2023
Jesu O Re Bonts´itse Tsela
Phato 2023


“Jesu O Re Bonts´itse Tsela, ” Motsoalle, Phato 2023, 4–5.

Molaetsa oa Khoeli Motsoalle Phato 2023

Jesu O Re Bonts´itse Tsela

Setśoantśo
Alt text

Lits´oants´o ka Dan Burr

Jesu Kreste ke Mora oa Ntate ea Maholimong. O tlile lefats´eng ho re bonts´a hore na re ka khutlela joang ho Ntate ea Maholimong ka letsatsi le leng. Jesu o ile a kolobetsoa. O re rutile hore re lokela ho kolobetsoa le rona.

Setśoantśo
alt text

Morena Jesu o re bonts´itse hore na re phele joang. O ne a rata ´me a thusa bohle. O batla re Mo latele.

Setśoantśo
alt text

Jesu o utloile bohloko le ho sotloa ka lebaka la libe tsa rona. ´Me A re shoela. Sena se bitsoa Topollo ea Jesu Kreste. O ile a tsoha bafung. Sena se bolela hore O oa Phela kajeno! Ka lebaka la Jesu Kreste, bohle re tla phela hape kamorao hore re shoe.

Setśoantśo
alt text

Jesu o entse tsena tsohle bakeng sa rona hobane O oa re rata. Ka lebaka la Hae, re ka phela le Ntat´a rona ea Maholimong le malapa a rona ka letsatsi le leng.

Setśoantśo
alt text

Re ka latela Jesu ka ho kolobetsoa. Hape re ka Mo latela letsatsi le leng le le leng ha re rata le ho thusa ba bang ´me re boloka litaelo tsa Hae.

Hatisa