2023
Na re Hloka ho PhethehaHona Joale?
Hlakola 2023


“Na re Hloka ho Phetheha Hona Joale?“ Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha, Hlakola 2023.

Molaetsa oa khoeli Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha Hlakola 2023

Na re Hloka ho PhethehaHona Joale?

Ho tsoa ho Puo ea seboka se akaretsang sa Mphalane 2017

Setśoantśo
Mohlankana o bala mangolo a halalelang

Lits´oants´o ka Emily E. Jones

Mangolo a halalelang a ngotsoe ho hlohonolofatsa le ho re khothatsa ´me kannete a etsa joalo. Empa na u kile ua hlokomela hore hangata temana e tla hlaha e re hopotsa hore rea fosa? Mohlala: “´Me joale phethehang, joalo ka ha Ntat´a lona…ea maholimong a phethehile” (Mattheu 5:48). Ka taelo eo, re batla ho khutlela betheng ´me re ipate lihlooho ka likobo. Sepheo se joalo sa celestiale se bonahala se le hole le phihlelo ea rona. Empa kannete Morena a ke ke a re fa taelo eo a tsebang hore re tla sitoa ho e boloka.

Setśoantśo
Moroetsana ka sekhele har´a pula

“E, tlong ho Kreste, ´me le phethehe ho Eena,” Moroni o oa kopa. “Rata Molimo ka matla oohle ea hau, le mohopolo, ebe… ka mohau oa hae le tle le phethehe ho Kreste” (Moroni 10:32; khatiso e kentsoe). Ts´epo ea rona feela bakeng sa phetheho ea ´nete ke ho e amohela e le mpho ho tsoa leholimong—re sitoa ho e “fumana”.

Setśoantśo
Moroetsana o hloa leralla le ntja

Ntle le bakeng sa Jesu, ha ho so be le liketsahalo tse se nang koli leetong lena leo re le pheeletseng , joale ha re sa le ´meleng o shoang ha re loaneleng ntlafalo e tsitsitseng ´me re leke ho qoba litebello tse phahameng ka rona le ka ba bang.

Setśoantśo
sekepe sefefong sa leoatle

Ha re phehella, mohlomong kae kae bosafeleng matlafalo ea rona e tla fela le ho fella—e leng tlhaloso ea Testamente e Ncha ea phetheho.

Hatisa