2019
Kamoo re ka Arolelanang Bopaki ka Mokhoa o Utloahalang ho Feta
Tlhakubele 2019


Setśoantśo
ministering

Metheo ea Bosebeletsi, Tlhakubele 2019

Kamoo re ka Arolelanang Bopaki ka Mokhoa o Utloahalang ho Feta

Bosebeletsi ke ho paka. Bobebe ba bosebeletsi bo ka eketsa menyetla ea rona ea ho arolelana bopaki ka litsela tse hlomphehang kapa tse iketlileng.

Re ile ra etsa selekane ho “ema re le lipaki tsa Molimo ka linako tsohle le linthong tsohle, le libakeng tsohle”.(Mosaia 18:9). Ho arolelana mapaki a rona ke karolo ea ho ema re le lipaki ‘me ke tsela e matla ea ho mema Moea o Halalelang ho ama pelo ea e mong ‘me ea fetola bophelo ba bona.

“Bopaki – bopaki ba ‘nete, bo tsoetsoeng ke Moea ‘me bo netefalitsoe ke Moea o Halalelang – bo fetola maphelo,” ho rialo Moetapele M. Russell Ballard, Moetapele ea Tsoéreng Molepo oa Mokhatlo oa ba Leshome le Metso e ‘Meli.1

Empa ho arolelana bopaki ba rona ho ka re tsósa kapa hoa se hlahise boiketlo ho ba bang ba rona. Seo e ka ba hobane re nahana ho arolelana bopaki e le ntho eo re e etsang kopanong tsa rona tsa boitimo le bopaki kapa ha re ruta thuto. Liketsahalong tseo tse hlomphehang hangata re sebelisa mantsoe le lipolelo tse khutsóanyane tse sa tloaelehang puisanong ea ka mokhoa oa tlhaho.

Ho arolelana mapaki a rona e ka ba hlohonolofatso ea khafetsa ho feta maphelong a rona le maphelong a ba bang ha re utloisisa kamoo ho ka bang bonolo ka teng ho arolelana seo re lumelang ho sona liketsahalong tsa letsatsi le letsatsi. Ena ke mehopolo e ‘maloa ho u thusa ho qala.

E Boloke e le Bonolo

Bopaki ha bo hloke ho qala ka polelo ena e khutsóanyane,”Ke tla rata ho bea bopaki ba ka,” ‘me ha bo hloke ho qetella ka, “ka lebitso la Jesu Kreste, amen.” Bopaki ke tlhaloso ea seo re lumelang ho sona ‘me re se tseba e le ‘nete. Ha ho le joalo ho qoqa le mohaisane tseleng ka bothata boo a nang le bona ‘me oa re,”Kea tseba hore Molimo o araba lithapelo,” e ka ba matla joaloka bopaki bo arolelanoeng ho tsoa sefaleng kerekeng. Matla ha a tsoe puong ea bokhabane; a tsoa ho Moea o Halalelang o netefatsang ‘nete (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 100:7 – 8).

Kenya Phallo ea Puisano ka Mokhoa oa Tlhaho

Haeba re ikemiselitse ho arolelana, Ho na le menyetla e re potapotileng ea ho kenya bopaki lipuisanong tsa kamehla. Mohlala:

  • E mong o u botsa ka mafelo a hao a beke. “A ne a le matle,” oa araba. “Kereke e ne e le seo ke se hlokang.”

  • E mong o bontsá kutloelo-bohloko kamora ho ithuta ka phephetso bophelong ba hao: “Ke masoabi.” U oa araba: “Kea leboha ka tsotello ea hao. Kea tseba hore Molimo o tla mpona ho tsoa mona. O bile teng bakeng la ka pele ho mona.”

  • E mong oa lemoha: “ke tsépa hore maemo ana a leholimo a tlo fetoha kapele,” kapa “Bese ruri e morao nakong,” kapa “A ku bone tsúbuhlellano ena ea makoloi.” U ka araba: “Ke lumela Molimo o tla thusa hore tsohle li sebetsehe hantle.”

Arolelana ka Boiphihlelo ba Hao

Re buisana khafetsa ka liphephetso tsa rona. Ha e mong a u bolella ka seo a tobaneng le sona, u ka arolelana ka nako eo Molimo a ileng a u thusa litekong tsa hao ‘me u pake hore oa tseba A ka mo thusa le eena. Morena o itse O re matlafatsa litekong tsa rona hore “le tle le eme le le lipaki tsa ka ho tloha mona, le hore le tle le tsebe e le kannete hore ‘Na, Morena Molimo, ke etela batho ba ka matsóenyehong a bona”(Mosaia 24:14). Re ka ema re le lipaki tsa Hae ha re paka ka kamoo a ileng a re thusa litekong tsa rona.

Itokisetse

Bakeng sa ba bang ba rona, ho arolelana bopaki motsotsong ‘ona oo ho ka re kenyetsa letsoalo. Ho na le litsela tseo re ka rerelang pele ‘me “ra be re itokisa kamehla ho fana ka karabo ho motho e mong le e mong a [re] botsang lebaka la tsépo e ka har’a [rona]” (1 Petrose 3:15).

