2018
Ho Fumana Thuso Ho Thusa ba Bang
Mphalane 2018


Setśoantśo
ministering

Metheo ya ho nehelana ka tlhokomelo, Mphalane 2018

Ho fumana Thuso ya hore o Thuse Ba Bang

Re ka kenyeletsa ba bang jwang ha re hloka thuso tekong tsa rona ho hlokomela? Nka karolo dipuisanong tse ka hara tlhokomelo mmoho le kopanong eo ho yona ho bontshanwang e etsahalang ka Sontaha sa pele.

Ho shwa ha dikarolo tse mmalwa tsa mmele ho ile ha qobella Kathy setulong sa mabidi, mme a iphumana a hloka thuso bosiung bo bong le bo bong ho tloha setulong ho kena moalong. Mosebetsi o ne le moholo bakeng sa leleko lefeng kapa lefeng le le leng. Ka baka leo, baholo ba ile ba eletsana ka boemo ba hae mme ba nka qeto ho etsa moralo oo ka oona a ka thuswang bosiung bo bong le bong. 1

Ka ho tseba ditlhoko le matla a bao re ba sebeletsang, re ka imphumana re hloka thuso ho kgahlanyetsa ditlhoko tsa bona. Dipuisano tse ka hara tlhokomelo mmoho le kopano eo ho yona ho bontshanwang e etsahalang ka Sontaha sa pele, ke menyetla e mmedi eo ho yona ho ka boisanwang ka hore ke tsela efe e lokelang eo ho ka kenyeletswang ba bang.

Dipuisano tse ka hara Tlhlokomelo

Dikopano tsa ho tlaleha bosebeletsi tse etsahalang ha raro selemong, tse pakeng tsa dikgaitsedi tse sebeletsang mmoho le boetapele ba Mokgahlo wa Thekolohelo kapa pakeng tsa baholo ba sebeletsang mmoho le boetapele ba baholo, ke tsona feela tseo eleng tlaleho e hlahlilengeo re e etsang e ka ha bao re ba hlokomelang. Puisano ke monyetla o tlang bonnyane hararo selemong moo teng ho (1) bontshanwang ka matla, ditlhoko, mmoho le diphephetso tseo malapa le motho ka mong ba shebaneng le tsona; (2) ho nkwang qeto hore ke ditlhoko dife tseo kopano ya baena, Mokgahlo wa Thekolohelo kapa lekgotla la kereke ba ka thusang ka tsona; mme (3) ho ithutwe hotswa ho baetapele le ho kgothatsana ditekong tsa ho hlokomela.

Moetapele wa baena mmoho le moetapele Mokgahlo wa Thekolohelo ba buisana le mobishopo ka kotloloho ka ditlhoko tse ka sehlohong mme ba tla fumana thekoloho le taelo hotswa ho ena.

O ka fumana tlhaiso leseding e tletseng e mabapi le dipuisano tsa tlhokomelo ho tswa ministering.lds.org.

Ho Etsa Dipuisano tsa Tlhokomelo di be le Moelelo

Ha a ne a tshehetsa puo ya Mookamedi Russell M. Nelson eo ho yona a neng a re mosebetsi wa tlhokomelo ekaba ntlha moo morero wa Kereke o itshetlehileng teng, Moholo Gary E. Stevenson wa Kopano ya Baapostola ba Leshome le Metso e mmedi o ile a ruta are, “Ho finyella tjhebo ya hae…ho kanna ha be ho theilwe hodimo ha hore na baholo le dikgaitsedi tse sebeletsang di rutwa le ho kengelletswa jwang dipuisanong tsa tlhlokomelo.”2

Dintlha tse hlano tseo eleng keletso ho baholo le dikgaitsedi tse sebeletsang:

  • Eya kopanong ya ho tlaleha bosebeletsi o batla tataiso kapa ho bontshwa. Lokela ho ithuta.

  • ho buisana ka ditlhoko tseo o ka hlokang ho thuswa ho di kgahlanyetsa.

  • Tibisa tjhebo matleng le bokgoning ba motho ka mong, eseng feela ditlhokong.

  • Bontshanang ka ditlamorao tse bontshang hore mosebetsi wa hao wa tlhokomelo ke o atlehileng.

  • Ikopanye le boetapele nakong e pakeng tsa dipuisano tse bang teng hararo selemong ho bontshana jwalo ka ho hlokahala.

Dintlha tse hlano tsa keletso bakeng sa baetapele:

  • Dikopano tsa ho tlaleha bosebeletsi ha di hloke ho ba telele, empa behela ka thoko nako e lekaneng ho etela sebaka se dumellang puisano e nang le moelelo ho ka nka sebaka.

  • Nka monyetla ho hlokomela moholo kapa kgaitsedi e sebeletsang.

  • O seke wa botsa dipotso tse bontshang eka o mpa feela o bala diketelo kapa tshwaya lenaleng la dikamano (“Na o ile wa etsa tshebeletso ya tlhokomelo?”). Botsa dipotso tse kgothalletsang maitshwaro a labalabelewang (“Ke tshusumetso efe eo o ileng wa e utlwa ha ontse o rapella lelapa? Ke sefe se ileng sa etsahala ho nkeng ha hao mehato ka baka la ditshusumetso tseno?”)

