2022
Moshe le Manna
´Mesa 2022


“Moshe le Manna,” Melaetsa ea Khoeli le Khoeli ea Motsoalle ´Mesa 2022

“Moshe le Manna”

Molaetsa oa Khoeli le Khoeli oa Motsoalle ʹMesa 2022

Moshe le Manna

Setśoantśo
Moshe le bana ba Iseraele

Litśoantśo ka Apryl Stott

Moshe e ne e le Moporofeta. O eteletse pele Sechaba sa Molimo ho ea lefatśeng la pallo. Ba sebelitse ka matsatsi a mangata.

Setśoantśo
bana le manna

Batho ba ne ba thabile. Ba ne ba se na lijo. Ka hona Molimo o ba rometse lijo ho tsoa leholimong. Li ne li bitsoa manna.

Setśoantśo
mora le ´me ba lokisa manna

Hoseng ho hong le ho hong, batho ba ne ba bokeletsa manna. Empa a ne a senyeha ha a bolokoa bosiu. Ba ne ba lokela ho bokeletsa a mang hoseng ho latelang.

Setśoantśo
Jesu o lutse le bana

Manna a re hopotsa batho ka Jesu Kreste. Molimo o rometse manna ho boloka batho. Hape a romela Jesu lefatśeng ho re boloka. Re hloka Jesu letsatsi le leng le le leng, joalo feela ka ha re hloka lijo letsatsi le leng le le leng.

Setśoantśo
Bana ba shebile setśoaantśo sa Jesu Kreste

Ke tla latela Jesu. O tla mpha matla le ho nthusa hore ke utloe lerato la hae letsatsi le leng le le leng.

Leqephe La Ho Taka

Re Hloka Jesu Letsatsi le Leng le le Leng

Setśoantśo
Jesu o lutse le bana

Tobetsa setśoantśong ho khoasolla.

Setśoantśo ka Apryl Stott

Jesu o u thusa joang?

Hatisa