2020
Bosebeletsi ka Nalane ea Lelapa
Hlakola 2020


Metheo ea Bosebeletsi, Hlakola 2020

Bosebeletsi ka Nalane ea Lelapa

Setśoantśo
ministering

Lipontʼso ka Joshua Dennis; setʼsoantʼso se ka morao le senepe ka Getty Images

Ho thusa e mong ka nalane ea lelapa ke tsela e matla ea ho sebeletsa. Ha u kopanya ba bang le baholo ba bona ka lipale tsa lelapa, u qetella o koetse sekheo seo ba neng ba sa hlokomele hore se teng lipelong tsa bona (bona Malakia 4:5-6).

Ho sa tsotellehe hore ke setho sa kereke sa bophelo bohle kapa motho ea so utloe ka evangeli ea tsosoloso ea Jesu Kreste, bana ba Molimo bohle ba chesehela ho tseba moo ba tsoang teng.

Hangata ha ho nke nako ho sia tʼsusumetso le mohopolo o matla, joalo ka ha ho bontʼsitsoe lipaleng tse latelang.

Ho fumana Lelapa mehato e 30,000

Haufinyane ka sefofaneng se khutlelang hae, ke iphumane haufi le Steve, ea ileng a arolelana le nna tse ling tsa likarolo tsa bophelo ba hae. O ile a qeta sekolo se phahameng, a kena bosoleng ba Linaha tse Kopaneng tsa Amerika ele setsebi sa tsa puo a le lilemo li 18, ʻme a sebetsa White House, a fana ka tʼsehetso ho tsa li puisano ho Moetapele oa Linaha tse Kopaneng.tsa Amerika. Hotloha lilemong tse 18 ho isa ho tse 26, o ile a sebeletsa Baetapele ba babeli ba Linaha tse Kopaneng. tsa Amerika. Lipale tsa hae li ne li le monate!

“Steve,” Ka re ho eena,“o tlamehile ho ngola lipale tsena fat´se bakeng sa litloholo tsa hau! Ba hloka ho ba le lipale tsena ho tsoa ho uena ka bo uena.” O ile a lumela.

Moea o ile oa ntʼsusumetsa ho mo botsa na o tseba eng ka baholo ba hae. Steve o ne a tseba haholo ka lehlakore la bo ʻme oa hae, ho kenyeletsa le pale ea ha lelapa la hae le kile la eja lijo tsa mantsiboea le Abraham Lincoln ha a le let´solong la likhetho tsa boetapele ka hara naha ka 1860 Linaheng tse Kopaneng. tsa Amerika.

Le ha hole joalo,o ne a tseba hanyenyane ka lelapa la habo ntate oa hae. Ruri o ne a rata ho tseba haholo. Ke ile ka bula mohala oaka oa letsoho ka bula App ea Batla ka Lelapa. “Steve, re ka fumana lelepa la hao hona joale!”

Ke ile ka hokela ka marang-rang a fumanehang ka sefofaneng. Ka beha mohala oaka oa letsoho tafolaneng ea ho jela ka pele ho ʻna hore re khone ho bona ha ʻmoho. Re ile ra batla Sefate sa Lelapa. Ka metsotsoana re ne re shebile lengolo la lenyalo la ntate moholo oa hae le nkhono oa hae.

“Kea bona!” a rialo. “Ke hopola fane ea hae joale!”

Thabo e kholo e ile ea re aparela. Re ile ra sebetsana le ho etsa lethathamo la bao a ba tsebang hanyane ka metsotso e 45. O ile a nkopa hore ke mo t´sepise hore retla tsoelapele ha re fihla Corolado. Re ile ra fana ka lintlha tsa ho buisana ha sefofane se ntse se itukisetsa ho lula.

Re ne re le sebaka sa mehato e 30,000 moeeng, ka sesebelisoa se senyenyane ka letsohong laka, re batla monna le mosali ba ileng ba nyalana ilemong tse 100 tse fetileng ba ileng ba lahlehela eena le lelapa la hae. Taba e makatsang ruri! Empa re ba fumane Malapa a ile a hokahanngoa. Lipale tsa hopoloa. Maikutlo a teboho a utloahala bakeng sa khokahano ea mahlale le lisebelisoa. E ne e le mohlolo.

Jonathan Petty, Colorado, Linaha tse kopaneng tsa Amerika.

