2022
Ruthe le Naomi
Phuptjane 2022


“Ruthe le Naomi,” Molaetsa oa khoeli Motsoalle Phuptjane 2022

Ruthe le Naomi

Molaetsa oa khoeli Motsoalle Phuptjane, 2022

Ruthe le Naomi

Setśoantśo
Ruthe o oa nyaloa, le lelapa la Naomi

Litśoantśo ka Apryl Stott

Naomi le lelapa la hae ba tla lefatśeng le lecha ka lebaka la tlala. Ba kopana le mosali ea monyenyane ea bitsoang Ruthe. Ruthe a nyala mora oa Naomi.

Setśoantśo
Ruthe le molekane ea shoang

Eaba molelane oa Ruthe o oa shoa. Ruthe o ne a saretsoe haholo.

Setśoantśo
Naomi

Naomi o ne a saretsoe haholo le eena. O ne a se na lelapa le setseng ho mo hlokomela. O ile a etsa qeto ea ho khutlela lefatśeng leo a neng a tsoa ho lona.

Setśoantśo
Naomi le Ruthe

Naomi o ile a bolella Ruthe ho khutlela ho ba habo. Empa Ruthe o ne a rata Naomi. O ile a tśepisa ho tla le Naomi hore a tle a mo hlokomele.

Setśoantśo
Ruthe o oa khoahlapisa

Ruthe le Naomi ba ne ba sotlehile. Joale Ruthe a sebetsa ka thata ho ba fumanela lijo.

Setśoantśo
Boaze le Ruthe ts´imong

Ka letsatsi le leng monna ea bitsoang Boaze a bona Ruthe a ntse a thonaka mafoforetsane a koro masimong a hae.

Setśoantśo
Boaze le mosebeletsi

Boaze o ne a le mosa. O ile a bolella basebeletsi ba hae ho tlohela lijo tse ling bakeng sa Ruthe.

Setśoantśo
Ruthe, Boaze le Naomi, le ngoana

Hamorao Ruthe le Boaze ba ile ba nyalana. Ba eba le ngoana oa moshanyana. Naomi o ile a thusa ka ho mo hlokomela.

Setśoantśo
lelapa le ngoatha lijo

Nka thusa ho hlokomela ba bang. Nka ba mosa ho ba hlokang.

Leqephe La Ho Taka

Nka Hlokomela Ba Bang

Setśoantśo
bana le ntate moholo

Tobetsa setśoantśong ho khoasolla.

Setśoantśo ka Apryl Stott

U ka thusa mang?

Hatisa