2022
U Mo Utloa Joang?
Tlhakubele 2022


“U Mo Utloa Joang?,” Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha, Tlhakubele 2022.

Molaetsa oa khoeli Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha Tlhakubele 2022

U Mo Utloa Joang?

Ho tsoa ho Seboka se Akaretsang sa ´Mesa 2020

Setśoantśo
Likhetsoana tsa malepa
Setśoantśo
batho bao likhetsoana tsa malepa li haellang

litśoantśo ka Oksana Grivina

Hammoho le tataiso e khutsitseng eo re e fumanang ho Moea o Halalelang, nako le nako, Molimo ka matla le bomong o netefaletsa e mong le emong oa rona hore O oa re tseba ´me O oa re rata. Joale, nakong tsa rona tse thata, Molopolli o khutlisetsa liketsahalo tsena mehopolong ea rona.

Nahana ka bophelo ba hau. Liketsahalo tsena li ka tla ka nako e bohlokoahali maphelong a rona kapa ho ho ka bonahalang e le liketsahalo tse sa hlakang. Linako tsena tsa semoea li tla ka litsela tse fapaneng le ka mekhoa e fapaneng, motho ka mong ho emong le emong oa rona.

Joseph Smith o hlalositse hore ka nako e ´ngoe re fumana “maikutlo a tlang hang-hang” le ka nako le nako bohlale bo hloekileng.1

Mookameli Dallin H. Oaks, ha a araba monna ea tśepahalang eo aneng a re ha a ke a be le liketsahalo tse joalo, o elelitse, “Mohlomong lithapelo tsa hau li arabiloe hape le hape, empa u ne u na le litebello tse tsepameng ho lets´oao le leholo kapa lentsoe le leholo hoo u utloang eka ha ua fumana karabo ”2

Haufinyane re utloile Mookameli Russel M. Nelson o re: “Ke u mema hore u nahane ka botebo le hangata ka potso ena ea mantlha; U Mo utloa Joang? Hape ke u mema ho nka likhato ho Mo utloa ka mokhoa o ntlafetseng ´me khafetsa.”3

Lintlha

  1. Lithuto tsa Baetapele ba Kereke: Joseph Smith (2007), 132.

  2. Dallin H. Oaks, Life’s Lessons Learned: Personal Reflections (2011), 116.

  3. Russell M. Nelson, “‘U Mo #Utloa Joang? A Special Invitation,” Feb. 26, 2020, blog.ChurchofJesusChrist.org.

Hatisa