2018
Nanabetsa letsoho ka qenehelo
Phupu 2018


Setśoantśo
Ministering

Metheho ea Bosebeletsi, Phupu 2018

Nanabetsa letsoho ka qenehelo

Ha le ntse le latela mohlala oa Mopholosi oa qenehelo, le tla fumana hore le ka etsa phapang maphelong a ba bang.

Qenehelo ke ho ba boemong ba ho elelloa mats’oenyeho a ba bang hammoho le ho ba le takatso ea ho a imolla. Selekane sa ho latela Mopholosi ke selekane sa qenehelo ho “jarelana boima”Mosaia 18:8 Thomo ea ho hlokomela ba bang ke monyetla oa ho sebeletsa joalo ka ha Morena a ne a tla etsa: ka “qenehelo, ho etsa phapang” Juda 1:22 Morena o laetse a re, “Bonts’ang mohau le qenehelo e mong le emong ho ngoana’bo” Zakaria 7:9

Qenehelo ea Mopholosi

Qenehelo e ne e le eona matla a khannang bolisa ba Mopholosi ( bona lehlakoreng: Mopholosi ea tletseng qenehelo) Qenehelo ea hae ho bo mphato oa hae e bile sesosa sa ho nanabetsa letsoho ho bohle ba mo potapotileng ka makhetlo a sa baloeng. Ka ho lemoha litlhoko le litakatso tsa batho, O ne a ba hlohonolofatsa le ho ba ruta ka mekhoa e nang le boleng bo boholo ho bona. Takatso ea mopholosi ea ho re phahamisetsa ka holimo ho mats’oenyeho a rona e ile ea etella ho isa ketsong e kholo ka ho fetisa ea qenehelo: Tefello ea hae ea libe le mahlomola a batho.

Bokhoni ba hae ba ho arabela litlhoko tsa batho ke ntho eo re ka pheellang ho e fihlela ha ntse re sebeletsa. Ha re phela ka ho loka ‘me re mamela ts’usumetso ea Moea, re tla nyenyeletsoa ho nanabetsa letsoho ka mekhoa e molemo.

Selekane sa rona sa qenehelo

Ntate ea Maholimong o batla hore bana ba hae ba be le qenehelo (sheba 1 Ba- Korinthe12:25–27). Ho fetoha barutuoa ba ‘nete, re tlameha ho holisa le ho bonts’a qenehelo ho ba bang, haholoholo ho ba hlokang (D&C 52:40).

Ho inkela ho rona lebitso la Jesu Kreste ka selekane sa kolobetso, re pakahatsa hore re ikemiselitse ho sebelisa qenehelo. Mookameli Henry B. Eyring, Motlatsi oa Bobeli Bookameling ba pele, o rutile hore mpho ea Moea o Halalelang o re thusa ho etsa joalo: U setho sa selekane sa kereke ea Jesu Kreste. …

“Ke ka hona u nang le boikutlo ba ho batla ho thusa motho ea lekang ho tsoelapele tlasa moroalo oa masisa-pelo le boima. U ts’episitse hore u tla thusa Morena ho etsa hore boima ba bona bo bebofale ‘me ba khothale. U ile ua fuoa matla a ho thusa ho bebofatsa meroalo eo ha u ne u amohela mpho ea Moea o Halalelang.”1

Mohlala, ‘me’ e mong Russia o ne a na le boemo ba lelapa bo boima bo ileng ba mo thibela ho ba teng kerekeng nako ea ho feta selemo. ‘Me’e mong ka hara lekala a nanabetsa letsoho ka qenehelo Sontaha se seng le se seng ka ho mo letsetsa ho mo joetsa ka lipuo, lithuto, lipitso tsa boruti, bana ba hlahileng, le litaba tse ling tsa lekala. Ha boemo ba lelapa ba ‘me’ eo e sa leng a lula hae bo rarolleha, o ile a ikutloa joalo ka ha eka e ntse e le karolo ea lekala ka lebaka la mehala ea beke le beke ea motsoalle oa hae.

SA orthography

  1. Henry B. Eyring, “Mokhothatsi,” Liahona, Mmots’eanong 2015, 18.

Hatisa