2019
Ho etsa Bosebeletsi bo tletseng Nyakallo
‘Mesa 2019


Setśoantśo
ministering

Metheo ea Bosebeletsi, ‘Mesa 2019

Ho etsa Bosebeletsi bo tletseng Nyakallo

Ho sebeletsa ka lerato ho tlisa nyakallo ho ea fanang mmoho le ho ea amohelang.

Ka nako e ngoe ho batla nyakallo ha rona bophelong bona ho ka ts’oana le ho matha holima mochini oa boikoetliso oa ho matha. Rea matha re mathe ‘me re ‘ne re ikutloe e ka hoja ha hona moo re ileng. Ho ba bang, mohopolo oa ho fana ka bosebeletsi ho ba bang ho ka utloahala ha bonolo eka ke ho eketsa haholo tse tlamehang ho etsoa.

Empa Ntata’rona ea Maholimong O batla hore re fihlele nyakallo ‘me O re boleletse hore “ batho ba teng, hore ba be le hona ho fumana nyakallo”2 Nefi 2:25 ‘Me Mopholosi O rutile hore ho fana ka bosebeletsi ho ba bang ke karolo ea bohlokoa ea kamoo re tlisang nyakallo bophelong ba rona le maphelong a ba bang.

Nyakallo ke eng?

Nyakallo e hlalositsoe e le “ Boikutlo ba monyaka o moholo le boiketlo.”1 Ba-porofeta ba mehla ea kajeno ba fane ka tlhakisetso ea hore na nyakallo e tsoa kae le hore na e fumanoa joang. “Nyakallo eo re e utloang e amana hanyane feela le maemo a rona a bophelo empa e amana ka hohle le moo re tsepamiselitseng bophelo ba rona, “ ho boletse Moetapele Russel M. Nelson. “ …Nyakallo e tsoa ho le ka lebaka la[JesuKreste]. Ke eena mohloli oa nyakallo eohle.”2

Bosebeletsi bo Tlisa Nyakallo

Ha Lehi a ne a ja tholoana ea sefate sa bophelo, moea oa hae o ne o tletse “ ka nyakallo e kholo e fetisang”1 Nefi 8:12 Takatso ea hae ea pele e bile hore a arorelane tholoana ena le bao a ba ratang.

Boikemisetso ba rona ba ho fana ka bosebeletsi ho ba bang bo ka tlisa mofuta ona oa nyakallo ho rona le ho bona. Mopholosi O rutile barutuoa ba hae hore litholoana tseo re li tlisang ha re hokahane le Eena ho thusa ho re tlisetsa nyakallo e tletseng. (bona Johanne.15:1-11.) Ho etsa mosebetsi oa hae ka ho sebeletsa le ho batla ho tlisa ba bang ho eena e ka ba boiphihlelo bo tletseng nyakallo (bona, Luka 15:7; Alma 29:9; Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 18:16; 50:22) Re ka fihlela nyakallo ena le ha re tobane le khanyetso le mahlomola (bona 2 Bakorinthe 7:4; Bakolose 1:11).

Mopholosi O re bonts’itse mohlala o phethahetseng hore o mong oa mehloli ea nyakallo ea ‘nete bophelong bona ba lefat’se o fumanoa ka ho sebeletsa. Ha re fana ka bosebeletsi ho bana ba bo rona le likhaitseli joalo ka Mopholosi, ka phano le lerato lipelong tsa rona, re ka fihlela nyakallo e fetang boiketlo bo bonolo feela.

“ Ha re ananela [bosebeletsi] ka lipelo tse ikemiselitseng, re tla … ba haufi le ho ba batho ba Sione ‘me re tla utloa nyakallo e fetisang le bao re ba thusitseng tseleng ea borutuoa,” ho rutile ‘me’ Jean B. Bingham, Moetapele ea akaretsang oa mokhatlo oa bo ‘me’.3

Re ka etsa joang hore bosebeletsi bo be le nyakallo e tletseng haholoanyane?

