Bakeng sa Matlafalo ea Bacha
Hantle ke eng seo re se ts′episang ha re kolobetsoa?
Phuptjane 2024


“Hantle ke eng seo re se ts′episang ha re kolobetsoa?,” Bakeng sa Matlafalo ea Bacha, Phuptjane 2024.

Molaetsa oa Khoeli, Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha Phuptjane 2024

Hantle ke eng seo re se ts′episang ha re kolobetsoa?

Setśoantśo
kolobetso

Kolobetso, ka Annie Henrie Nader

Mangolo a halalelang a re ruta hore ha re kolobetsoa, re etsa selekane (kapa re ts′episa) ho ikemisetsa ho inkela lebitso la Jesu Kreste, ho sebeletsa Molimo, le ho boloka melao ea Hae. (sheba Mosaia 18:10; Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 20:37, 77).

Re boetse re ithuta ka mangolong a halalelang hore kolobetso e re thusa ho phethahatsa takatso ea rona ea “ho kena lesakeng la Molimo, le ho bitsoa sechaba sa hae”(Mosaia 18:8). Ka mantsoe a mang, lebaka le leng leo re kolobetsoang ka lona ke hore re batla ho kena Kereke ea Jesu Kreste le ho thabela lerato le ho ba litho tse tlisoang ke ho kopana ho Kreste.

Boitlamo ba ho sebeletsa Morena le ho boloka melao ea Hae bo ka kenyeletsa lintho tse ngata bophelong ba rona. Mohlala, ho akarelletsa “ho ikemisetsa ho jarelana meroalo, … ho lla le ba llang; ee, le ho ts’elisa ba emeng ba na le tlhoko ea mats’eliso, le ho ema le le lipaki tsa Molimo ka linako tsohle le linthong tsohle” (Mosaia 18:8–9).

Hatisa