2019
Ho Holisa Kutloelo-bohloko ea ho Sebeletsa
Hlakola 2019


Setśoantśo
ministering

Metheo ea Bosebeletsi, Hlakola 2019

Ho Holisa Kutloelo-bohloko ea ho Sebeletsa

Bosebeletsi ke ho phahamisa Re ka phahamisa ba bang ha re leka ho utloisisa seo ba se utloang ‘me ra bontsá hore re ikemiselitse to tsamaea har’a sona le bona.

Hobane Ntat’a rona ea Maholimong o batla re tsóane le Eena, liphephetso tseo re tobanang le tsona bophelong bona e ka ba menyetla ea boithuto ha re ka Mo tsépa ‘me ra tsitsa tseleng. Ka bomalimabe, ho tsitsa tseleng ho ka ba thata ka ho khetheha ha re ikutloa e ka re tobane le liphephetso tseo re le bang.

Empa re ne re sa hopoleloa ho tsamaea tsela ena re le bang. Mopholosi o ile a fihlela kutloelo-bohloko e phethahetseng, a theohela tlase ho ntho tsohle hore a tle a tsebe ho re thusa ka hare ho masoabi le mafokoli a rona (bona .Alma 7:11-12; Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 122:8). O lebeletse e mong le e mong oa rona ho latela mohlala oa Hae’me hape re bontsé kutloelo-bohloko. Setho se seng le se seng sa kereke se entse selekane ho “lla le ba llang; ee, ho tsélisa bao ba hlokang matséliso” (Mosaia 18:9). Ho feta ho ba le liphephetso tsa rona, re rutoa ho tsoa ka har’a mangolo a halalelang ho fetohela kantle ‘me re “phahamise matsoho a leketletseng fatsé, ‘me re [matlafatse] mangole a khoehlang” le ho “etsa litsela tse otlolohileng bakeng la maoto a lona, esere ao a hlotsang a lelekoa ka tseleng” (Baheberu 12:12-13; bonaEsaia 35:3-4; Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 81:5-6).

Ha re tsóara ba bang ka matsoho, re ba lumella ho itsétleha ka rona, ‘me re tsamaea le bona, re ba thusa ho tsitsa tseleng nako e lekaneng hore e seng fela Mopholosi a ba sokolle – e ‘ngoe ea merero ea mantlha ea bosebeletsi – empa hape ho ba folisa (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 112:13).

Kutloelo-bohloko ke eng?

Kutloelo-bohloko ke ho utloisisa maikutlo, menahano, le maemo a motho e mong ho tloha chebong ea bona e seng ea rona.1

Ho ba le kutloelo-bohloko ho bohlokoa ho matla a rona ho sebeletsa ba bang le ho phethahatsa morero oa rona re le basebeletsi. E re lumella ho kena lieteng tsa motho e mong.

Ho tsamaea lieteng tsa Motho e Mong

Pale e ea phethoa ea monna e mong ea lihlong oa Mohalaleli oa Mehla ea Kajeno ea neng a tloaetse ho lula litulong tse kamorao a le mong ka kerekeng. Ha e mong oa mokhatlo oa baholo a hlokahala ka tsóhanyetso, Mobishopo o ile a fana ka litlhohonolofatso tsa boprista ho tsélisa litho tsa lelapa la moholo eo. Bo ‘m’e ba Mokhatlo oa Thekolohelo ba ile ba tla le lijo. Metsoalle le bahaisane ba maikemisetso a matle ba ile ba etela lelapa leo ‘me ba re, “le re bolelle haeba ho ena le ntho efe kapa efe eo re ka e etsang ho thusa.”

Empa ha monna enoa ea lihlong a etetse lelapa leo ha morao tsatsing leo, o ile a letsa tsépe ea lemati ‘me ha mohlolohali a arabela, ka bonolo a re, “ke tlile ho tla hloekisa lieta tsa hao.” Ka lihora tse seng kae, lieta tsa bohle ba lelapa li ne li hloekisitsoe le ho bentsóa tokisetsong ea phupu. Sontaha se latelang lelapa la moholo ea timetseng le ile la lula pela monna ea lihlong litulong tse kamorao.

Ke enoa monna ea ileng a khona ho phetha tlhoko e neng e sa ka ea fihlelloa. ‘Moho bona le eena ba ne ba hlohonolofalitsoe ke bosebeletsi ba hae bo neng bo tataisitsoe ke kutloelo-bohloko.

Nka holisa kutloelo-bohloko joang?

Ba bang ba shebahala ba hlohonolofalitsoe ka mpho ea bokhoni ba ho utloela-bohloko. Empa ho bao ba sokolang, ho na le taba tse molemo. Ka holimo ho lilemo tse 30 tse felileng, palo e ntseng e hola ea babatli e ithutile ka kutloelo-bohloko. Ha boholo ba bona ba tlela taba ena ka katamelo tse fapaneng, boholo ba bona ba lumellana hore kutloelo-bohloko ke ntho eo e ka ithutoang.2

Re ka rapella mpho ea kutloelo-bohloko. Hore re ntlafale, ho a thusa hape ho ba le kutloisiso ka mokhoa o fetang hore kutloelo-bohloko e sebetsa joang. Likeletso tse latelang ka kakaretso li amohetsoe e le karolo tsa mantlha tsa kutloelo-bohloko.3 Ha hangata tsena li nka sebaka esita le rona re sa ikutloe hore li a etsahala, ho li elelloa ho re fa lehlohonolo ho bona menyetla ea ho ntlafala.

