2021
Boprista ba Molimo
Phato 2021


“Boprista ba Molimo,” Bakeng sa Matlafalo ea Bacha, Phato. 2021, 20–21.

Molaetsa oa khoeli Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha Phato 2021

Boprista ba Molimo

Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 84

Seo mocha e mong le e mong a lokelang ho se tseba ka boprista le khokelo ea hae ho bona.

Setśoantśo
bacha

U kile oa elelloa hore na ho ferekanya hakae ha lentsoe le le leng le sebelisoa ka litsela tse peli? Mohlala, ka sekhooa lentsoe lefats´e le bolela ka bobeli lefats´e leo re phelang ho lona le lerole le tlasa maoto a rona. Ka bobeli a nepahetse, empa seo u se bolelang ha ua sebelisa ho its´etlehile ka seo u buang ka sona ka nako eo. Ho etsa hore e ferekanye le ho feta, ha lefats´e le bolela lefats´e la rona, ho kenyelelitse le mohopolo oa lerole, hobane lerole le lefats´eng.

Ho hlalosa lereo Boprista

Lereo le leng leo re le sebelisang ka litsela tse peli kerekeng ke boprista. Lereo leo le bolela matla le tokelo ea Molimo ka kakaretso. Leha ho le joalo, hape re sebelisa boprista ka tsela e nang le khahellonyana—ho bolela “matla le tokelo eo Molimo a e fang baprista ba behiloeng matsoho ho nka likhato linthong tsohle tse hlokahalang bakeng sa poloko ea bana ba Molimo.”1

Boprista bo abetsoeng batho ha se matla oohle a Molimo. Sets´oants´o se latelang se hlalosa ntlha ena.

Sets´oants´ong sena u bona mehlala e meng ea Matla a Molimo, a sa feleng ´me a se nang meeli. Kahare ho seo, hape u bona mehlala ea matla le tokelo ea boprista ba Molimo ao a abeloang, kapa ho fuoa, banna ba ts´oanelehang kerekeng ea Kreste.

Mehlala ea Tokelo ea Boprista Bophelong ba Hau

Litlhohonolofatso tsohle tsa boprista lia fumaneha bakeng sa barali le bara bohle ba ratoang ba Ntate ea Maholimong. Lethathamo leo la bobeli le emetse litlhohonolofatso tseo tse tlang ho uena ka ea ts´oereng linotlolo tsa boprista kapa ea abetsoeng tokelo ea boprista holima hae.

Ena ke taelo eo Molimo a e thehileng bakeng sa tlhophiso le tsamaiso ea kereke ea hae lefats´eng. Mehlala e meng ea tokelo ea boprista ba Molimo e kenyeletsa moetapele oa lekhotla la bahlanka kapa baruti ea nang le linotlolo tsa ho etella mosebetsi oa lekhotla la hae, hlohonolofatso ea ntate e fanoang lapeng, le lits´ebeletso le lilekane tsa tempele.

Banna, Basali, le Boprista

Leha peho ea matsoho ofising e itseng ea boprista e fua banna feela, Mookameli Dallin H. Oaks, Moeletsi oa Pele Boetapeleng ba Pele o hlalositse motheo oa bohlokoa: “Boprista ke matla le tokelo ea bo-molimo e ts´oeroeng ka ts´epo ho sebelisoa bakeng sa mosebetsi oa Molimo molemong oa bana bohle ba hae. Boprista ha se bao ba behiloeng matsoho ofising e itseng e boprista kapa ba sebelisang tokelo ea teng. Banna ba ts´oereng boprista ha se bona boprista. … Ha rea lokela ho sheba banna ba behiloeng matsoho e le boprista.2

Leha basali ba sa behoe matsoho ofising e itseng ea boprista, Mookameli Russell M. Nelson o hlalositse, “ha u khetheloa ho sebeletsa pitsong e itseng tlasa boetapele ba e mong ea ts´oereng linotlolo tsa boprista … u fuoa tokelo ea boprista ho sebetsa pitsong eo.”3 Mehlala e meng ea sena e kenyeletsa bookameli ba lihlopha tsa Baroetsana, bo khaitseli barumuoa lichabeng ba rutang evangeli, baetapele makaleng le literekeng tse ikemetseng ba khethetsoeng ho etella pele le ho ruta, le basebetsi ba lits´ebeletso tempeleng.

Matla a Boprista a Hlohonolofatsa E Mong le E Mong

Litlhohonolofatso tseo le li amohelang lona bahlankana le baroetsana ke tsa lona ka lilekane tseo le li etsang ka kolobetso le lilekane tseo le tla li etsa kahara tempele. Leha eba ha u na motho ea ts´oereng boprista lapeng leno, u ntse u ka khona ho hlohonolofatsoa ka matla a boprista ba Molimo bophelong ba hau ha u ntse u boloka lilekane tseo u li entseng le eena (bona 1 Nefi 14:14).

Ha re ntse re phela ho latela lilekane tsa rona, re fumana litlhohonolofatso tse re matlafatsang le ho re hlohonolofatsa. Re u mema ho nahanisisa litlhohonolofatso tsa boprista bophelong ba hau—litlhohonolofatso tse tlang ka lebaka la matla a se nang pheletso a boprista ba Molimo le tseo tse tlang ka ho khetholoha ka tokelo ea boprista e abetsoeng le ho khetheloa kereke ea Molimo.

Lintlha

  1. Dale G. Renlund and Ruth Lybbert Renlund, The Melchizedek Priesthood: Understanding the Doctrine, Living the Principles (2018), 11.

  2. Dallin H. Oaks, “The Melchizedek Priesthood and the Keys,” ´Mesa. 2020 seboka se akaretsang (Ensign or Liahona, Mots´eanong 2020, 69).

  3. President Russell M. Nelson, “Spiritual Treasures,” Mphalane. 2019 seboka se akaretsang (Ensign or Liahona, Pulungoana. 2019, 78).

Hatisa