  • Mamela ka hlooko mme o ngole fatshe.

  • Bontshanang. Bao eleng basebetsi-mmoho tlhokomelong ba lokekwa ke tshenolo bakeng sa bao ba ba fuweng ho ba hlokomela.

Dipotso le Dikarabo ka Dikopano tsa Puisano tse ka hara Tlhlokomelo

Ke eng Kopano ya Puisano e ka hara tlhokomelo?

Ke puisanong e pakeng tsa baholo ba sebeletsang le leloko la boetapele ba baholo kapa e pakeng tsa likgaitsedi tse sebeletsang le leloko la boetapele ba Mokgatlo wa Thekolohelo, e sebakeng se ba dumellang ho batla le ho amohela tshusumetso e tswang ho Moya o Halalelang. Ka baka leo, baholo le dikgaitsedi tse sebeletsang ba ka susumetswa ho lebela, ho rata, ho ruta, le ho kgothatsa ka tsela ya Mopholosi.

Na dikopano tsena tsa dipuisano di hloka ho tshwarwa ha motho a leng teng ka sebele?

Ka setlwaedi di ka tshwarwa ha motho a le teng ka sebele, empa di ka boela tsa etswa ka mohala kapa ka marangrang a haeba kopano moo motho a ka bang teng ka sebele ha e kgonahaleng. Ka tlwaelo, basebetsi mmoho ba ka nka karolo kopanong ya puisano ha ho tshwaneleha.

Morero wa kopano ya tlaleho ya bosebeletsi ke eng?

Dikopano tsa dipuisano tse ka hara tlhokomelo ke monyetla oo ho ona baholo le dikgaitsedi tse sebeletsang ba shebisisang seemo sa jwale, ho etswe meralo bakeng sa bokamoso, le ho tlisa thuso e hlokwang ho motho ka mong kapa malapeng ao ba a hlokomelang. Ke monyetla wa ho buisana ka hore ke dintho dife tseo Kopano ya Baena le mokgatlo wa Thekolohelo di ka fanang ka tsona.

Na re ama le ho sebetswa jwang ka taba tse hlokolosi kapa e hlokang ho tshwarwa jwalo ka lekunutuB

aholo le dikgaitsedi tse sebeletsang ba arolelana taba tsa lekunutu feela le moaetapela wa baholo kapa Mokgahlo wa Thekolohelo kapa ka kotloloho le mobishopo. Dintlha tse lekunutu kapa tse hlokolosi ha di a lokelwa ho arolelanwa ka tsona kopanong moo teng ho bontshwanwang tse nkang karolo Sontaheng sa pele.

Kopano eo yona ho Bontshanwang E Nkang sebaka ka Sontaha sa Pele

Hodimo ha kopano tsa puisano tse ka hara tlhokomelo, dikopano tseo ho tsona ho bontshanwang ho tsona Sontaheng sa Pele ke enngwe ya ditsela tseo ho ka kenyelletsang ba bang tlhokomelong. Kopanong tsa Mokgahlo wa Thekolohelo mmoho le kopanong ya baholo, tshusumetso e ka tla ka Moya ho bao ba leng teng le ka bao ba leng teng sehlopheng.

Morero wa kopano eo ho yona ho bontshanwang ke:

  • “Bontshana mmoho ka boikarabelo ba tsa selehae, menyetla mmoho le diphephetso;

  • “Ho ithuta hotswa meelelong le boiphihlelong ya ba bang; mmoho le

  • “Rala ditsela tseo o tla nkang bohato tshusumetsong e fumanweng hotswa Moyeng.”3

Kopano moo ho bontshanwang ho yona ha e feela ka dipuisano: dikopano tsena di re etella pele ho nkeng bohato motho ka mong kapa jwalo ka sehlopha re susumetswa ke Moya. Maloko a ka utlwa tabatabelo ya ho etsa mosebetsi wa Modimo ka baka la kopano tsena.

Memo ya ho Nka Bohato

“Thapelo ya rona kajeno,” ho rialo Moholo Jeffrey R. Holland wa Kopano ya Baapostola ba Leshome Le Metso e Mmedi, “ke hore monna emong le emong, mmoho le mosadi emong le emong, mme le bahlankana le barwetsana — ba ka teba boinehelong ba tlhokomelo emong ho emong , ba susumetswa ke lerato le phethahentseng la Kreste ho etsa sena.”4

Dingodilweng

  • BonaMormon Messagestshwantshisong “Lift.” lds.org/media-library.

  • Gary E. Stevenson, ka hara “Ministering Interviews”(tshwantshisong), ministering,lds.org.

  • Come, Follow Me — bakeng sa Boprista ba Melchizedek mmoho le Mokgahlo wa Thekolohelo ka hara Ensign kapaLiahona Nov. 2017, 140 mmoho e fumaneha ho comefollowme.lds.org.

  • Jeffrey R. Holland, “Be With and Strengthen Them,” Ensign kapa Liahona Mmesa 2018, 103.

Hatisa