2020
Ho Sebeletsa ka Boitjaro
Phato 2020


“Bosebeletsi ka Boitjaro,” Liahona, Phato 2020

Setśoantśo
bosebeletsi

Lithuto-Metheo ea Bosebeletsi, Phato 2020

Ho Sebeletsa ka Boitjaro

Ho ruta batho ba bang hore ba itjare ke ho fana le ho sebeletsa ka tsela ea Morena.

Litho tse ngata tsa malapa a rona, metsoalle, le bahaisane ba na le thahasello ea ho itjara haholoanyane. Ka ho sebelisa moralo oa kereke oa boitjaro, litho tsa Kereke li fumana menyetla ea ho sebeletsa, ho hlokomela, le ho ruta ha ba ntse ba hlohonolofatsa ba bang ka maano a tlisang “tśepo e kholoanyane, khotso, le khatelopele.”1

“Ke Ne ke Le Lapeng”

Ka Chrissy Kepler, Arizona, USA

Ke ne ke sokola ka chelete kamora ho hlalana le molekane oa ka, ke leka ho fumana tsela ea ho khutlela mosebetsing kamora hore ke be ´m´e oa lapeng ka lilemo tse robeli. Hape ke ne ke sokola moeeng, ke batla ’nete le tumelo, leha ke ne ke eso ka ke beha leoto kahare ho kereke ho tloha ke sa le mocha.

Ka Sontaha se seng ke ne ke hlatsoa liaparo tsaka lapeng la ausi oa ka e moholo ho ’na, Priscilla, eo e leng setho se sehlahlo sa Kereke. Ha ke ntse ke le moo, Priscilla a ´memela ho tla kerekeng ´moho le lelapa la hae—memo ea ka ea pele kamora lilemo tse fetang 15.

Ke ne ke le lesisitheho qalong, empa phirimaneng e etellang pele, ke ne ke ipilelitse ho Molimo ho mpontśa hore na ke Mo atamele joang. Kamora ho ba le qaka kahare ho ’na, ka fihlela qeto, “Hobaneng u sa ee ho ikutloela joalo ka motho e moholo ka pelo le mahlo a hau?”

Ha ke ntse ke le kopanong ea selallo , ke lemohile pampitśaneng e leboteng la litsebiso tsa Sontaha e phatlalatsang thupelo ea boitjaro ba motho ho tsa lichelete. Ke ne ke eso ikemisetse ho khutlela kerekeng, empa ka ikutloa ke hoheloa ke thupello ena ea libeke tse 12. Ka khothaletso e tsoang ho ausi oaka le molekane oa hae, ka e ngolisetsa, ke lebeletse ho tla ithuta feela ka kamoo nka etsang likhakanyo tsa lichelete le ho lefa likoloto. Leha ho le joalo, lithuto tsa mphetola moeeng.

Ke ne ke makalitsoe ke melaetsa ea semoea libekeng tse ´maloa tsa pele tsa thupelo, empa nakong ea thuto ea boraro, ke ne ke hlolletsoe ke boikutlo ba tiiso ea hore ke lapeng ka ho utloa linnete tse ncha empa tseo ke li tloaetseng. Ke ile ka tsoa ka sehlopheng ´me ka qhoba koloi ka leba ka kotloloho ho bona Priscilla. Ka likhapha, ka ´motsa, “Nka fumana boikutlo bo tjee bo eketsehileng joang bophelong ba ka?” O ile a hlophisetsa hore barumuoa lichabeng ba qale ho mpha thuto.

Litho tsa sehlopha sa heso sa boitjaro sa tla lithutong tsaka le barumuoa lichabeng, ´me ba ntśehetsa. Ba bile le tśusumetso e kholo moeeng oaka ´me ba nthusa ho ba le bopaki ba evangeli le baporofeta ba mehla ea kajeno.

Ka nako eo ke e nkileng ho phethela thuto ena, ke entse liphetoho tse ´maloa tsa lefatśe le tsa semoea. Ke qalile tśebetso eaka mosebetsing o motle,´me ka lefa likoloto tse ´maloa.

Empa litlhohonolofatso tse tebileng, tse monate ka ho fetisisa li kenyelletsa ho theha setsoalle se setle, ho theha likamano tse molemo le mobishopo ea nkhothatsang, ho fumana bopaki ba boshome, ho fumana tokomane ea tumello ea ho kena tempeleng, ho fumana ntlafatso moeeng, le ho bona bana baka ba babeli ba baholo ba kolobetsoa.

Tsela eaka e isang boitjarong e sa ntse e manoloha, empa bakeng sa leeto la ka le setseng, ke tla tlotla lithuto tseo ke ithutileng tsona le setsoalle seo ke se thehileng.

“Ke Tsoile Sehlopheng ka ’Ngoe ke Ikutloa ke Ratoa”

Ha a etetse Temple Square mane Salt Lake City, Utah, ´moho le mora oa hae ea lilemo tse 10, Vincent, ka Tśitoe 2016, Katie Funk o ne a inka “ka phutholoho e le motho ea hlokang tšekamelo bolumeling.” O tlohetse Kereke ha a le lilemo tse 16, ea ba ´m´e oa ngoana a sa nyaloa ha a le lilemo tse 17, a qala ho itaka li-tattoo, hape a qala ho rata kofi. Empa nakong ea ketelo eo ea Temple Square, Vincent a ikutloa a na le Moea o Halalelang, ´me a botsa ´m´e oa hae hore na a ka fumana lithuto tse fanoang ke barumuoa lichabeng.

A sa natse mesebetsi ea hae e ´meli le libeke tsa tśebetso tsa lihora tse 80, Katie o ithutile mangolo le Vincent, a batlisisa likarabo tsa lipotso tsa hae nakong eo barumuoa lichabeng ba ba etetseng. Ka lehlabula la 2017, a qala ho kenela likopano tsa Kereke, moo a ithutileng ka lithupelo tsa Kereke tsa boitjaro.

“Ke lemohile hore ho na le ntho e ka nthusang,” a rialo. “Mohlomong ke ne ke sa tlo hloka ho sebetsa mesebetsi e ´meli kapa ho itśetleha holima batsoali ba ka bophelo bohle ba ka.”

Katie o ne a re thupelo ea hae “e matlafatsa ka tsela e makatsang ho tsa lefatśe le tsa semoea,” e seng feela ka lebaka la seo a ithutileng sona empa hape ka lebaka la kamoo sehlopha sa habo sa boitjaro se mo rutileng ka teng.

Ntlha

  1. “Molaetsa o tsoa ho Boetapele ba Pele,” ka Lichelete tsa Hau bakeng sa Boitjaro (2016), i.

Hatisa