 2021

Pale ea Paseka

Setśoantśo
Jesu o hlatsoa maoto a BaApostola

Litśoantśo ka Apryl Stott

Jesu o ratile metsoalle ea hae. O ile a ba hlatsoa maoto. Eaba O ba fa selallo. O ile a ba bolella hore ba Mo hopole. O ile a ba bolella hore ba ratane.

Setśoantśo
Jesu o rapela Gethesemane

Hamorao, Jesu o ile a ea serapeng. O ile a re rapella kaofela ha rona. O ile a utloa bohloko ba maloetse a rona. O ile a utloa bohloko ba libe tsa rona.

Setśoantśo
Setopo sa Jesu se behoa ka lebitleng

Batho ba halefileng ba ile ba nka Jesu. Ba Mo utloisa bohloko. O re shoetse sefapanong. Metsoalle ea Hae e ile ea beha ʹmele oa Hae ka lebitleng.

Setśoantśo
lenyeloi la phatlalatsa Tsoho ea Jesu ho basali

Matsatsi a mararo hamorao, metsoalle ea Hae ea khutla. Lebitla le ne le se na letho! Manyeloi a ba bolella, “O tsohile.” Jesu o ne a phela hape! Ka lebaka la Jesu, bohle re tla phela hape kamorao hore re shoe.

Setśoantśo
bana kerekeng

Jesu oa nthata. Nka etsa Paseka e khethehe ka ho Mo hopola.

Leqephe la Ho taka

Paseka E Bua ka Jesu

Setśoantśo
Jesu Kreste

Hatisa