2021
Tśenolo e Tsoelang pele
Tlhakubele 2021


“Tśenolelo e tsoelang pele” Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha, Tlhakubele 2021, 16.

Molaetsa oa khoeli Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha Tlhakubele 2021

Tśenolo e Tsoelang pele

Ho tsoa ho Puo ea Seboka se Akaretsang sa ‘Mesa 2020

Moporofeta Joseph Smith o ile a fumana tśenolo ka mora tśenolo. Re boloketsoe litśenolo tse ngata tse fumanoeng ke Moporofeta Joseph Smith ka hara Melao ea Thuto le Lilekane.

Ka holimo ho mona, re hlohonolofalitsoe ka tśenolo e tsoelang pele ho baporofeta ba phelang bao e leng “barumuoa ba Morena, ba filoeng tumello ea ho buoa le Ena.”1

Tśenolo ea motho ka mong le eona e teng ho ba kopang tataiso ka boikokobetso ho Morena. E bohlokoa joalo ka tśenolo ea boporofeta.

Tśenolo ea motho ka mong e ipapisitse le linnete tsa tumelo tsa Moea o Halalelang. Moea o Halalelang ke mosenoli le paki ea nnete eohle, haholo ea mopholosi Kantle ho Moea o Halalelang, re ne re keke ra utloisisa ka tieo hore Jesu ke Christ. Mosebetsi oa Hae ke ho fana ka bopaki ka Ntate, Mora le tlotla le khalalelo ea bona.

Ke le tiisetsa hore tataiso ea tśenolo e ka fumanoa ke emong le emong oa rona ha re sebetsa ka boikokobetso tśimong ea morara.

Ka boikokobetso boipiletso baka ke hore emomg le le emong oa rona a batle tśenolo e tsoelang pele ho tataisa maphelo a rona `me re latele moea ha re rapela Molimo Ntate, le Mopholosi, Jesu Christ.

Ntlha

  1. Hugh°B. Brown, “Joseph Smith among the Prophets” (sixteenth Annual Joseph Smith Memorial Sermon, Logan Institute of Religion, Dec.°7, 1958), 7

Hatisa