Ho na le litsela tse ngata tse ka tlisang nyakallo e kholoanyane ka hare ho bosebeletsi ba rona. Mehopolo e ‘maloa ke ena:

  1. Utloisisa sepheo sa hau bosebeletsing. Ho na le mabaka a mangata a ho sebeletsa. Qetellong, matla a rona a tlameha ho ipapisa le merero ea Molimo “ho tlisa ho fetisa bophelo ba bosafeleng le bophelo bo sa feleng ba motho” (Moshe 1:39). Ha re amohela memo ea Moetapele Russell M. Nelson ho thusa ba bang tseleng ea selekane, re ka fumana nyakallo ka ho nka karolo mosebetsing oa Molimo 4 (Bakeng sa haholoanyane ka morero oa bosebeletsi, bona “Metheo ea Bosebeletsi: Morero o tla fetola Bosebeletsi ba rona,” ka hara’ Pherekhong 2018 Liahona )

  2. Etsa hore bosebeletsi e be ka batho e seng mesebetsi. Moetapele Thomas S. Monson o re hopolitse khafetsa hore: “Le ka mohla o se ke oa etsa hore bothata bo tlamehang ho lokisoa bo be bohlokoa ho feta motho ea tlamehang ho ratoa.”5 Bosebeletsi ke ho rata batho, e seng lintho tse tlamehang ho etsoa. Ha re ntse re hola leratong joalo ka ha Mopholosi a ne a rata, re tla ba monyetleng haholoanyane oa nyakallo e tlisoang ke ho sebeletsa ba bang.

  3. Etsa hore bosebeletsi bo nolofale Moetapele M. Russell Ballard, Moetapele ea ts’oereng Molepo oa Mokhatlo oa Ba-Apostola ba Leshome le Metso e ‘Meli, o re bolella hore: Lintho tse kholo li tlisoa ke ntho tse bonolo ‘me tse nyane … Liketso tsa rona tse bonolo tse nyane tsa mosa le bosebeletsi li tla bokellana ho etsa boinehelo bo tletseng ka ho rata Ntate ea Maholimong, boineelo ho mosebetsi oa Jesu Kreste, le boikutlo ba khotso le nyakallo nako eohle ha re nanabetsa letsoho e mong ho e mong”6

  4. Nts’a ho ts’oenyeha ka hare ho bosebeletsi Ha se boikarabello ba hau ho sebeletsa pholoho ea motho e mong. Ho pakeng tsa motho le Morena. Boikarabelo ba rona ke ho ba rata le ho ba thusa ho fetohela ho Jesu Kreste, eo e leng Mopholosi oa bona.

Se ke oa hlobola nyakallo ea ho sebeletsa.

Ka nako e ngoe batho ba lesisitheho la ho kopa thuso e hlokahalang, joale ho fana ka bosebeletsi e ka nna eaba eona ntho eo ba e hlokang. Empa le ho iqobella holima batho, ha se eona karabo, le ha ho le joalo. Ho kopa tumello pele le ho fana ka bosebeletsi ke mohopolo o nepahetseng.

Moholo Dieter F. Uchtdorf oa lekhotla la ba-Apostola ba leshome le metso e ‘meli o boletse ka ‘me’ ea se nang molekane ea ileng a ts’oaroa ke ‘mokoana—le bana ba hae ba kula. Ntlo e neng e se na le letheba ka tloaelo ea fetoha ho ba bohlasoa le lits’ila. Lijana le liphahlo tsa bokellana.

Ka nako eo a neng a ikutloa a sithabetse ka ho phethahala, bo ‘me’ ba mokhatlo oa thekolohelo ba kokota monyako oa hae. Ha ba ka ba re: “ Re tsebise haeba re ka thusa.” Ha ba bona boemo, ba qothomela ho kena ts’ebetsong.

