2022
Ke Baka ´Me Kea Ba Tseba
Pherekhong 2022


“Ke Baka ´me Kea Ba Tseba” Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha, Pherekhong 2022.

Molaetsa oa Khoeli, Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha Pherekhong 2022

“Ke Baka ´Me Kea Ba Tseba”

Moshe 1

Setśoantśo
moroetsana har´a letśoele

Senepe hotsoa ho Litśoantśo tsa Getty

Na u kile ua ikutloa u se bohlokoa? E kanna eaba u ile ua ikutloa tjena ha u ne u nahanne ka batho ba bangata ba lefatśeng kapa ua sheba hore na ke linaleli tse kae tse leholimong. Na u kile ua ipotsa hore na ehlile Molimo oa tseba hore na u mang le hore na bophelo ba hau bo joang? Haeba ho joalo, joale Moshe o na le molaetsa bakeng sa hau.

Ponong, Molimo o ile a bontśa Moshe letheba le leng le le leng la lefatśe le batho bohle ba phelang teng. Ba ne ba le “bangata joaloka lehlabathe holim´a lebopo la leoatle” (Moshe 1:28). Molimo o boleletse Moshe hore o entse “mafatśe a sa baloeng” (Moshe 1:33)—hore popo ea hae e fihlela hole ka nqane ho lefatśe lena.

Mohlomong Moshe o ile a ikutloa a hlolletsoe ha a bona lintho tsena tsohle. Mohlong o ile a ipotsa: Ke kena hokae har´a lipopo tse ngata tjee? Na Molimo o latela joang lintho tse ngata tjee?

Karabo ea Molimo e bile bonolo: “Lintho tsohle lia tsebahala ho ′na.” Joang? “Ke tsaka ´me kea li tseba” (Moshe 1:35). Molimo o ne a tseba hore na Moshe ke mang, joalokaha a tseba bana ba hae bohle, le popo ea hae eohle. Tsohle ke tsa hae—linaleli, lehlabathe, haholo-holo bana ba hae ba lefatśeng. Ke ka lebaka la tsona a hlotseng lefatśe. Poloko ea bona ea bosafeleng ke mosebetsi oa bohlokoahali oa Molimo.

“Bonang, ona ke mosebetsi oaka le tlotliso eaka—ho fetisa ho se shoe hoa motho le bophelo ba motho ba bosafeleng” (Moshe 1:39).

Joalokaha Moshe a ithutile hore na o kena hokae morerong oa Molimo, le uena u ka tiisetsoa hore Molimo o oa u tseba! Ho u thusa ho khutlela ho Eena ke mosebetsi le tlotliso ea Hae. Hobaneng? Hobane u oa Hae. ´Me ha ho se seng bohlokoa ka seo!

Hatisa