La pele, ho itokisa ho ka hlalosa ho icheba kamoo re phelang ka teng. Na re mema Moea o Halalelang ka har’a maphelo a rona ‘me na re matlafatsa mapaki ao a rona letsatsi le letsatsi ka ho phela ka ho loka? Na re fa Moea menyetla ea ho bua ho rona ‘me o re fe mantsoe ao rea hlokang ho tsoa thapelong le boithutong ba mangolo a Halalelang? Joale ka ha Morena a elelitse Hyrum Smith, “Batla ho se bolele lentsoe la ka, empa batla pele ho rua lentsoe la ka, ‘me ke nakong eo leleme la hao le tlang ho raroloha” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 11:21).

La bobeli, ho itokisa ho ka hlalosa ho shebela pele ‘me oa ela hloko menyetla eo u ka bang le eona tsatsing leo kapa bekeng eo ho arolelana bopaki ba hao. O ka itokisetsa menyetla eo ka ho nahana ka kamoo e ka o fang monyetla oa ho arolelana seo o lumelang ho sona.

Tsepama ho Mopholosi le Lithuto tsa Hae tsa Tumelo.

Moetapele Ballard o rutile, “leha e le hore re ka ba le mapaki ka lintho tse ngata re le litho tsa kereke, ho na le li ‘nete tseo re li hlokang khafetsa ho rutana le ho arolelana. E le mehlala, o entse lenaneo: “Molimo ke Ntat’a rona ‘me Jesu ke Kreste. Morero oa pholoho o tsepame ho Topollo ea Mopholosi. Joseph Smith o tsosolositse evangeli e feletseng e sa feleng ea Jesu Kreste, ‘me Buka ea Mormone ke letsóao la hore bopaki ba rona ke ‘nete.” Ha re bolela li ‘nete tseo tse tsoang botebong ba pelo, re mema Moea ho bea bopaki hore seo re se buileng ke ‘nete. Moetapele Ballard o tiisa hore “Moea o ke ke oa thibeha ha bopaki bo hloekileng bo beoa.”2

Mohlala oa Mopholosi

A khathetse ho tsoa leetong la Samaria, Mopholosi o ile a emisa ho phomola pela seliba ‘me a kopana le mosali moo. O ile a qala puisano ka ho kha metsi ho tsoa selibeng. Ho sebelisa mosebetsi ona oa letsatsi le leng le le leng oo mosali eo a neng a o etsa ho ile ha fa Jesu monyetla oa ho paka ka metsi a phelang le ka bophelo ba bosafeleng bo fumanehang ho bohle ba lumelang ho Eena (bona Johanne 4:13 – 15, 25 – 26).

Bopaki bo Bonolo bo ka Fetola Maphelo

Moetapele Russell M. Nelson o ile a pheta ka mooki a ileng a botsa Ngaka Nelson oa ka nako eo potso kamora tsébetso e thata ea malimong. “Hobaneng o sa tsoáne le lingaka tse ling?” Ngaka tse ling tseo a neng a li tseba ba ne ba ka ba pelo li khutsoáne ‘me ba rohakane ha ba etsa tsébetso tsa khatello e phahameng.

Ngaka Nelson a ka be a arabile ka litsela life kapa life. Empa o ile a araba ha bonolo, “Hobane kea tseba hore Buka ea Mormone ke ‘nete.”

Karabo ea ha e ile ea susumetsa mooki le monna oa hae ho ithuta Buka ea Mormone. Moetapele Nelson o ile a kolobetsa mooki eo hamorao. Mashome a lilemo hamorao, ha a eteletse pele kopanong ea lekala le ikemetseng Tennessee, USA, joale ka Moapostola e mocha ea sa tsoa beoa boruti ka peo ea matsoho, Moetapele Nelson oile a natefeloa ke ho kopana hape le mooki éna eloa. O ile a hlalosa hore tsókoloho ea hae, e tlisitsoeng ke bopaki ba hae bo bonolo le susumetso ea Buka ea Mormone, e ile ea thusa ho etella tsókoloho ea batho ba bang ba 80.3

Memo ea ho Etsa

Se tsábe ho arolelana ka bopaki ba hao. Bo ka hlohonolofatsa bao o ba sebeletsang. O tla sebelisa likhopotso tsee joang kapa tsa hao ho arolelana bopaki ba hao kajeno?

Lintlha

  1. M. Russell Ballard, “Pure Testimony,” Liahona, Nov. 2004, 40.

  2. M. Russell Ballard, “Pure Testimony,” Liahona, Nov. 2004, 41.

  3. Ka ho Jason Swensen, “Be Ready to Explain Your Testimony Using the Book of Mormon, President Nelson Says,” Church News section of LDS.org, Feb. 6, 2018, news.lds.org.

Hatisa