Motsoalle
Nefi o Rapella Batho
Loetse 2024


“Nefi o Rapella Batho,” Motsoalle, Loetse 2024, 26–27.

Molaetsa oa Khoeli Motsoalle, Loetse 2024

Nefi o Rapella Batho

Setśoantśo
Moporofeta Nefi

Lits´oants´o ka Andrew Bosley

Nefi e ne e le Moporofeta. O ile a rehelloa ka Nefi ea ileng a fumana matlapa a koporo. O ne a ts´oenyehile mabapi le batho. Ba ne ba emisitse ho latela Molimo.

Setśoantśo
Nefi a rapela serapeng sa hae

Nefi o ile a ea serapeng sa hae. A hloella tora e serapeng ´me a rapela Molimo teng. O ile a rapella batho.

Setśoantśo
Batho ba shebelletse Nefi a rapela; Nefi o ruta batho

Batho ba bang ba ile ba hlokomela Nefi toreng. Ba ile ba ema ho mamela ´me ba bokella ba bang hore ba tlo utloa. Ha Nefi a qeta ho rapela, o ile a hlokomela hore ba shebeletse ´me a qala ho ba ruta.

Setśoantśo
Batho ba rapelang

Nefi o ile a kopa batho ho baka. Ba bang ba bona ba ne ba sa rate seo Nefi a neng a se ruta. Empa ba bang ba bangata ba ile ba mamela! Batho ba ile ba qalella ho baka ′´me ba fetola litsela tsa bona.

Leqephe la ho Taka

Jesu o re Bokella Joaloka Khoho ha e Bokella Litsuonyana tsa Eona

Setśoantśo
Alt text

Sets´oants´o ka Adam Koford

U utloa lerato joang ho tsoa ho Jesu Kreste?

Hatisa