2022
Lebone la Maoto a Rona
Phato 2022


“Lebone la Maoto a Rona,” Bakeng sa Matlafalo ea Bacha, Phato 2022.

Molaetsa oa khoeli Bakeng sa Matlafalo ea Bacha Phato 2022

Lebone la Maoto a Rona

Ntho e tloaelehileng ea khalekhale ea Isiraele e ka re ruta ka moo Morena a re tataisang.

Setśoantśo
lebone la ole

Lintlha

Nako ea Testamente ea Khale, batho ba ne ba sebelisa lebone la ole ho khantśa lefifing. Boholo ba mabone a na, a ne a ena le likaroloana tse tharo:

  1. Pitsana ea letsopa ho ole ea olive, kamehla e nyane ho lekana ho tśoareha ka har´a seatla sa motho.

  2. Khoele ea ho tukisoa ka mor´a ho ngobetsoa ka ole

  3. Molongoana ho tśoara khoele

Ntho e bonolo joalo ka lebone la ole ka khoele e le ´ngoe e ne e fana ka khanya maoto a se makae ho tloha ho bana. Ha ene e sebelisoa ho tsamaea, bane ba tla etsa khanya e lekaneng ho bona mehato e kapele ele hore u pote ka hloko lefifing.

Seo Re ka ithutang

Setśoantśo
Jesu Christ o tśoere lebone la ole

E sebelisitsoe ka tumello. Etella, Leseli le Khanyaa, ka Simon Dewey. Courtesy of altusfineart.com © 2022.

Lentsoe la Morena le ka khantśa tsela ea rona har´a lefifi le pherekano tse re potileng lefatśeng.

Morena o re kopile hose koahele khanya ea rona empa ho nka khanya ea evangeli e le hore ba bang batle ba e bone (bona Mateu 5:14-16).

Ho tsoa ho rona ho bona hore mabone a rona tletse ka ole (bona Mateu 25: 1-13). Re etsa sena ka thapelo, ho ithuta mangolo a halalelang, bosebeletsi, ho latela moporofeta, le liketso tse ling tsa tumelo le boinehelo (bona Spencer W. Kimball, Faith Precedes the Miracle [1972,] 256).

Ha re sebelisa tumelo, Morena ka nako engoe o khantśa tsela ea rona ho lekana feela hore re nke mohato o mong (bona Boyd K. Packer, “The Candle of the Lord,” Ensign, Pherekhong 1983,54).

Hatisa