2018
Ha reea pele hammoho
´Mesa 2018


Molaetsa wa Bookameli ba Pele, Mmesa 2017

Ha reea pele hammoho

Baholoane le khaitseli tsaka tse ratehang, ke ka boikokobetso ho ba le lona hoseng hona. Matsatsi a mane a fetileng re bolokile senatla sa mona, moporofeta oa Molimo —Mookameli Thomas S. Monson. Ha hona mantsoe ao a ka etsang toka ho boholo le bokhabane ba bophelo ba hae. Ka bosafeleng ke tla hopola ka lerato setsoalle sa rona ka teboho ho seo a nthutileng sona. Ha joale re lokela ho shebela pele bokamosong ka tumelo e feletseng ho Morena Jesu Kreste, eo ena Kereke eleng ea hae.

Matsatsi a mabeli a fetileng, Barumuoa bohle ba phelang ba ile ba kopana phaposing e ka holimo Salt Lake Temple. Moo, ba ile ba etsa qeto nngoe, ntho ea pele, ho amohela Bookameli ba pele, bobeling, hore ke be ts’ebeletsong joalo ka Mookameli oa Kereke. Mantsoe a fokola ho ho hlalosa hore ke ne ke ikutloa joang ha baholoane —Baholaone bao ba ts’oereng litokelo tsohle tsa boruti ho tloha ka Moporofeta Joseph Smith ho nakong ena—ba beha matsoho a bona hlohong eaka ba mpeha ba nhlomamisa joalo ka Mookameli oa Kereke. E ne e le ketsahalo e halalelang e kokobetsang.

E ile ea eba boikarabelo baka ho lupa bao Morena a ba lokiselitseng hoba baeletsi baka. Ke ka khetha joang ba babeli fela Barumuoeng ba leshome le Metso e Mmeli ke ba rata bohle ha kana? Ke leboha Morena ha holo ka ho araba thapelo tsaka. Ke leboha haholo ha Mookameli Dallin Harris Oaks le Mookameli Henry Bennion Eyring ba ikemiselitse ho sebetsa le nna joalo ka mookameli oa pele le oa bobeli ka ho latelana. Mookameli Dieter F. Uchtdorf o khutletse boemong ba hae Balekhotleng ba Barumuoa ba Leshome le Metso e Mmeli. O se a fumane kabelo tsa mosebetsi tse kholo tseo a nang le botsibi bo lekaneng ho ka lietsa.

Ke ba rolela khaebana, ena le Mookameli Eyring ka mosebetsi o khabane oo ba o sebelitsne joalo ka baeletsi ho Mookameli Monson. Ba ne ba na le bokhoni bo phethahetseng, ba inehetse, mme ba sedimohile. Rea ba lebohela. Emong le emong o amohela ho sebetsa moo a hlokahalang haholo.

Joalo ka Morumuoa ea boemong ba bobeli ka seemo, Mookameli Oaks o eba Mookameli oa Balekhotla la Barumuoa ba Leshome le Metso e Mmeli hape. Empa, ho ea ka mosebetsi oa hae Bookameling ba pele, le ho ea ka moetlo oa Kereke, Mookameli M. Russell Ballard, eo eleng oa bobeli ho ea ka boholo, o tla sebetsa joalo ka Mookameli oa nakoana oa Balekhotla. Bookameli ba Pele bo tla sebetsa ha mmoho le BaLeshome le Metso e Mmedi ho dupa thato ea Morena le ho tsoetsa pele mosebets oa Hae o halalelang.

Re lebohela thapelo tsa lona. Di entsoe lefats’e lohle molemong oa rona. Hoseng ha ho hlokahala ha Mookameli Monson, enngoe ea lithapelo tsa mofuta ona e ile ea etsoa ke moshanyana oa lilemo linne ea bitsoang Benson. Ke qotsa hlaloso tse qaaileng lengolong le ngotsoeng ke mmae a le ngoletseng mohatsaka Wendy. Benson a rapela, “Ntate ea Maholomong, ke lebohela hore Mookameli Monson e ka khona a bone mohatsae hape. Ke lebohela moporofeta oa rona e mocha. Mothuse a be sebete, a se ts’abe hoba oa qala. Mothuse a hole, a be le bophelo le matla. Mothuse a be le matla hoba o na le matla a boruti. Le rona o re thuse pelo ntle.”

Ke leboha Molimo bake sa bana ba tjena le batsoali ba ikemiselitseng le ho inehela, botsoali— ba nnete, le motsoali emong le emong, le morutisi, le litho tse jarang maima mme ba sebetsa ka ho inehela. Ka mantsoe a mang, ho emng le emong oa lona, ke ea le leboha ka boikokobetso.

