2018
Tsebisa hore u oa tsotella
Metheo ea Bosebeletsi, Ts'itsoe 2018


Setśoantśo
ministering

Metheo ea Bosebeletsi, Ts’itoe 2018

Tsebisa hore u oa tsotella

Ho na le mekhoa e mengata haholo eo re ka bonts’ang hore rea tsotella, haholo ka nako ea keresemese. Re ka bua, ra etsa molaetsa oa mohala, ra ngola, ra arolelana, ra rapela, ra bina, ra aka, ra bapala, ra lema, kapa ra hloekisa. E leke feela.

Ho bonts’a lerato ho ba bang ho khubung ea ho sebeletsa. Mookameli ea akaretsang oa kopano ea bo ‘me’ Jean B. Bingham o itse: “ Bosebeletsi ba ‘nete bo fihleloa ka bo ngoe lerato e le lona lebaka. … Ha lerato e le lona lebaka, mehlolo e tla etsahala, ‘me re tla fumana litsela tsa ho khutlisetsa bana ba bo rona ba “lahlehileng” ka hare ho evangeli e kenyelletsang bohle ea Jesu Kreste.1

Ho lumella ba bang ho tseba hore rea ba natsa ke ts’ia ea bohlokoa ea ho aha likamano tsa sebele. Feela batho ka ho fapana ba fumana molaetsa ka litsela tse fapaneng. Joale ke ka mekhoa e feng e lokelang ea ho bonts’a lerato la rona ho ba bang ka litsela tse tla etsa hore ba le utloisise ‘me ba le ananele? Ke tsena tse ling tsa litsela tsa ho bonts’a hore rea tsotella, mmoho le mehopolo e ‘maloa ea ho qala boinahano ba lona.

Bua

Ka nako tse ling ha hona seo re ka se behang tulong ea ho cho hore na re ikutloa joang ka motho e mong. Le ha sena se ka bolela ho joetsa motho e mong hore u oa mo rata, se boetse se kenyeletsa ho arolelana seo u khahlang ka eena kapa ho fana ka thoriso e ikokobelitseng. Mokhoa oona oa tiiso o thusa ho matlafatsa likamano. Bona Baefese 3:19.

  • Fumana monyetla oa ho tsebisa motho e mong hore na u khahloa ha ka kang ke engoe ea likarolo tsa bokhoni ba hae

  • Fapohela, letsa, romela molaetsa oa marangrang, etsa molaetsa oa mohala, kapa karete e bolellang motho e mong hore u ntse u mo hopotse.

Etela

Ho nka nako ea ho bua le ho mamela e mong ke tsela e matla ea ho bonts’a na o mo rata ha kae. Hore na u etela lapeng, kerekeng, kapa n’galong e ngoe, ho na le batho ba bangta ba hlokang motho eo ba ka buang le eena. (Bona Mosaia 4:26; D&C 20:47.)

  • Rera ho etela ho latela litlhoko tsa motho e mong. Nka nako ea ho mamela ka hloko le ho utloisisa maemo a hae.

  • Moo ho ka bang thata ho etela malapeng ka lebaka la sebaka, litloaelo tsa setso, kapa maemo a mang, ela hloko ho fumana nako mmoho kamora likopano tsa kereke.

Sebeletsa ka sepheo

E ba seli ka seo motho e mong kapa lelapa le se hlokang. Ho fana ka ts’ebeletso ea boleng ho bonts’a hore u oa tsotella. Ho kopanya lineo tsa bohlokoa tsa nako le boikitlaetso bo nahanelang. “Liketso tse bonolo tsa ho thusana li na le litla morao tse tebileng ho ba bang” ho bolela ‘me’ Bingham.2

  • Fana ka thuso e matlafatsang batho ba bang le malapa a bona, joalo ka ho sala le bana e le hore batsoali ba khone ho ea Tempeleng.

  • Batla litsela tsa ho bebofatsa meroalo ha bophelo bo e ba boima, joalo ka ho hlatsoa li fesetere, ho tsamaea le ntja, kapa ho thusana ka lapeng.

Etsang lintho mmoho.

Ho na le batho ba sa aheng likamano ka mokhoa oa meqoqo e tebileng. Bakeng sa batho ba bang, likamano li etsoa ka ho fumana lithaasello tse ts’oanang le ho qeta nako mmoho le etsa lintho tseno. Morena o re khothalelitse hore “re be le, ‘me re matlafatse( D&C 20:53) bana ba bo rona.

  • Otlolla maoto, rera lipapali tsa mantsiboea, kapa etsa nako khafetsa ea ho ikoetlisa mmoho.

  • Thusanang mmoho morerong oa motse kapa oa kereke.