1.Utloisisa

Kutloelo-bohloko e hloka kutloisiso e itseng ea boemo ba e mong. Ha re utloisisa maemo a bona ka mokhoa o fetang, ho ba bobebe ho utloisisa kamoo ba ikutloang ka eona le hore na re ka etsa eng ho thusa.

Ho mamela ka hloko, ho botsa lipotso, le ho eletsana le bona le ba bang ke liketso tsa bohlokoa ho utloisisa boemo ba bona. Ithute haholo ka mehopolo ena lingoliloeng tse fetileng tsa Metheo ea Bosebeletsi:

  • “Lintho tse Hlano Tseo Bamameli ba Hloahloa ba li Etsang,” Liahona, Phuptjane 2018, 6.

  • “Eletsanang ka Litlhoko tsa Bona,” Liahona, Loetse 2018, 6.

  • “Kenyeletsa ba Bang ho Bosebeletsi – ha ho Hlokahala,” Liahona,Mphalane 2018, 6.

Ha re batlana le kutloisiso, re tlameha ho nka nako ho utloisisa boemo ba bona ka ho khetholoha hona le ho etsa qeto re ipapisitse le ketsahalo e tsóanang le ea e mong. Ka mokhoa o mong, re ka feta tebeletso ‘me ba sala ba ikutloa ba sa utloisisoa.

2.Lekanya

Matleng a rona ho boloka lilekane tsa rona ho lla le ba llang le ho tsélisa bao ba hlokang matséliso, re ka rapella hore Moea o Halalelang o re thuse ho utloisisa seo e mong a ka se utloang le hore re ka thusa joang.4

Hang ha re utloisisa maemo a e mong le e mong oa rona – hore na e etsahala ka mokhoa o utloahalang kapa che – re ka lekanya hore na re ka nahana kapa ho ikutloa joang boemong boo. Ho utloisisa menahano le maikutlo ao, le ka tataiso ea Moea o Halalelang, ho ka thusa ho tataisa karabo ea rona boemong ba bona.

Ha re fihlela ho utloisisa maemo a e mong ‘me re lekanya kamoo ba ka ikutloang, ho bohlokoa hore re se ba ahlole ka mokhoa o sa nepahalang (bona Mattheu 7:1). Ho ntsá liphoso tsa kamoo e mong a keneng boemong bo itseng ho ka re etella ho isa moo re sa totselleng bohloko boo boemo boo bo bo bakang.

3.Araba

Kamoo re arabang ho bohlokoa hobane ke kamoo kutloelo-bohloko ea rona e bonahalang. Ho na le litsela tse sa baloeng ho tsebisa kutloisiso ea rona bobeli ka ho bua le ho se bue. Ho bohlokoa ho hopola hore sepheo sa rona ha sea tsóanela hakaalo e be ho lokisa bothata. Hangata phello ke ho phahamisa ha bonolo le ho matlafatsa ka ho ba tsebisa hore ha ba bang. Hona ho ka hlalosa ho re, “Ke thabetse hore u mpolelletse” kapa “Ke masoabi haholo. Ho tlameha ho le bohloko.”

Ntlheng e ‘ngoe le e ‘ngoe karabo ea rona e tlameha e be ea sebele. ‘Me ha ho nepahetse, ho bontsá sebopeho sa botho ho lekana hore ba bang ba bone mefokolo le ho se itsépe ho ka bopa maikutlo a khokahanyo.

Memo ea ho Etsa

Ha o ela hloko maemo a bao o ba sebeletsang, lekanya o le boemong ba bona le hore ke eng eo u neng u ka e fumana e le molemo ha u ne u le lieteng tsa bona. Rapella ho utloisisa hore ba ikutloa joang ‘me u be le tatello. Karabo e hao e ka ba bonolo, empa e tla ba le botebo.

Lintlha

  1. Bona W. Ickes, Empathic Accuracy (1997); and M. L. Hoffman, Empathy and Moral Development: Implications for Caring and Justice (2000).

  2. Bona, e le mohlala, Emily Teding van Berkhout and John M. Malouff, “The Efficacy of Empathy Training: A Meta-Analysis of Randomized Controlled Trials,” Journal of Counseling Psychology (2016), 63(1), 32–41.

  3. Bona, e le mohlala, Brené Brown, I Thought It Was Just Me (But It Isn’t) (2008); Theresa Wiseman, “A Concept Analysis of Empathy,” Journal of Advanced Nursing (1996), 23, 1162–67; and Ed Neukrug and others, “Creative and Novel Approaches to Empathy: a Neo-Rogerian Perspective,” Journal of Mental Health Counseling, 35(1) (Jan. 2013), 29–42.

  4. Bona Henry B. Eyring, “The Comforter,” Liahona, May 2015, 17–21.

Hatisa