Morena o Sehlohlolong

Ha ntse re ea pele mmoho, Re le mema ho nahana ka mokhoa o hlomphehang o Morena a busang Kereke ea hae ka ona. Ha Mookameli oa Kereke a hlokahala, Ha hona sephiri hore ea tla latela ka ts’ebetso boemong boo ke mang Ha hona likhetho, ha hona boiketo, ha ese mosebetse o khutsitseng oa morero a taolo ea bomolimo ea tatelano, e beuoeng le Morena ka Boena.

Tsatsi ka leng la ts’ebeletsong ea Borumuoa ke tsatsi la ho ithuta le ho itukisetsa maikarabelo a mang bakeng sa nako e tlang. Ho nka mashome a lilemo ts’ebeletsong ea Morumuoa ho tloha tulong se senyenyane ho ea ho sa boholo phuthehong. Nakong eo o bokella tsebo ka ho qoloha mecheng ea mesebetsi ea Kereke. O ba le monyetla oa ho tseba batho ba bangata lefats’eng, le linalane tsa bona, meetlo le maleme a bona ha kabelo ea hae ea mosebetsi e moromela khafetsa ho pota lefats’e. Lenane lena la tatelano boetapeleng ba Kereke bo ikhethile. Ha ke tsebe le ts’oanang le lona. Sena ha se a lokela ho re makatsa, hoba sena ke Kereke ea Morena. Ha a sebetse ho ea ka mekhoa ea batho.

Ke sebeditse Lekhotleng la BaLeshome le Metso e Mmeli ka tlasa Baookameli ba bahlano ba fetileng ba Kereke. Ke bone Mookameli ka mong a fumana ts’enolo mme a arabela ts’enolo eno. Morena e sale ebile o tsoela pele ho ruta le ho susumetsa baporofeta ba Hae. Morena o sehlohlolong. Rona bao re hlomamiselitsoeng ho beha bopaki ba lebitso la Hae le halalelang ho pota lefats’e, re tla tsoela pele ho batla thato ea Hae le ho e latela.

Lulang Tseleng ea Selekane

Ho setho ka seng sa Kereke kere, ipolokeng tseleng ea selekane. Boitelo ba hau ho lateleng Mmoloki, le ho etsa selekane le Ena, mme le ho boloka selekane seo, ho tla bula monyako ho fumaneng hlohonolofatso e nngoe le e nngoe le menyetla e abetsoeng bana, basali le bana hohle lefats’eng.

Joalo ja Mookameli bo bocha, re batla ho qala re nahanne ka qetelo. Ke ka baka lena re buang le lona ho tsoa Tempeleng. Moo qetellong ea teng, emong le emong oa rona a lekang ka matla ho apesoa ka matla, ntlonf ea Morena, re tiiselelitsoe ka malapa, re re ts;epahalla lilekane tse entsoeng tempeleng; tse re lekants’ang mpho e kholohadi ea Molimo—, bophelo ba bosafeleng. Mesebetsi ea tempele le lilekane tseo o lietsang moo, li bohlokoa ho matlafatseng bophelo ba hau, lenyalo, lelapa, le bokhoni ba hau ho iphapanyetsa lihlaselo tsa sera. Borapeli ba hau tempeleng le tse’ebeletso ea balimo ba hau mono, e tla ho hlohonolofatsa ka ts’enolo e tobileng uena le khotso; mme e tla tiisa boitelo ba hau ho dula tseleng ea selekane.

Empa, ha o se o fapohile tseleng, naa nka ho mema ka kopo le ka ts’epo eohle ho re o khutlele morao. Ho sa natsoe li ngongoreho, kapo liphephetso tsa hau, sebaka seteng mona e leng Kereke ea Morena. Uena le meloko e sokang e tsoaloa, le tla hlohonolofatsoa ke liketso tsa hau hore ba khutlele tseleng ea selekane. Ntata rona ea maholimong o rata bana ba Hae, mme o batla ba khutlele hae ho Ena. Sena ke nhla-pehelo e kholo ea Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba mehla ea Bofelo— ho thus emong le emong oa rona ho khutlela hae.

Ke totobatsa lerato laka ho ho lona— lerato leo le hotseng mashomeng a lilemo ha ntse ke kopana le lona, re etsa borapeli le lona, mme re sebetsa le lona Taelo-thomo ea rona ke eea ho batho ba lichaba tsohle, merabe, le lipuo tsohle, ho thusa ho lokisetsa lefats’e ho tleng ha Hae ha bobeli. Sena re tla se etsa ka tumelo ho Morena Jesu Kreste, re tseba hore ke ena a taolong. Sena ke mosebetso oa Hae le Kereke ea Hae. Re bahlanka ba Hae.

Ke hoeletsa boinehelo baka ho Molimo Ntata rona oa Ho sa feleng, le ho Mora oa Hae Jesu Kreste. Ke ea ba tseba, ke ea Ba rata, mme ke inehela ts’ebeletsong ea Bona— le lona— ka moea oaka oa ho qetela oa bophelo baka. Ka lebitso le halalelang la jesu kreste, amen.

Hatisa