2023
Litsela tse 4 tseo Kreste a u Matlafatsang Ka Tsona
Pherekhong 2023


“Litsela tse 4 tseo Kreste a U, Matlafatsang ka Tsona,” Bakeng sa Matlafalo ea Bacha, Pherekhong 2023.

Molaetsa oa Khoeli, Bakeng sa Matlafalo ea Bacha Pherekhong 2023

Litsela tse 4 tseo Kreste a U Matlafatsang Ka Tsona

Nka etsa tsohle ka Kreste.
Ba-Filipi 4:13

Setśoantśo
mokolokotoane

Ka lefatśe lohle, Bakreste ba thabela lengolo lena le halalelang: “Nka etsa tsohle ka Kreste ea ´mphang matla” (Bafilipi 4:13).

Batho ha ba utloa sena, ba bang ba bona ba ka nahana ho bolela hore ba ka feta teko e fe kapa e fe, ba ka hapa papali e fe kapa e fe, ´me ba fihlela takatso e ´ngoe le e ´ngoe. Empa ha se seo lengolo lena le se rutang.

Le ngoliloe ke Moapostola Paulosi ha a le chankaneng. Joaloka motśoaruoa, ho ne ho na le tse ngata tseo Paulosi a neng a ke ke a li etsa, empa o ne a tseba hore Jesu Kreste a ka mo matlafatsa hore a etse seo e leng sa bohlokoa ka ho fetisisa.

Sena ke ´nete le ho lona!.

1 Kreste o U Matlafatsa Hore U Tsebe

Jesu Kreste o u nehile litsela tse ngata tsa ho tseba seo e leng ´nete. O re rutile bohle ho rapela kamehla (bona 3 Nefi 18:18) ′me re kope ho tseba seo e leng ´nete (bona Moroni 10:4–5). U ka fumana le ho tseba seo e leng ´nete ka boithuto ba hau ba mangolo a halalelang.

Thapelo le boithuto ba mangolo a halalelang li tlisa Moea bophelong ba hau. Moea o ka bua “kelellong ea hau … pelong ea hau” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 8:2), “o tlatse moea oa hau ka thabo,” ´me o “khantśe kelello ea hau” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 11:13).

Ka litsela tsena, u ka “mo utloa”—utloa mantsoe a Mopholosi ´me u latele seo a se buileng. Mookameli President Russell M. Nelson u rutile hore sena ke “moralo oa katleho, thabo, le nyakallo bophelong bona. ”1

2 Kreste o U Matlafatsa Hore U Tsebe

Matla a tla ho uena ha u leka ho boloka litaelo ´me u etsa likhetho tse isang khotsong le thabong. Jesu Kreste o u matlafatsa ho etsa sena leha likhetho tseo li le thata ho li etsa. Ka nako e ´ngoe u ka etsa likhetho tse mpe. Ka ho leboha,Topollo ea Mopholosi e etsa pako e khonahale. Ka lebaka la Jesu Kreste, u ka hloeka ´me ua fuamana thabo. A ka u matlafatsa le uena ho “etsa se molemo le ho bamolemo”2 letsatsi ka leng.

3 Kreste o U Matlafatsa hore U Hlole

Ha a le chankaneng, Paulosi o ngotse: “Ke ithutile maemong afe kapa afe ao ke leng ho ona, hore ke khotsofale.

“Ke tseba ho kokobela, ´me ke tseba ho ngatafalloa: hohle le linthong tsohle tseo ke li laeloang” (Bafilipi 4:11–12).

Ka mantsoe a mang, Paulosi o ithutile hore, a ka hlola ´me a ithuta ho liteko le liqholotso tsa hae. Jesu Kreste a ka u matlafatsa ho etsa joalo.

Mopholosi o sotliloe ka “bohloko le mahlomola le liteko tsa mefuta eohle.” O inketse ho Eena mefokolo ea rona hore “a tle a tsebe … hore na o thusa batho ba hae joang ho latela mefokolo ea bona” (Alma 7:11–12). Ho sa tsotellehe hore na u shebane le eng, Jesu Kreste a ka u matlafatsa hore u mamelle le ho fihlela lintho tseo u neng u ke ke ua li fihlela ka bo uena.

4 Kreste o U Matlafatsa hore U Fetohe

Jesu Kreste o entse hore tsoho ea bafu e be ´nete bakeng sa rona bohle, me o etsa hore bophelo ba bosafeleng bo fumanehe bakeng sa bao ba bakang, ba amohelang litsebeletso tsa bohlokoa, me ba etsa le ho boloka likano tse amanang le tsona. Kantle ho Kreste, re ne re ke ke ra fihlela seo Ntat´a rona ea Maholimong a se batlang haholo—hore rona re be jaoloka Eena le Mora oa hae, Jesu Kreste, ´me re phele le bona ka ho safeleng.

Setśoantśo
Jesu Kreste

U ka ba joaloka Jesu Kreste ha u ithuta ka Eena, o itśetleha le ho itśepela eena, ´me u latela mohlala oa hae. Sena se ka etsa hore u phele ka tumelo e ngata, tśepo, lerato, mamello, boikokobetso, bohloeki, le kutlo. Tsena ke limelo tsa Mopholosi.

Ha u leka ho latela Jesu Kreste, e tla ba tsepo ea hau le khanya ea hau tse tla u tataisa ho ba sohle seo a tsebang hore u ka ba sona. ´Me joaloka Paulosi, u tla tseba hore, “Nka etsa tsohle ka Kreste ea mphang matla.”

Lintlha

  1. President Russell M. Nelson, “Hear Him,” ´Mesa. 2020 seboka se akaretsang (Ensign kapa Liahona,, Motśeanong 2020, 89).

  2. Sheba Russell M. Nelson, “Re ka Etsa Ho Molemo ´Me Ra Ba Molemo,” ´Mesa 2019 seboka se akaretsang (Ensign kapa Liahona, Motśeanong 2019, 67).

Hatisa