2022
Bapatriareka: E ne e le Bo-mang ´Me Hobaneng ho le Bohlokoa
Hlakola 2022


“Bapatriareka: E ne e le Bo-mang ´Me Hobaneng ho le Bohlokoa,” Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha, Hlakola 2022.

Molaetsa oa khoeli Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha Hlakola 2022

Genese 11–50

Bapatriareka

E ne e le Bo-mang ´Me Hobaneng ho le Bohlokoa

Mohlomong u kile oa utloela ka Abrahama, Isaka, le Jakobo. Re bala ka bona hangata Bukeng ea Mormone, ´me mohlomong u tla utloela haholo ka bona ha u ithuta ka Testamente ea Khale selemong sena. Ka tlhokomelo e ngata hakana e lebisitsoeng ho bona, e tlameha ebe ba bohlokoa haholo, na haho joalo? Empa mohlomong u ka ipotsa, “Hobaneng banna ba bararo ba phetseng lilemong tse likete tse fetileng ba le bohlokoa kajeno?” Hantle-ntle, khubu ea karabo eo e itśetlehile ka lilekane tsa hosafeleng le litlhohonolofatso tse tśepisitsoeng tseo Molimo a ba fileng tsona.

Abrahama

Setśoantśo
Abrahama

Litśoantśo ka Jarom Vogel

Abrahama e ne e le moporofeta e moholo. O ne a lokile ´me a mamela litaelo tsa Molimo.

O ile a kolobetsoa, a fuoa boprista, a tiisoa ka hosafeleng ho Sarai mosali oa hae.

Molimo o ile a etsa selekane le Abrahama hore litloholo tsa hae li tla ba ngata ´me li be le litlhohonolofatso tse tśoanang le tseo a li fumaneng.

Ba tla hasa evangeli ea Jesu Kreste e phethahetseng ho lichaba tsa lefatśe.

Isaka

Setśoantśo
Isaka

Isaka e ne e le mora oa Abrahama le Sarai.

Molimo a bolella Abrahama ho etsa sehlabelo ka Isaka. Abraham o ne a rata Isaka, empa a khetha ho mamela Molimo. Pejana feela hore Abrahama a etse sehlabelo ka Isaka, lenyeloi la bolella Abrahama hore a eme. Boikemisetso ba Abrahama le Isaka ba ho mamela Molimo, ke setśoantśo sa Tefelo ea Mora oa Molimo ea Inosi.

Isaka o ile a tśepisoa litlhohonolofatso tse tśoanang le tsa Abrahama.

Jakobo

Setśoantśo
Jakobo

Joaloka ntat′ae le ntatae-moholo Jakobo o ne a tśepahalla Molimo.

Ka lebaka la botśepehi ba hae, Morena o ile a fetolela lebitso la Jakobo ho la Israele, e leng hore “ea hlolang le Molimo” kapa “Molimo a hlole” (bona bukantsoe ea bibele, “Israele”).

Jakobo o ne a ena le bara ba 12. Bara bana ba ne ba ena le malapa a bona, ´me ba tsejoa e le meloko ea Israele.

Selekane seo Molimo a se entseng le Abrahama se ile sa nchafatsoa le Jakobo le bana ba hae.

Bapatriareka le Uena

Joaloka setho sa kereke, u leloko la Abrahama, Isaka, le Jakobo. Selekane seo ba se entseng le Molimo, se sebetsa ho uena!

U na le tlhohonolofatso le boikarabello ba ho fana ka bopaki ba hau ka Mopholosi le ho hasa evangeli.

U bilelitsoe hape ho mema bohle ho etsa le ho boloka lilekane le ho amohela melao ea boprista. Moetapele Russell M. Nelson o ile a re sena ke karolo ea pokello ea Israele, “e leng ntho e bohlokoa ka hofetisisa e etsahalang lefatśeng kajeno” (“Hope of Israel,” [kopano ea bacha lefatśe lohle, Phuptjoane 3, 2018], 8, ChurchofJesusChrist.org).

Hatisa