Ho likalikoa ke lelapa le Lecha

Maria e ne ele setho se seng se khathetse sa kereke hofeta lilemo tse 20. Likhoeli tse ʻmaloa tse fetileng, re ile ra qeta lihora le ena lapeng la hae, re shebisana lelapa la hae ka hara palo ea sechaba le li poloko tse ling. Nako e nngoe ke ha a se a itʼsela ka likhapha are, “ke ithutile tse ngata ka lelapa laka ka lihora tse peli feela hofeta kamoo ke tsebileng bophelo bohle baka!”

Qetellong ea kopano ea rona, re ile ra mo tsebisa sesebelisoa sa Ba-amani le Nna e fumanoang ka hara sesebelisoa sa App ea Sefate sa Lelapa. Ho fumanehile hore nna le molekane oaka re ba bang ba lelapa la Maria. O ile a bokolla hape, a re o ne a hopola hore o mong. O ne a sa tsebe hore o na le ba habo haufi le sebaka seo a lulang ho sona. Ka mora libeke li se kae, Maria o ile a kopana le bishopo oa rona. Hajoale o ntse a itukisetsa ho ea tempeleng, ʻme, o se a kopane le ba bang ba ba bacha ba lelapa la hae kerekeng.

Carol Riner Everett, North Carolina, Linaha tse Kopaneng tsa Amerika.

Mokhoa oa Boselebetsi

Ashley, eo ke mo sebeletsang, nna le ena re na le libuka tsa mopheho hotsoa ho bo nkhono oa rona. Ea hae e tsoa ho nkhono oa hae setsoala ʻme oa ʻmae, ha eaka ele buka eo ke e kopantseng hake fumana mekhoa ea ho pheha ea Greenwood ka hara lebokose ka mora lefu la nkhono.

ʻNa le Ashley re ile ra khetha mokhoa oa ho pheha libukeng tsa rona, ra kopana ha ʻmoho ka mora lihora tsa tʼsebetso ra pheha. O ile a khetha lijo tse tsoekere eo re ileng ra qala ka eona ra e beha ka ontong. Ke ile ka khetha sopho e jelelloang ka litapole, ke sejo se tloaelehileng hohle ha hona le moketjana oa Greenwood. Morali oa Ashley Alice o ile a re thusa ho latsoa lijo. Kaha Ashley o ne a sa rate ha bana ba hae baka qeta lijo tse tsoekere, o ile a isa tse ling ho bo ‘m’e bao aba sebeletsang.

Ntho eo ke neng ke e rate ka mokhoa oa ho etsa oa rona bosiung boo ke hore ha re ntse re pheha re baka, re buile ka lihlooho tse ngata tsa bosebeletsi—liqholotso tsa rona ka bobeli. Empa re ile ra bua hape ka bo nkhono ba rona le bo ‘m’e ba rona, eleng taba e ileng ea ba bonolo ho rona.

Jenifer Greenwood, Utah, Linaha tse Kopaneng tsa Amerika

Litsela tse totobetseng tsa ho thusa

Nalane ea lelapa eka bula mamati bakeng sa menyetla ea bosebeletsi ha re se re lahlile tʼsepo. Mehopolo e ‘maloa e ka u thusang ho qala.ke ena

  • Ba thuse ho ngola fatʼse le ho etsa likhatiso tsa mantsoe tsa lipale tsa nalane ea lelapa, haholo tse t´soanang le linepe.

  • Etsa setʼsoantʼso kapa tokomane ea nalane ea lelapa eo u ka e fanang e le mpho.

  • Ba rute ho boloka nalane ea bona ka ho ngola litaba tsa bophelo ba bona ka tsela e ba natefelang. Sengoloa sa mantsoe? Sengoloa sa litsʼoantʼso? Likhatiso? Hona le mekhoa e mengata bakeng sa batho ba sa rateng lingoloa tse tloaelehileng.

  • E eang tempeleng ha mmoho ho etsa litʼsebeletso bakeng sa baholo-holo ba rona Kapa le khethe ho etsa litʼsebeletso bakeng sa mabitso a ba lelapa ha hona le mabitso a mangata.

  • E bang le kopano ho arolelana litloaelo tsa lelapa.

  • Nkang karolo boithutong ba nalane ea lelapa ha mmoho

Hatisa