2023
Joale Kreste O Tsohile
Loetse 2023


“Joale Kreste O Tsohile,” Bakeng sa Matlafalo ea Bacha, Loetse 2023.

Molaetsa oa Khoeli, Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha Loetse 2023

Joale Kreste O Tsohile

Ithute seo Moapostola Paulosi a se rutileng ka Tsoho ea Jesu Kreste.

Setśoantśo
Jesu Kreste o tsohile bafung

Kreste ea Tsohileng Bafung, ka Wilson J. Ong

joale Kreste o tsohile bafung

Jesu Kreste o shoele sefapanong, a patoa lebitleng, ´me a tsoha bafung ka letsatsi la boraro.

thakangoaha ea ba robetseng

Ka Sekhirike lentsoe le sebelisitsoeng mona thakangoaha le bolela sejalo sa pele sa selemo. Ke sa pele sa ho kotuloa, sa pele ho tse ling tse tlang.

Poleloana ena ba robetseng e bolela “ba shoeleng.”

Jesu Kreste e bile oa pele oa ho tsoha bafung, ´me kamor´a Tsoho ea Hae, batho bohle ba tla tsoha bafung.

lefu le hlahile ka motho

Mona ho buuoa ka Adama. Ho oa hoa hae ho bolela hore batho bohle ba tla tla lefats´eng ba tla shoa. (Bona Moshe 4.)

ka Kreste bohle ba tla phelisoa.

Ka baka la ho tsoha bafung hoa Jesu Kreste, batho bohle ba tla tsoha bafung. Sena se bolela hore e mong le e mong ea kileng a phela kapa ea tla phela, o tla tsoha bafung. Meea ea rona e tla kopana hape le ´mele ea rona, ´me ´‘mele ea rona e tla be e phethehile ebile e sa shoe. (Bona Alma 11:43–45.)

Hatisa