“Ba ile ba hleka malubalube, ba tlisa khanya le bohloeki ka hare ho lehae, ‘me ba teela motsoalle mohala hore a tlise lijo le lisebelisoa tse neng li hlokahala haholo. Ha ba qetella ba qetile mosebetsi oa bona ‘me ba fonanisa, ba ile ba sia ‘me’ eo a sa leng mocha a le likhapha—likhapha tsa teboho le lerato7

Bafani le ea amohelang ka bobeli ba utloa mofuthu oa nyakallo.

Holisa nyakallo bophelong ba hau.

Ha re holisa haholoanyane nyakallo, khotso, le ho khotsofala maphelong a rona, re tla tseba ho arolelana le ba bang haholoanyane ha ntse re fana ka bosebeletsi. Nyakallo e tla ka Moea o Halalelang (bona Ba-Galata 5:22 le Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 11:13) Ke ntho eo re ka e rapellang (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 136:29) ‘me re e memele maphelong a rona. Mehopolo e fokolang ke ena bakeng s ho holisa nyakallo maphelong a rona.

  1. Bala lihlohonolofatso tsa hau. Ha u ntse u lekola bophelo ba hau, ngola ka bukeng ea hau ea lekunutu lintho tseo Molimo a u hlohonolofalitseng ka tsona 8 Elelloa botle bohle bo u patapotileng 9 Ela hloko tse ka nang eaba li u sitisa ho utloa nyakallo ‘me u ngole fats’e litsela tsa ho li rarolla kapa ho li utloisisa ka mokhoa o fetang. Ka nako ena ea Paseka, nka nako ho batla khokahano e kholoanyane le Mopholosi (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 101:36).

  2. Ithute ho ela hloko ka botlalo. Nyakallo ea ka u fumana ha bobebe linakong tsa boinahano bo khutsitseng 10 Mamela ka hloko se u tlisetsang nyakallo (bona 1 Likronike 16:15). Nako hole le mehloli ea litaba ka nako e ngoe ho ka hlokahala ho Ithutela ho ela hloko ka botlalo 11

  3. Qoba ho ipapisa. Ho se ho boletsoe hore ho ipapisa ke lesholu la nyakallo. Paulosi o hlokomelisitse hore ba“ itekanyang bona ka bo bona, le ho its’oants’a bona ka bona, ha ba bohlale” (2 Ba-Korinthe 10:12).

  4. Batla ts’enolelo ea hau ka sebele. Mopholosi O rutlile hore: “Hau ka kopa, U tla fumana ts’enolelo holima ts’enolelo, tsebo holima tsebo, hore u tle u tsebe liphilri le lintho tsa khotso—seo se tlisang nyakallo, se tlisang bophelo ba bosafeleng (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 42:61).

Memo ea ho nka khato

U ka eketsa joang nyakallo eo u e fumanang bophelong ba hau ka bosebeletsi?

Lintlha

  1. “Joy,” en.oxforddictionaries.com

  2. Russell M. Nelson, “Joy and Spiritual Survival,” Liahona, Pulungoana 2016, 82.

  3. Jean B. Bingham, “Ministering as the Savior Does,” Liahona, Mots’eanong 2018, 107.

  4. Bona Russell M. Nelson, “As We Go Forward Together,” Liahona, ‘Mesa 2018, 4–7.

  5. Thomas S. Monson, “Finding Joy in the Journey,” Liahona, Pulungoana 2008, 86.

  6. M. Russell Ballard, “Finding Joy through Loving Service,” Liahona, Mots’eanong 2011, 49.

  7. Bona Dieter F. Uchtdorf, “Living the Gospel Joyful,” Liahona, Pulungoana 2014, 120–123.

  8. Bona Henry B. Eyring, “O Remember, Remember,” Liahona, Pulungoana. 2007, 67.

  9. Bona Jean B. Bingham, “That Your Joy Might Be Full,” Liahona, Pulungoana. 2017, 87.

  10. Bona Dieter F. Uchtdorf, “Of Things That Matter Most,” Liahona, Pulungoana 2010, 21.

  11. Bona Gary E. Stevenson, “Spiritual Eclipse,” Liahona, Pulungoana 2017, 46.

Hatisa