Se ka Ema! “Eba joalo ka Balisa,” Bakeng sa Matlafalo ea Bacha, Ts´itoe 2022.
Molaetsa oa khoeli Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha Ts´itoe 2022
Se ka Ema! E bang joalo ka Balisa
ka bosiu bo bong bo khutsitseng khale, balisa ba ile ba alosa mehlape ea bona ka mafolo-folo.
Balisa ba ne ba na le mosebetsi oa bohlokoa. Linku li ne li hloka lijo,metsi, le ts´ireletso kotsing.
Ka ts´ohanyetso, lengoloi la hlaha!
“Se ts´oheng, hobane, ke le tlisetsa litaba tse molemo tse tletseng nyakallo e kholo. … Hobane ho lona kajeno ho tsoetsoe … Mopholosi, e leng Kreste Morena.”
Lengoloi le ile la bolella balisa hore ba tla fumana lesea le phuthetsoe ka liphahlo tsa bana, le robalitsoe setaleng Bethlehema.
sehlopha sa ´mino sa mangeloi sa tlatsa leholimo ´me sa kopana le lengoloi leo ho rorisa Molimo.
“Khanya e be ho Molimo maholimong a holimo, le khotso lefats´eng, le kamohelo ho batho”
“Ha re eeng Bethlehema re ilo bona seo Morena a re boleletseng sona.”
Balisa ha ba aka ba ema. Sena se ne se le molemo haholo! Ba “tlile ka potlako” Bethlehema.
Balisa ba fumane Jesu a phuthetsoe ka liphahlo tsa bana, a robalitsoe ka setaleng, joaloka ha lengoloi le boletse.
Enoa e ne e le Messia ea ts´episitsoeng ho tla ba Mopholosi le Molopolli oa lefats´e ´me ea tla re tlisetsa nyakallo ea ´nete!
Balisa ba ile ba nyakalla! Ba ile ba bolela seo ba se utloileng le seo ba se boneng.
“´Mopholosi oa lefats´e o tsoetsoe!”
“Qetellong Messia o tlile!”
Balisa ba “tlile ka potlako” ho Jesu. Le uena U ka tla!
U ka ithuta ka Eena.
U ka Mo sebeletsa ka ho sebeletsa ba bang.
U ka paka ka Eena.
© 2022 by Intellectual Reserve, Inc. All rights reserved. E hatisitsoe USA. Tumello ea Sekhooa: 6/19. Tumello ea phetolelo: 6/19. Phetolelo ea Monthly For the Strength of Youth Message, Ts´itoe 2022. Sesotho. 18318 739