Fana ka mpho

Ka nako tse ling nako kapa menyetla ea ho ba mmoho e ea fokola. Meetlong e mengata, ho fana ka limpho ke lets’oao la tsotello le kutloelo. Le ka nako e ngoe, mpho e nyenyane e ka bont’sa thaasello ea hau ea ho aha likamano tse betere. (Bona Liprovebia 21:14.)

  • Ba isetse sejo se ba natefelang haholo

  • Ba arolele mantsoe a qotsuoeng, lengolo, kapa moloaetsa o mong oo u utloang hore o ka ba tsoela molemo

Mosebetsi oa Lerato

Ha o se u tseba bao u ba sebeletsang ‘me bao u ikopelang nyenyeletso molemong oa bona, u tla ithuta haholoanyane ka kotloloho ho bonts’a lerato le paballo ea hau ho motho ka bo ngoe.

Kimberly Seyboldt oa Oregon, USA, o bolela pale ea ho batla nyenyeletso le ho fana ka limpho ho bont’sa lerato:

“Ha ke iphumana bophelo bo mpeha fats’e, Kea tsoha ke etse bohobe ba zucchini, hangata li lofo tse ka bang robeli. Sesebelisoa sa ka se khethehileng ke thapelo e khutsitseng eo ke e etsang ha ke ntse ke baka ho tseba hore na ke mang ea hlokang li lofo tseo tsa bohobe. Ke se ke ile ka khona ho tseba ka mokhoa o fetang bahaisane ba mpotapotileng ha bohobe bo futhumetseng ba zucchini e bile bona memo eaka malapeng le maphelong a bona.

“Ka letsatsi le leng le futhumetseng la lehlabula, Ke ile ka emisa pela lelapa le neng le rekisa likhatiso tsa likhunoane tse nts’o ka thoko ho tsela. Ke ne ke sa hloke likhunoane tse ling, empa moshanyana e monyane e mosesane a neng a le tafoleng o ne a thabetse ho mpona, a nahana hore ke moreki oa hae a latelang. Ke ile ka reka likhunoane, empa hape ke ne ke na le mpho ea hae. Ke ile ka fa moshanyana li lofo tse peli tsa bohobe. O ile a sheba ho ntate oa hae ho fumana tumello, eaba o re, ‘Bona, Ntate, joale re na le sa ho ja kajeno.’ Ke ne ke tletse ka teboho bakeng sa monyetla oona oa ho bonts’a lerato ka tsela e bonolo.”

Moholo Jeffrey R. Holland oa lekhotla la baapostola ba leshome le metso e ‘meli o rapetse “hore monna le mosali e mong le e mong—le bahlankana le baroetsana ba rona ba baholoanyane—ba [tla] … ba le boikitlaetso bo tebileng ba ho baballa ho tsoang pelong bakeng sa e mong le e mong, ba susumetsoa feela ke lerato le hloekileng la Kreste ho etsa joalo.” … A re ke re sebetseng mmoho le Morena oa serapa sa morara, re fe Molimo le Ntate oa rona bohle letsoho le thusang ho mosebetsi oa Hae o moholohali oa ho arabela lipthapelo, re fana ka khothatso, re hlakola meokho, le ho tiisa mangole a ts’ekhemang.3

Jesu Kreste oa tsotella

Kamora hore Jesu Kreste a tsose Lasaro bafung, “Jesu a lla.

Eaba ba-Juda ba re, a ke le boneng na o na mo rata hakakang! Johanne11:35–36

“Ke na le khauhelo holima lona,” Kreste a bolela ho ba-Nefi. Eaba o bitsa ba bona ba kulang le ba mats’oenyehong, ba sitoang ho tsamaea le ba nang le bofofu ‘me “ o ile a ba folisa” (bona Nefi 17:7–9).

Mopholosi o re sietse mohlala ha a ne a hlokomela ba bang. O re rutile:

“ Rata Morena Molimo oa hau ka pelo eohle ea hau, le ka moea oohle oa hau, le ka kelello eohle ea hau.

Molao ona ke o moholo oa pele

“Me oa bobeli ke o ts’oanang le oona, Rata oa heno joalo ka ha o ithata” (Mattheu 22:37–39).

Ke mang ea hlokang paballo ea hau? U ka ba bonts’a joang hore u oa ba natsa

Lingoloa

  1. Jean B. Bingham, “Ministering as the Savior Does,” Liahona, Mots’eanong 2018, 106.

  2. Jean B. Bingham, “Ministering as the Savior Does,” 104.

  3. Jeffrey R. Holland, “Be With and Strengthen Them,” Liahona, Mots’eanong 2018, 103

Hatisa